Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Khaolo ea 26: Bots’epehi


Khaolo ea 26

Bots’epehi

Ntat’a rona ea Maholimong o ts’epahala ho tsohle tseo a li etsang. Na O batla re ts’epahale le rona?

Ntat’a rona ea Maholimong O re Bolella Ho ts’epahala Ho Tsohle Tseo re Li Etsang

Ho ts’epahala ho bolela ho bua’nete. Ho ts’epahala ho bolela ho se bue leshano kapa ho utsoa. Ha re bua lintho tseo e seng ’nete re bua leshano. Ha re bua karolo feela ea seo e leng ’nete re bua leshano. Ha re etsa hore batho ba lumele seo e seng ’nete ha re ts’apahale.

Ho utsoa ke ho nka ntho eo e leng ea motho e mong kantle ho tumello ea hae. Ho nka se seng lebenkeleng kantle le ho e patalla ke ho utsoa. Ntat’a rona ea Maholimong o re boleletse hore re se ke ra utsoa.

Batho ba ts’epahalang ba sebetsa ka thata lihora tsohle tseo ba li patalloang. Batho ba ts’epahalang ba patala ba ba sebeletsang ho ea ka moo ba lokelang. Batho ba ts’epahalang ba beha litefiso tse lokelang ts’ebetsong le lintho tseo ba li rekisang. Re lokela ho ts’epahala haeba re batla ho phela le Ntat’a rona ea Maholimong.

Satane o leka ho re susumeletsa ho se ts’epahale. Ha re sa ts’epahale ka tsela e fe kapa e fe, re latela Satane. Satane o rata leshano. Satane o batla re nahane hore ho se ts’epahale ke bohlale. O leka ho etsa hore re nahane hore re tla thaba ha re sa ts’epahale. O batla re nahane hore ho se ts’epahale ha se sebe. Satane o batla re se ke ra ts’epahala e le hore re seke ra thaba.

Ntat’a rona ea Maholimong o re rutile ho ts’epahala ka linako tsohle. O ea halefa ha re bua leshano. O batla re tsebe hore ho bua leshano ho fosahetse kamehla. Ho se ts’epahale ho fosahetse kamehla ebile ho re etsa hore re se ke ra thaba.

Batho ba bang ba utsoa lintho hobane ba nahana hore ba na le tokelo ea ho li nka. Batho ba bang ba banyenyane ba ea qhekella sekolong hore ba fumane limaraka a holimo kapa hobane baithuti ba bang ba e etsa. Batho ba bang ba bua leshano hore ba bang ba nahane botle ka bona. Mabaka a na kaofela ha a etse hore ho utsoa kapa ho bua leshano ho be hotle. Ha re etsa mabaka a ho bua leshano, ha re ts’epahale.

Puisano

  • Bots’epehi ke eng?

  • Ke mang eo re mo latelang ha re ts’epahala?

Re ka ts’epahala Ho Tsohle tseo Re li Etsang

Re ka ts’epahala ka ho ba le sebete, sa ho bua ’nete le ha ho le boima ho etsa joalo. Ntat’a rona ea Maholimong o tla re thusa ho ts’epahala ha re mo kopa. O tla romela Moea o Halalelang ho re thusa. Moea o Halalelang o tla re thusa ho tseba hore ho ts’epahala ke ntho e nepahetseng.

Ha re utloisisa lithuto tsa Jesu, re tla batla ho ts’epahala ho tsohle tseo re li etsang. Jesu o re rutile hore re bana ba Ntat’a rona ea Maholimong le hore bohle re bara le barali. O rutile hore re thaba e le kannete ha feela re ts’epahala. Re ke ke ra ba le khotso ha re na le ho hong hoo e seng hoa rona malapeng a rona. O rutile hape hore ha re na le tumelo ho Eena, re baka, re bile re ts’epahala e le kannete, re ka khutla re ilo phela le Ntat’a rona ea Maholimong ’me ra thaba ka ho sa feleng.

Ha re utloisisa tsena tsohle, re qala ho ts’epahala. Ha re batle ho bua leshano ho ba bang. Re batla ho thabisa Ntat’a rona ea Maholimong hore re tle re khutle re ilo phela le Eena. Re batla ho amohela melato ea rona re be re e lokise hore Ntat’a rona ea Maholimong a tle a re ts’oarele.

Puisano

  • Ha re ile ra bua leshano le hanyenyane feela, hobaneng re lokela ho baka?

  • Re ka ts’epahala joang ho tsohle tseo re li etsang?

  • Ntat’a rona ea Maholimong a ka re thusa joang ho ts’epahala?

Ho ts’epahala Ho Etsa Hore re Thabe

Ha re ts’epahala, rea thaba. Ntat’a rona ea Maholimong o thabile ke rona. Ha re ikutloe re le ba molato. Re ikutloa re thabile hobane ha hona seo re se patang. Ha rea lokela ho khathatseha hore e mong o tla tseba hore re builoe leshano.

Ha re ts’epahala, re ba joaloka Ntat’a rona ea Maholimong. Rea tseba hore re itlhophela ho ea phela le Eena. Ha re ts’epahala, batho ba bang ba ea re ts’epa. Ha re ts’epahala, Ntat’a rona ea Maholimong o tla re thusa ho etsa lintho tseo re batlang ho li etsa tse lokileng.

Puisano

  • Re ikutloa joang ha re ts’epahala?

  • Lefats’e le ne le tla ba joang ha motho e mong le e mong a ne a ts’epahala?

Hatisa