Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Khaolo ea 30: Mosebetsi oa Rona oa ho Thusa Malapa a Rona


Khaolo ea 30

Mosebetsi oa Rona oa ho Thusa Malapa a Rona

Setho ka seng se ka etsa hore lelapa e be le thabileng joang?

Setho ka Seng sa Lelapa Se Bohlokoa

Ho ba le lelapa le lerato le thabileng ke mosebetsi. Ntat’a rona ea Maholimong o file setho ka seng ka lapeng boikarabello. Setho ka seng se lokela ho thusa, ho thoholetsa, le ho ba mosa ho ba bang. Ha re rapela, re sebetsa, re bina, re bapala ha ’moho malapa a rona e ka ba a thabileng.

Ho ba le lerato ho litho tse ling tsa lelapa ho etsa hore ho be bonolo ho rona ho etsa lintho tseo Ntat’a rona ea Maholimong a batlang re li etse. Ha re rata malapa a rona, re batla ho etsa tsohle tseo re ka li etsang ho ba thusa. Le lintho tse ka bang boima, ho ba bonolo ho li etsa ha re li etsa ka lerato. Ho nka nako le mosebetsi ho ba setho sa lelapa se lokileng.

Puisano

  • Setho ka seng se ka thusa joang hore lelapa e be le thabileng?

  • Hobaneng setho ka seng sa lelapa se le bohlokoa?

Ntat’a rona ea Maholimong O Nehile Batsoali Boikarabello bo Ikhethang

Ntate le ’m’e ba lokela ho sebetsa ’moho ho hlokomela bana ba bona le ho fana ka lintho tseo ba li hlokang. Ba lokela hape ho ruta bana ba bona evangeli. Ba lokela ho ba ruta ho rapela le ho mamela litaelo tsa Ntat’a rona ea Maholimong.

Ntate le ’m’e ba lokela ho utloisisa hore ka nako e ’ngoe bana ba tla etsa likhetho tse fosahetseng le kamor’a hore ba rutoe se nepahetseng.

Ha bana ba etsa se seng se fosahetseng, batsoali ba lokela ho se emise ho ba thusa. Batsoali ba lokela ho tsoelapele ho rata le ho ruta bana ba bona. Ba lokela hape ho ba mehlala e lokileng ho bona le ho itima le ho ba rapella.

Batsoali ba lokela ho fana ka lintho tse itseng ho malapa a bona:

  1. Ba lokela ho rata bana ba bona le ho ba ruta ho rata ba bang.

  2. Ba lokela ho ruta bana ba bona evangeli.

  3. Ba lokela ho ruta ba malapa hore na ba rapele joang.

  4. Ba lokela ho ruta bana ba bona ho patala boshome le kabelo ka ho patala boshome le kabelo tsa bona.

  5. Ba lokela ho ruta bana hore na ba sebetse joang.

  6. Ba lokela ho etsa malapa a hloekileng, liaparo le lijo.

  7. Ba lokela ho etsa bonnete ba hore bana ba bona ba ithuta ho bala, ho ngola, le ho etsa lipalo ka ho ba isa sekolong kapa ba ba rutele hae.

  8. Ba lokela ho etsa seo ba se khonang hore bana ba bona ba ka ithuta mosebetsi le hore ba itlhophele ho fumana chelete e lekaneng bakeng sa lintho tseo ba li hlokang.

  9. Ba lokela ho bonts’a bana ba bona hore na ba sebelise chelete ka bohlale joang le ho bolokela litlhoko tsa nako e tlang.

  10. Ba lokela ho thusa bana ba bona ho ntlafatsa litsebo le bokhoni ba bona. Tsena e ka ba lintho tse kang bokhoni ba ho ruta, ho bapala ’mino, ho bina, ho lokisa lintho, kapa ho ba le kutloisiso le ba bang.

Batsoali ba lokela ho ikemisetsa ho sebetsa ka thata ho thusa bana ba bona. Ntat’a rona ea Maholimong o boletse hore batsoali ba netefatse hore bana ba bona ba ts’oarana hantle le hore ba be le lijo le liaparo.

Batsoali ba lokela ho rera esale pele ho etsa hore ba tle ba tsebe ho fana ka lintho tsena le ha ba ka kula, ba lahleheloa ke mosebetsi, kapa ho ba le mathata a mang. Ba ka etsa sena ka ho boloka chelete le lijo, liaparo, le mafura libakeng tseo sena se lumeletsoeng.

Puisano

  • Keng seo batsoali ba ka se etsang ho fana ka litlhoko tsa malapa a bona?

  • Keng seo batsoali ba ka se etsang ho itlhophela linako tseo ba ka bang le mathata?

Setśoantśo
lelapa le pheha ’moho

Ntate o Na le Boikarabello bo Ikhethang

Ntate ke moetapele oa boporista oa lelapa. Ntate o lokela ho etella pele lelapa ka lerato le mosa. O lokela ho bonts’a lelapa la hae hore na litaelo tsa Ntat’a rona ea Maholimong li pheloa joang ka ho li phela le eena. O lokela hape ho ruta ba lelapa evangeli. O lokela ho bitsa lelapa ho rapela ’moho hoseng le bosiu. Mosali oa hae o lokela ho mo thusa ho etsa lintho tsena.

Ntate o lokela ho sebelisa matla a boporista ho hlohonolofatsa litho tsa lelapa la hae. O fana ka tlhohonolofatso le lebitso ho bana ba hae. A ka ba kolobetsa ha ba le lilemo li robeli. A ka beha mora oa hae matsoho ho mo beha boporista le ho neha bana ba hae tlhohonolofatso e ikhethang ha ba e hloka. A ka ba hlohonolofatsa ha ba kula.

Ntate o lokela ho qeta nako le e mong le e mong oa bana ba hae ka bo mong. O lokela ho bua le bona a ithute ho utloisisa litlhoko le lingongoreho tsa bona. O lokela ho ba khothatsa le ho ba bolella hore o ea ba rata. O lokela ho ba bolella hore ba ka tla ho eena kamehla ha ba hloka thuso ka bothata bofe kapa bofe boo ba ka bang le bona.

Puisano

  • Boikarabello ba ntate ke bo feng?

  • Ntate o lokela ho sebelisa matla a boporista joang ho thusa lelapa la hae?

’M’e o Na le Boikarabello bo Ikhethang

Mosebetsi oa ’M’e o ikhethang ke ho beleha bana, ho ba hlokomela le ho ba ruta. Ho fana ka ’mele oa nama le masapo ho bana ba moea ba Ntat’a rona ea Maholimong ke mosebetsi o halalelang. Ha ’m’e a etsa sena, ke molekane le Ntat’a rona ea Maholimong. Ho tsoala bana ke e ’ngoe ea litlhohonolofatso tse kholohali.

’M’e o lokela ho rata. O lokela hape ho ruta ngoana ka mong evangeli. O lokela ho thusa le ho sebetsa le ngoana ka mong. ’M’e o lokela ho etsa hore ngoana ka mong a ikutloe a le bohlokoa ’me a ba thuse ho utloisisa lintho tse ba potileng. O lokela ho sebetsa joaloka molekane le monna oa hae ho etsa lintho tsena.

Buka ea Mormone e bolela ka sehlopha sa bahlankana ba neng ba mamela lithuto tsa bo ’ma bona. Bo mme ba bahlankana bana ba ile ba ba ruta ho ts’epahala, ho ba sebete, le ho loka. Bo mme ba bona ba ile ba ba ruta hore Ntat’a rona ea Maholimong o tla ba boloka ha ba na le tumelo ho Jesu. Bahlankana bana ba ile ba lokela ho ba masole ho sireletsa lefats’e la bona. Kaha bahlankana bana ba ne ba phela lithuto tsa bo ’ma bona ba bile ba na le tumelo, ba ile ba ba le sebetse sa ho etsa mosebetsi oa bona kahar’a kotsi e kholo. ’M’e ka mong o na le ts’usumetso e kholo maphelong a bana ba hae.

Puisano

  • Boikarabello ba ’m’e ke bo feng?

  • Hobaneng ha bo-mme bo bitsoa molekane le Ntat’a rona ea Maholimong?

Ha Motsoali a le Mong

Ka nako tse ling ntate kapa ’m’e o sala a le mong ho holisa lelapa le ho etsa mosebetsi oa ntate le ’m’e. Ntat’a rona ea Maholimong o ea tseba hore ho boima ho etsa sena. Ha motho ea joalo, eo re mo bitsang motsoali ea mong, a kopa Ntat’a rona ea Maholimong, Ntat’a rona ea Maholimong o tla thusa motho eo ho hlokomela lelapa.

Motsoali ea mong a ka ba le thuso ea basebeletsi ba batona* le basebeletsi ba bats’ehali* (litho tsa Kereke tse khethetsoeng ho hlokomela litho tse ling tsa Kereke).

Puisano

  • Ke mang ea ka thusang batsoali ba bang?

Bana ba Na le Boikarabello bo Ikhethang

Bana ba lokela ho thusa batsoali ho etsa hore lelapa e be sebaka se thabileng. Bana ba lokela ho thusa batsoali ho hloekisa ntlo le libaka tse e potileng. Ba ka thusa ho lokisa lijo bakeng sa lelapa, ba hlatsoe lijana, le liaparo. Ba ka thusa hape ka ho hlokomela baena ba bona.

Bana ba lokela ho leka ka matla ho ithuta lintho tseo batsoali ba ba rutang tsona. Ba lokela ho ithuta ho sebetsa ka thata le ho etsa mesebetsi hantle. Ba lokela ho ithuta ho etsa mesebetsi eo ba e fuoang.

Bana ba lokela ho mamela litaelo tsa Jesu. Ba lokela ho thusa litho tse ling tsa lelapa. Ntat’a rona ea Maholimong ha a thabe ha bana ba ngangisana. Ntat’a rona ea Maholimong o beleletse bana ho mamela le ho bonts’a hlompho ho batsoali ba bona.

Bana ba lokela ho rata batsoali ba bona. Ba lokela ho ba mamela le ho ba hlompha. Bana ba lokela hape ho ba hlokomela ha ba kula kapa ha ba holile ba sa khone ho itlhokomela.

Puisano

  • Ntat’a rona ea Maholimong o lebeletse hore bana ba etse eng?

  • Ke eng seo bana ba lokelang ho se etsa ha batsoali ba bona ba se ba holile?

  • Bana ba lokela ho etsa eng ho mamela le ho bonts’a hlompho ho batsoali ba bona?

Tlhokeho ea Ho Matlafatsa Lelapa

Lefats’eng kajeno, batho ba babe ba bangata ba leka ho fetola mehopolo ka lelapa. Seea-le-moea-pono, lifilimi le limakasine li bonts’a mehopolo e sa tloaelehangle e fosahetseng ka banna le basali le ka moo ba its’oarang ho ba bang. Mehopolo ea bokhopo e rutoa mananeong a etselitsoeng ho bonahala e ka ke metlae le ho thabisa. Bohlola bo bonts’oa joaloka ntho e thabisang e khalisang. Bana ba hlahisoa ba se na hlompho ho batsoali ba bona. Malapa a lokileng a ea ts’ehoa. Ka nako e ’ngoe bana ba rona ba qetella ba sa bone lifiliming kapa seea-le-moea-ponong hore na bophelo ba lehae le lokileng hantle ke bo joang.

Batsoali ba lokela ho leka ho sireletsa bana ba bona hore ba seke ba bona lifilimi le mananeo a seea-le-moea-pono tsa mofuta oona. Ba lokela ho ruta bana ba bona hore na hobaneng ba sa lokela ho sheba mananeo a mabe kapa lifilimi. Ka ho fetisisa, batsoali ba lokela ho ba mehlala e metle malapeng a bona. Bana ha ba bona mohlala o motle letsatsi le letsatsi malapeng a bo bona, e tla ba bana ba lokileng, ’me hamorao, e tla ba batsoali ba lokileng. Ha ba bona batsoali ba bona ba bonts’ana lerato, ba tla batla ho ba batsoali ba joalo.

Puisano

  • Hobaneng re lokela ho khetha ka hloko lintho tseo bana ba rona ba lumeletsoeng ho li bona seea-le-moea-ponong kapa lifiliming?

Ntat’a rona ea Maholimong O batla Re Thusane

Setho ka seng sa lelapa se lokela ho rata le ho thusa ba bang. Re ithuta ho thusa ba bang ka ho thusa batsoali le baena ba rona pele. Re lokela ho thusa ba maloko a rona ha ba hloka thuso. Ha rea lokela ho kopa ba bang thuso ha feela re khona ho iketsetsa. Ha re etsa se na, Ntat’a rona ea Maholimong ha a thabe ke rona.

Jesu o ne a rata bohle, ’me O tlile lefats’eng ho re thusa. O re rutile ho rata le ho thusa bohle. Ha re rata ba bang joaloka ha Jesu a entse, re tla etsa tsohle ho thusa.

Ba bang ba rona re kopa Ntat’a rona ea Maholimong ho thusa ba hlokang thuso, ebe ha ho na seo re se etsang ho ba thusa. Se na ha sea loka. Re tlameha ho hopola hore Ntat’a rona ea Maholimong o thusa ba bang ka rona. Re lokela ho rapella ba hlokang thuso e be re ba thusa ka moo ke ka ba thusang.

Bohle re hloka thuso ea batho ba bang. Ha rele bana, batsoali ba rona ba ea re fepa, ba re apese, ba be ba re hlokomele. Ha re hola, batho ba bang ba re ruta lintho tseo re hlokang ho li tseba le ho li etsa. Bongata ba rona re hloka thuso ea ba bang ha re kula.

Ha re thusa batho ba bang, re amohela litlhohonolofatso. Bokhoni ba rona ba ho rata bo ea eketseha, boithati ba rona bo ea theoha, ’me mathata a rona a bonahale a se maholo hakaalo. Ntat’a rona ea Maholimong o boletse hore ba batlang ho phela le Eena ba tlameha ho rata le ho thusa bana ba Hae.

Puisano

  • Hobaneng Ntat’a rona ea Maholimong a batla le ho hloka hore re thusane?

  • Ke mang ea unang molemo ke thuso ea rona?

Hatisa