Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Khaolo ea 19: Kereke ea Jesu Kreste Kajeno


Khaolo ea 19

Kereke ea Jesu Kreste Kajeno

Ke hokae moo re ka fumanang evangeli ea ’nete ea Jesu Kreste kajeno?

Ka Lilemo Tse Ngata Kereke Ea Jesu Kreste E Ne E Le Sieo Lefats’eng

Jesu o iIe a hlophisa Kereke ea hae ha a le lefats’eng. Kereke ea Jesu Kreste e ile ea ba teng lefats’eng nakoana le kamor’a hore a khutlele leholimong. Ha batho ba emisa ho ruta le ho lumela lithuto tsa ’nete tsa Hae, Jesu o ile a tlosa boporista le Kereke ea Hae lefats’eng.

Batho ba qetile lilemo tse ngata ho se na evangeli ea ’nete le Kereke ea Jesu Kreste. Batho ba ile ba theha likereke tse ngata ba ipapisitse le mehopolo e mengata le lithuto tse kahar’a Bibele. Empa likereke tsena li ne li se na boporista ba Ntat’a rona ea Maholimong. Ba ne ba se na lithuto tsohle tsa Jesu. Ba ne ba se na ts’enolo e hlahang ho Jesu. Ba ne ba se na limpho tsohle tsa moea.

Batho ba ile ba qala ho batla ho tseba ’nete ka Ntat’a rona ea Maholimong. Ba ile ba qala ho batlana le ’nete ka Ntat’a rona ea Maholimong le lithuto tsa Hae. Ba bang ba ile ba hlokomela hore evangeli ea ’nete le Kereke ea Jesu Kreste ha li sa le eo lefats’eng. Ntat’a rona ea Maholimong o ile a tseba hore nako e lokela ho fihla ea ho tsosolosa evangeli ea ’nete le Kereke ea Jesu Kreste lefats’eng.

Puisano

  • Hobaneng Jesu a ile a tlosa boporista lefats’eng?

  • Hobaneng likereke tseo batho ba li thehileng e se tsa Kereke ea Jesu Kreste?

Setśoantśo
First Vision [Pono ea Pele], ka Walter Rane

Ntat’a rona ea Maholimong le Jesu ba ile ba etela Joseph Smith.

Ntat’a rona ea Maholimong O ile A Boloka Ts’episo Ea Hae Ea Ho Khutlisa Kereke Ea ’Nete

Ntat’a rona ea Maholimong o rata bana bohle ba Hae. O batla ba tsebe seo ba lokelang ho se etsa hore ba tle ba phele le Eena kamor’a ho shoa le ho tsoha bafung. Pele a tlosa Kereke ea ’nete ea Jesu Kreste lefats’eng, Jesu o ile a bolella baporofeta le Ba-Apostola hore sena se tla etsahala. O ts’episitse hape hore O tla tsosolosa Kereke ea Hae lefats’eng. O ne atla etsa sena ha hona le batho ba lokileng ho amohela evangeli ea ’nete.

Jesu O ile A Tsosolosa Kereke Ea Hae Lefats’eng

Jesu o ile a tsosolosa Kereke ea Hae lefats’eng ka tokelo le litlhohonolofatso tse ts’oanang le tsa Kereke eo a e hlophisitseng ha a le lefats’eng. E mong le e mong ea lakatsang ho mamela litaelo tsa Hae e ka ba setho sa Kereke ea Hae.

Ntat’a Rona Ea Maholimong O ile A Khetha Joseph Smith Ho Tsosolosa Kereke

Ka selemo sa 1820, Jesu o ile a qala ho tsosolosa evangeli ea ’nete le Kereke lefats’eng. Mohlankana ea neng a bitsoa Joseph Smith o ile a batla ho tseba na ke kereke e fe eo e leng Kereke ea Jesu Kreste. O ile a bala ka har’a Bibele hore motho ha a batla ho tseba se seng a botse Ntat’a rona ea Maholimong. O ile a etsa qeto ea ho botsa Ntat’a rona ea Maholimong na a ee ho e fe kereke. O ile a ea morung haufi le habo ’me a botsa Ntat’a rona ea Maholimong na a ee ho e fe kereke. Ntat’a rona ea Maholimong le Jesu ba ile ba itlhahisa ho Joseph Smith. Ntat’a rona ea Maholimong o ile a bolella Joseph ho mamela Jesu. Jesu o ile a mo bolella hore a se ee ho e fe kapa e fe kereke. O boletse hore Kereke ea ’nete ha e eo lefats’eng.

Ts’enolo e joalo ho hlaha ho Ntat’a rona ea Maholimong e ne e eso be teng hobane evangeli ea ’nete le Kereke ea Jesu Kreste li ne li tlositsoe lefats’eng. Ho tloha ha ts’enolo eo e hlahile, ho ile hoa eba le tse ling tse ngata. Ntat’a rona ea Maholimong o ile a khetha Joseph Smith ho ema bakeng sa Hae lefats’eng. Jesu o ile a tsosolosa evangeli ea ’nete le Kereke ea Jesu Kreste ka Joseph Smith.

Puisano

  • Hobaneng ha Moporofeta Joseph Smith a ile a ba le pono?

Boporista Bo Ile Ba Tsosolosoa

Boporista bo ile ba tsosolosoa lefats’eng ka 1829. Johanne Mokolobetsi o ile a tla lefats’eng ’me a neha Joseph Smith boporista ka ho beha matsoho hloohong ea Joseph. Tokelo ena ea boporista e bitsoa Boporista ba Arone. Johanne Mokolobetsi, ea tsosololitseng tokelo ea boporista bona, ke eena motho ea ileng a kolobetsa Jesu. Petrose, Jakobo, le Johanne, ba bararo ba Ba-Apostola ba pele, ba ile ba tla ho neha Joseph matla a boporista a mang. Tokelo ena ea boporista e bitsoa Boporista ba Melkisedeke.

Baporofeta ba bang, ba kenyeletsang Moshe le Elia, le bona ba ile ba neha Joseph Smith tokelo ea ho etsa mesebetsi e meng e halalelang. Tokelo e hlahang ho Ntat’a rona ea Maholimong ea ho ruta evangeli, ho etsa mesebetsi e halalelang, le ho tataisa Kereke e boetse e teng lefats’eng.

Puisano

  • Joseph Smith o ile a amohela boporista joang?

Jesu O ile A Hlophisa Kereke Ea Hae Hape

Ka ts’enolo, Jesu o ile a laela Joseph Smith ho theha Kereke ea Hae hape ka la 6 ’Mesa 1830. Jesu e ne e le hlooho ea Kereke ha a le lefats’eng. E ntse e le hlooho ea Kereke le kajeno. Litho tsa Kereke ea Hae Li ntse Li bitsoa Bahalaleli.

Jesu o bitsitse Kereke ea Hae kajeno Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno. Mantsoe Mehla ea Kajeno a bonts’a hore ena ke Kereke ea Jesu Kreste nakong ea kajeno lefats’eng. Jesu o boletse hore Kereke ena ke eona feela Kereke ea ’nete ka lefats’e lohle ’me O thabisoa ke eona.

Jesu o khetha moporofeta ho etella pele Kereke lefats’eng. Jesu o tsamaisa moporofeta enoa. O neha moporofeta enoa tokelo ea ho etella pele Kereke. Joseph Smith e bile eena moporofeta oa pele oa Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno. Moporofeta oa Kereke hape o bitsoa Mookameli oa Kereke. Mookameli o na le banna ba mo thusang. Ba bitsoa Baeletsi. Ha moporofeta a shoa, Jesu o khetha e mocha ho nka sebaka sa hae.

Jesu o khetha Ba-Apostola ba leshome le metso e ’meli hore ba thuse ho etella Kereke pele. Banna ba khethoang ho ba litho tsa Lekhotlana la ba Mashome a Supileng ba thusa Ba-Apostola le Mookameli. Banna ba bang ba lokileng le bahlankana ba amohela boporista le ho sebeletsa ka hare ho Kereke. Ba bitsoa baporista ba baholo, baholo, babishopo, baporista, baruti, le bateakone, joaloka ha ba ne ba bitsoa Kerekeng ea pele ea Jesu Kreste.

Jesu o ile a bolella Joseph Smith hore na Kereke ea Hae e thehoe joang. Ha Kereke e se e thehiloe sebakeng, sebaka seo se tsebahala e le setereke se ikemetseng.* Mookameli o etella pele setereke se ikemetseng. O ba le baeletsi ba babeli ho mo thusa.

Setereke se ikemetseng se aroloa ka likarolo tse peli. Libaka tsena li tsejoa ka hore ke makala.* Moetapele oa boporista ea bitsoang mobishopo o etella pele lekala. O ba le baeletsi ba babeli ho mo thusa.

Sebakeng seo litereke tse ikemetseng li eso hlophisoe, ho ka ba le litereke,* tse entsoeng ka makalana. Makalana a etelloa pele ke mookameli le baeletsi ba babeli. Libaka tseo ho nang le baruti har’a lichaba ba bangata ba rutang ka evangeli li bitsoa bo’ngosa ba kereke.*

Banna Ba Nang Le boporista Ba Hlophisoa Ka Mekhatlo

Banna ba nang le boporista ba aroloa ka lihlopha tse bitsoang mekhatlo. Mokhatlo oa boporista ke sehlopha sa banna se nang le mosebetsi o ts’oanang ka har’a boporista. Ba kopana ha ’moho ho thusana le ho thusa batho ba bang.

Puisano

  • Ke mang eo e leng hlooho ea Kereke ea Jesu Kreste kajeno?

  • Banna ba thusang ho etella Kereke pele ba bitsoa eng?

Kajeno Kereke E Hlophisoa Ka Tsela E ts’oanang Le Eo Jesu A ileng A E Hlophisa Ha A Le Lefats’eng

Jesu O Ntse A Etella Pele Kereke Ea Hae ka Ts’enolo

Ka Moea o Halalelang, Jesu o bolella moporofeta na a etelle pele Kereke joang. O boetse O senola ho Ba-Apostola le baetapele ba bang ba Kereke seo A batlang ba se etse. Jesu o ntse a tsoelapele ho tataisa litho tsa Kereke ea Hae ka ts’enolo.

Motho O fe Kapa O fe E Ka Ba Setho Sa Kereke

Motho o fe kapa o fe e ka ba setho sa kereke ea Jesu Kreste kajeno ka tsela e ts’oanang le eo batho e neng e ba litho tsa Kereke ha a ne a le lefats’eng. Motho o lokela ho ba le tumelo ho Jesu le ho baka. Motho o lokela ho kolobetsoa. Kamor’a kolobetso o amohela mpho ea Moea o Halalelang.

Puisano

  • Ke eng seo re lokelang ho se etsa hore re be litho tsa Kereke ea Jesu Kreste kajeno?

Litho tsa Kereke Le Kajeno Ba Ntse Ba Amohela Limpho tsa Moea

Jesu o nehelana ka limpho tsa moea kamehla ho litho tsa Kereke ea Hae. Matla ana a moea a teng kajeno ka hare ho Kereke.

Puisano

  • Ke li fe tse ling tsa limpho tsa moea? (Bona khaolo ea 16.)

Jesu O ile Tsosolosa Lithuto tsa Hae tsa ’Nete

Jesu o ile a tsosolosa lithuto tseo Eena le Ba-Apostola ba Hae ba ileng ba li ruta. Lithuto tsa mantlha ke tumelo ho Jesu Kreste, pako, kolobetso, le mpho ea Moea o Halalelang. Tse ling tsa linnete tseo Jesu a li nehileng Kereke ke:

  1. Ntat’a rona ea Maholimong o na le ’mele oa nama le masapo.

  2. Re bana ba moea ba Ntat’a rona ea Maholimong. Re ne re lula maholimong re le meea pele re tla lefats’eng.

  3. Re tla ahloleloa libe tsa rona e seng ka seo Adama a se entseng. Batho ba bangata ba lumela hore hobane Adama le Eva ba ile ba ja tholoana e thibetsoeng, rona joaloka bana ba bona, re hlahetse sebeng. Hona ha se ’nete. Bana ba hlaha ba sena sebe. Ha bana molato. Kahoo, ha ba hloke ho kolobetsoa ho fihlela ba le lilemo li robeli.

  4. Monna o lokela ho ba le boporista hore a tla etse lits’ebeletso* (bona khaolo ea 21) tsa Kereke ea Jesu Kreste.

Puisano

  • Ke life lithuto tse ling tsa Jesu tseo a li nehileng batho hape?

Kereke ea Jesu Kreste E Ke Ke Ea Tlosoa Hape Lefats’eng

Hajoale ka ha Kereke ea ’nete ea Jesu Kreste, matla a boporista, le evangeli li tsosololitsoe lefats’eng, li ke ke tsa tlosoa hape. Ntat’a rona ea Maholimong o boletse hore O tla theha ’muso o ke keng oa timetsoa. ’Muso ona ke Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno. E tla tsoelapele ka ho sa feleng.

Batho ba bangata ke litho tsa Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno. Hona le litho tsa Kereke linaheng tse ngata lefats’eng. Batho ba bangata ba tla tsoelapele ho ba litho tsa Kereke. Bana bohle ba Ntat’a rona ea Maholimong ba tla utloa evangeli ’me ba be le monyetla oa ho e amohela.

Puisano

  • Ke eng eo o ka e etsang ho thusa ba bang ho utloa evangeli ea Jesu Kreste hore e be litho tsa Kereke?

Hatisa