Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Khaolo ea 11: Bophelo ba Jesu Kreste


Setśoantśo
Behold the Lamb of God [Bonang Konyana ea Molimo], ka Walter Rane

Mopholosi Jesu Kreste o hlahetse setaleng.

Khaolo ea 11

Bophelo ba Jesu Kreste

Jesu Kreste ke eena feela ea ka re tataisang ho khutlela ho Ntat’a rona ea Maholimong. Ke eng seo u se tsebang ka Eena?

Batho ba Bangata ba ile Ba Emela ho Tla ha Morena Jesu Kreste Ka Cheseho e Kholo

Jesu o ile a khetha ho ba Mopholosi oa rona. O itse o tla tla lefats’eng ho tla re bonts’a hore na reka khutlela joang ho Ntat’a rona ea Maholimong? Batho ba bangata ba phetseng pele Jesu a hlaha ba ne ba lumela hore e tla ba Mopholosi oa bona. Ba ne ba emetse ho tla ha Hae. Ba ile ba tseba hore O tla ba pholosa likotlong tsa libe tsa bona.

Baporofeta ba bangata ba phetseng pele Jesu a hlaha ba ile ba bolella batho hore o tla tla. Ntat’a rona ea Maholimong o ile a romela lengeloi ho bolella Adama hore Jesu o tla tla lefats’eng.

Lilemo tse ngata pele ho tsoalo ea Jesu, moporofeta ea bitsoang Esaia o ile a ba le pono ea hore Jesu o tla hlokofatsoa ho lefella libe tsa rona. Esaia o itse batho ba tla hloea le ho latola Jesu ’me Jesu o tla sareloa haholo.

Moporofeta Nefi eo re balang ka eena ka Bukeng ea Mormone, o ile a bona lintho tseo Jesu atlang ho li etsa. Nefi o ile a bona lintho tsena lilemo tse ngata pele ho tsoalo ea Jesu. O ile a bona lesea Jesu ka har’a liatla tsa ’ma lona. Lengeloi le ile la bolella Nefi hore lesea ke Mora oa Ntat’a rona ea Maholimong.

Re bala ka moporofeta ea bitsoang Benjamini ka Bukeng ea Mormone. O ile a bolella batho ka Jesu Kreste ea tlang ho tsoaloa lefats’eng. Benjamini o ile a ba bolella hore Jesu o tla folisa ba kulang, a etse hore liritsa li tsamae, a etse hore lifofu li bone, le litholo li utloe. O tla nts’a matemona ’me a tsose batho bafung. Benjamini o itse Jesu o tla ruta batho ho rata Ntat’a rona ea Maholimong le hore ba ratane.

Baporofeta ba bangata ba phetseng pele Jesu a tsoaloa ba ile re bolella hore o fela a ile a tla. Kantle ho Jesu Kreste, moralo la Ntat’a rona ea Maholimong o ne o ke ke oa etleha.

Puisano

  • Hobaneng Jesu a ne a batla ho tla lefats’eng?

  • Ke ba feng baporofeta ba ileng ba pakahatsa hore O tlala?

Tsoalo ea Jesu e Tlisitse Thabo e Kholo Lefats’eng

Jesu o hlahile toropong e bitsoang Bethlehema. Mangeloi a ile a bina ha A tsoaloa hobane ba ne ba thabile haholo. Naleli e ncha e ile ea hlaha leholimong. Balisana le banna ba bohlale ba ile ba Mo khumamela. Batho ba bangata ba ntse ba keteka tsoalo ea Hae.

Jesu o ile a fapana le bana bohle ba kileng ba tsoaloa. Ntate oa Jesu ke Ntat’a rona ea Maholimong. Ntat’a rona ea Maholimong e ne e se feela Ntate oa moea oa Jesu empa e ne e le Ntate oa ’mele oa hae oa nama le masapo. Jesu o ile a amohela matla a Ntate oa hae ao batho ba bang ba senang ona. Batho ba ne ke ke ba nka bophelo ba Hae ntle leha Eena a ne a ka ba lumella. Ka mor’a hore a shoe, O ile a eba le matla a ho etsa hore ’mele oa Hae o phele hape.

’Me oa Jesu e ne e le Maria. E ne e le moroetsana ea hloekileng ea ileng a phela lilemong tse ka bang 2000 tse fetileng toropong e bitsoang Nazaretha. Ha entse ele moroetsana e monyane, ea so nyaloe, lengeloi le tsoang ho Ntat’a rona ea Maholimong le ile la tla ho eena. Lengeloi le ile la mo bolella hore e tla ba ’me oa Jesu Kreste. Lengeloi le ile la mo bolella hore Ntat’a rona ea Maholimong e tla ba Ntate oa Jesu Kreste. Ha hona motho lefats’eng eo e tla ba Ntate oa Hae.

Lengeloi le ile la boela la ea ho monna ea neng a tla nyala Maria. Monna eo o ne a bitsoa Josefa. Lengeloi le ile la bolella Josefa hore lesea le tlang ho tsoala e tla ba Mora oa Ntat’a rona ea Maholimong e seng mora oa motho fela oa lefats’e. Lengeloi le ile la mo bolella hore o tlameha ho nyala Maria. Josefa le Maria ba ile ba nyalana. Kamor’a hore Jesu a tsoaloe, Josefa o ile a mo hlokomela joaloka ha eka Jesu ke mora oa hae.

Ka ha ’mae e ne ele motho oa nama le masapo, Jesu o ne a utloa tlala, a utloa bohloko ’me o ne a tla shoa.

Puisano

  • Re tseba joang hore tsoalo ea Jesu e ne ele ketsahalo ea bohlokoa?

  • Ke matla a fe ao Jesu a ileng a amohela ho tsoa ho Ntate oa Hae?

  • Ke lintho li feng tseo Jesu a neng a li utloa hoba ’mae e le motho oa lefats’e?

Setśoantśo
The Twelve-Year-Old Jesus in the Temple [Jesu ea Lilemo li Leshome le Metso e ‘Meli Tempeleng], ka Carl Heinrich Bloch

Ha ene ele moshanyana, Jesu o ile a ruta batho tempeleng.

Jesu O tlile Ho Re Ruta Evangeli ea Hae

Jesu O ne a Hloekile

Jesu o ne a hloekile. O ile a etsa tsohle tseo Ntat’a rona ea Maholimong a neng a batla a li etse. Jesu o hotse ka tsela eo bana ba bang ba holang ka eona. O ile a hola a eba le bohlale. O ile a ba le matla a Ntat’a rona ea Maholimong.

Ka nako eo Jesu a leng lilemo li 12, o ne a tseba hore o rometsoe ho etsa lintho tseo Ntat’a rona ea Maholimong a batlang hore a li etse. O ile a tseba hore o na le mosebetsi o khethehileng oo a ts’oanelang ho o etsa lefats’eng.

Ka letsatsi le leng a tsamaea le Maria le Josefa ho ea Jerusalema. Ha Maria le Josefa ba khutlela hae, ba ile ba hlokomela hore Jesu ha a sa tsamaea le bona. Ba ile ba khutlela Jerusalema ho ea mo batla. Kamor’a matsatsi a mararo ba mo fumana tempeleng a buisana le banna ba bohlale ’me a araba lipotso tsa bona. E mong le emong ea neng a Mo utloa, o ile a makatsoa ke ka moo A neng a tseba haholo kateng a bile a khona ho araba lipotso tsa bona. Josefa le Maria ba ile ba thaba ho Mo fumana, empa ba se ke ba thabela taba ea hore O ile a tloha ho bona. Jesu o ile a ba bolella hore ke hobane O ile a tlameha ho etsa mosebetsi oa Ntat’a oa rona ea Maholimong.

Jesu o ile a Kolobetsoa*

Ha Jesu a le lilemo tse 30, O ile a ea ho Johanne Mokolobetsi hore a Mo kolobetse. Johanne o ile a nahana hore a se kolobetse Jesu hobane a tseba hore ha a na sebe. Empa Jesu o ile a kopa Johanne ho mo kolobetsa. Jesu o ne a batla ho mamela litaelo tsohle ea Ntat’a rona ea Maholimong. Johanne o ile a kolobetsa Jesu, a mo kenya ka har’a metsi hape a mo nts’a. Ha Jesu a Kolobetsoa, Ntat’a rona ea Maholimong o ile a bua a le leholimong a re Jesu ke Mora oa Hae eo a mo thabisang. Moea o Halalelang o ile a tla ho Jesu ha a kolobetsoa.

Satane O Leka Jesu

Kamor’a hore Jesu a kolobetsoe, o ile a ea lehoatateng a ba mong ho itima lijo le ho rapela. Kamor’a hore a qete boitimo ba lijo ba matsatsi a 40, Satane o ile a Mo leka. Satane o ne a tseba hore ha a ka etsa hore Jesu a etse sebe se le seng, Jesu o ne ke ke a khona ho etsa lintho tseo a romiloeng hore a li etse. Joale moralo oa Ntat’a rona ea Maholimong o ne o ke ke oa etleha.

Jesu o ile a hlola meleko eohle ea Satane. Qetellong, O ile bolella Satane hore a tlohe ho Eena. Kamor’a hore Satane a tlohe, mangeloi a ile a tla ho hloela Jesu.

Jesu o re Rutile Ho Rata Ntat’a rona ea Maholimong le Hore re Ratane

Kamor’a hore a hlole Satane, Jesu o ile a qala ho ruta batho. Lebaka la hae la hotla lefats’eng ene ele hotla re ruta tsela eo re tlamehang ho phela ka eona.

Jesu o re rutile hore re rate Ntat’a rona ea Maholimong ka lipelo tsa rona tsohle, kelello le matla a rona. O rutile hore re ts’oanela ho rata batho ba bang joaloka ha re ithata. Re ts’oanela ho ts’oarela le ho sebeletsa batho ba bang. Jesu o re bonts’itse hore na re etse lintho tsena joang. O re bonts’itse lerato la Hae ho Ntat’a rona ea Maholimong ka ho etsa tsohle tseo Ntat’a rona ea Maholimong a neng a batla a li etse.

Jesu O ile a Rata Batho Bohle

Jesu o ile a rata batho bohle. O ile a folisa ba kulang. O ile a etsa hore lifofu li bone le liritsa li tsamae. O ile a nka bana ka matsoho a Hae a ba hlohonolofatsa.

Jesu o ile a bonts’a lerato ho ba entseng libe. O ile a ba ruta ho soabela libe tsa bona le hore ba se hlole ba etsa libe hape. Jesu o ne a rata le ba mo bolaileng. O ile a ba rapella ho Ntat’a rona ea Maholimong. O rutile hore re ts’oanela ho rata batho ba bang joaloka ha a re ratile.

Puisano

  • Ke li fe lintho tseo re ka li etsang ho bonts’a Ntat’a rona ea Maholimong hore rea mo rata?

  • Ke li fe lintho tseo re ka li etsetsang ba bang ho ba bonts’a hore rea ba rata?

Jesu O ile A Hlophisa Kereke

Jesu o ne a batla batho bohle ba tsebe tsela ea ho khutlela ho Ntat’a rona ea Maholimong. Tsela ea Hae e bitsoa evangeli. Jesu o ile a hlophisa kereke hore batho bohle ba ithute evangeli.

Jesu o ile a khetha banna ba leshome le metso e ’meli ba ileng ba bitsoa Ba-Apostola hore ba etelle kereke pele. Ba ne ba tla ruta batho evangeli kamor’a hore a khutlele maholimong. Jesu o ile a neha Ba-Apostola ba Leshome Le metso e ’meli matla a ho mo emela. Ba ne ba tla ruta batho bohle evangeli ba be ba ba kolobetse. Ba ne ba tla khetha batho ba tlang ho ba thusa ho ruta evangeli le ho etsa lintho tsohle tseo A li batlang.

Puisano

  • Hobaneng ha Jesu a ile a khetha Ba-Apostola ba Leshome le Metso e ’Meli?

Ha re Ithuta ka Jesu, Re Utloisisa ka Moo e Leng Motho ea Moholo ka Teng

Jesu o thusitse e mong le e emong oa rona ka ho re bonts’a hore na re phele joang. Ha re ithuta ho ba joaloka Eena, re ithuta ho etsa lintho tse re thabisang. Re ka ithuta lintho tse tlang ho re thusa ho khutlela maholimong ho phela le Ntat’a rona ea Maholimong.

Ha re tseba hore Jesu o ea re rata, re ba le khotso. Re ikutloa re bolokehile ebile re se na letsoalo. Rea tseba hore reka its’etleha ka Eena ho re ebe moatepele oa rona. Rea tseba hore O utloisisa mathata a rona. Lithuto tsa hae li re thusa ho hlola mathata a rona. Ha re utloisisa tsohle tseo Jesu a li entseng bakeng sa rona, lerato la rona lea hola. Lerato la rona ho Eena le etsa hore re mo mamele. Re emetse nako eo re tla phela le Eena.

Puisano

  • Ho ithuta ka Jesu ho re thusa joang?

  • U ikutloa joang ha u ithuta ka Jesu?

Hatisa