Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Khaolo ea 33: Ho Tla ha Jesu Kreste La Bobeli


Setśoantśo
Christ in a Red Robe [Kreste Ka Seaparo se sefubelu], ka Minerva K. Teichert

Ho na le mats’oao a mangata a hore ho tla ha Jesu Kreste La Bobeli ho haufi.

Khaolo ea 33

Ho Tla ha Jesu Kreste La Bobeli

Jesu o tla tla lefats’eng hape. Ke a fe mats’oao a ho tla ha Hae a tlang ho ba teng, ’me re ka itlhophela ho kopana le Eena joang ha a tla?

Jesu O Ts’episitse Ho tla Lefats’eng Hape

Matsatsi a mashome a mane kamor’a hore Jesu a tsohe bafung, Eena le Ba-Apostola ba Hae ba ile ba kopana Thabeng ea Mehloare. Nako e ne e fihlile hore Jesu a khutlele maholimong. O ne a entse tsohle tseo Ntat’a rona ea Maholimong a neng a mo romile ho li etsa. Ba-Apostola ba Hae ba ile ba shebella ha Jesu a nyolohela maholimong. Ha Ba-Apostola ba ntse ba shebile, mangeloi a mabeli a ile a tla a ba bolella hore Jesu o tla khutlela lefats’eng hape. Ho tloha nakong eo ho fihlela joale, ba lumetseng ho Jesu ba emetse ho tla ha Hae. Ho khutla ha Hae ho bitsoa ho tla la Bobeli ha Kreste.

Ka ho tla ha Hae la Bobeli, Jesu o tla theoha maholimong ka matla a maholo. O tla hloekisa bokhopo bohle lefats’eng, ’me Satane a ke ke a hlola a ba le matla holim’a batho. Jesu o tla busa lilemo tse sekete holim’a batho bohle ba ileng ba ts’epahala ho Eena.

Puisano

  • Re tseba joang hore Jesu o tla khutlela lefats’eng hape?

Jesu O re Boleletse tse Tlang Ho Etsahala Pele A Tla

Jesu o re boleletse lintho tse ngata tse tlang ho etsahala pele A tla hape. Lintho tsena li bitsoa mats’oao a ho tla ha Hae la Bobeli. O re bolelletse ho sheba mats’oao ana le hore re itlhophele ho tla ha Hae. O boletse hore ha re bona lintho tsena li etsahala, re tla tseba hore ho tla ha Hae ho haufi. Empa ha re na ho tseba nako eo e leng eona ea ho tla ha Hae.

Ha re bala mangolo a halalelang re bile re ts’epahala ho Jesu, re tla tseba hore na mats’oao a ho tla a hae e tlaba a fe. Lintho tse ngata li tla etsahala pele Jesu a khutlela lefats’eng hape. Tse ling li se li etsahetse, tse ling li ntse li etsahala kajeno, tse ling li tla etsahala nakong e tlang.

Pele ho hotla ha Jesu Labobeli, evangeli e tla rutoa lichabeng tsohle. Sena se tla thabisa batho ba bangata le ho ba tlisetsa litlhohonoloatso. Tse ling tsa lintho tse tlang ho etsahala li tla leka tumelo ea rona. Ho tla ba le bokhopo, ho reketla ha lefats’e, le mefuta e meng.

Ho tla Ba le Khathatso e Kholo Lefats’eng

Jesu o boletse ho tla ha Hae ha ho le haufi re tla bona bokhopo bo boholo, ntoa, le ts’otleho lefats’eng. E na e tla ba nako ea khathatso e kholo. Ho tla ba le ho reketla ha lefats’e, lifefo tse kholo, mafu, le tlala. Sefako se tla senya lijalo lefats’eng.

Batho ba bangata ba tla emisa ho rata Ntat’a rona ea Maholimong ’me ba khutlele ho Satane. Ba tla emisa ho rata le ho sebeletsa batho ba bang ba be ba qale ho ba nts’a kotsi. Ho tla ba le lintoa tse ngata lefats’eng. Lichaba li tla loants’ana. Lintoa tsena li tla tsoelapele ho fihlela ntoa e kholo ea ho qetela e ba teng, e tlang ho ba e timetsang ho feta tsohle tse kileng tsa loanoa lefats’eng. Jesu o tla tla.

Evangeli e Tsosololitsoe

Baporofeta ba boletse hore evangeli e tla tsosolosoa lefats’eng pele Jesu a tla. Evangeli e tsosololitsoe ka Moporofeta Joseph Smith. Lithuto tsohle tsa evangeli tse hlokehang hore re li tsebe le ho li etsa hore re khutlele ho Ntat’a rona ea Maholimong li tsosololitsoe lefats’eng.

Jesu o boletse hore re tla tseba hore ho tla ha Hae ho haufi ha Buka ea Mormone e se e phatlalalitsoe ’me e nehiloe lefats’e. Khale, Baporofeta Esaia le Ezekiele ba ile ba bolela ka Buka ea Mormone. Buka ea Mormone e fetoletsoe senyesemaneng ke Moporofeta Joseph Smith. Esale e le hoo, e fetoletsoe lipuong tse ngata. E tla nehoa lichaba tsohle tsa lefats’e pele Jesu a tla.

Ntlo ea Iseraele e Tlameha Ho Bokelloa Hape

Ntat’a rona ea Maholimong o boletse hore litloholo tsa ntlo ea Iseraele* li tlameha ho utloa le ho amohela evangeli ’me ba itlhophele ho kopana le Jesu ha a tla hape. Ba amohelang evangeli ba tlameha ho e ruta batho bohle, ba ahe litempele, ’me ba etse lits’ebeletso bakeng sa ba shoeleng.

Batho ba bangata ba ntlo ea Iseraele, e kaba ka mali kapa ka kamohelo, ba ea sokolohela ho Kereke ha ba amohela evangeli ea Jesu Kreste. Naha e khethehileng e hlohonolofalitsoe bakeng sa ho bokella litloholo tse ngata tsa Abrahama. Litloholo tsa Abrahama ba kenyeletsa batho ba tsebahalang ka hore ke Ma- Arabo le Ba-Juda, le ba bang. Litloholo tsa batho ba Buka ea Mormone Amerika, beo e bileng e leng litloholo tsa Abrahama, ba amoehela evangeli ’me e ba batho ba tihileng ba bileng ba lokileng.

Evangeli E tla Rutoa Lefats’eng Lohle

Jesu o boletse hore re tla tseba hore ho tla ha Hae ho haufi ha balateli ba Hae ba se ba rutile evangeli lefats’eng lohle. Ho tloha ha Kereke e ne e tsosolosoa, baruti har’a lichaba ba se ba rometsoe ho ruta evangeli lichabeng tse fapaneng. Baruti har’a lichaba ba bangata kajeno ba ruta evangeli hohle lefats’eng. Setho ka seng sa Kereke se koptjoa ho bolella ba maloko le metsoalle ea bona ka evangeli, ’me ba bangata ba ea linaheng tse ngata ho ruta evangeli, hore batho bohle ba be le monyetla oa ho e utloa.

Elia O ile a Tla

Moporofeta Malakia ka har’a Bibele o boletse hore pele Jesu a tla la bobeli, Moporofeta Elia o tla etela lefats’e. O tla khutlisetsa tokelo ea ho tiisa ha bosafeleng ha malapa ka ho sa feleng. O tla etsa hore batho ba batle ho ithuta ka baholo-holo ba bona le litloholo tsa bona ’me ba ba thuse ho pholosoa. Ka ’Mesa 1836, Elia o ile a tla a tsosolosa tokelo ena ho Moporofeta Joseph Smith. Hobane Elia o ile a tla, malapa a ka tiisoa ’moho tempeleng lefats’eng kajeno.

Motse o Mocha oa Jerusalema o Tla Ahoa

Jesu o boletse hore re tla tseba hore ho tla ha Hae ho haufi ha Kereke ea Hae e ahile motse o bitsoang Jerusalema e Mocha. Jesu o boletse hore o tla busa toropong eo, ’me batho ba lokileng ba tla phela moo. O re boleletse hore na motse ona o tla ahoa kae. O tla ba Missouri, United States.

A na ke mats’oao a fokolang a tlang hore bonts’a hore Jesu o ea tla. Mangolo a halalelang a re bolella ka mats’oao a mang. Leha mats’oao a mangata a se a bonoe, ha re tsebe nako eo e leng eona eo Jesu a tla tla hape.

Puisano

  • Re tseba joang hore Ho Tla Ha Jesu Labobeli ho haufi?

  • Ke a fe mats’oao a Ho Tla La Bobeli ha Jesu?

Re ka Ba le Khotso le Ts’epo le ha Bokhopo le Khathatso li Re Potile

Re lokela ho itlhophela Ho Tla La Bobeli ha Jesu. Tsela e ntle ea ho itlhophela ho tla ha Hae ke ho mamela lithuto tsa Hae letsatsi le letsatsi. Re lokela ho mamela litaelo le melao eo A e nehang Mookameli oa Kereke bakeng sa rona kajeno. Re lokela ho lokeloa ke ho ba le Moea o Halalelang ka linako tsohle ho tataisa mehanaho le liketso tsa rona. Jesu o boletse hore ha re lokile nakong eo a tlang, ha re na ho ts’oha. Re tla thaba ’me re tla batla ho phela le Eena. Batho ba lokileng ha ba na ho timetsoa ha A tla. Ba tla phela lefats’eng ’me bana ba bona ba tla hola ba se na sebe. Jesu o tla ba le bona ’me O tla ba hlohonolofatsa le ho ba etella pele.

Ha Jesu a tla hape ho hlaha maholimong, batho ba khopo ba tla timetsoa. Batho ba lokileng ba ileng ba shoa ba tla tsoa mabitleng a bona ho kopana le Eena ha A theoha maholimong. Ba khopo ba ke ke ba tsoha mabitleng a bona hofihlela nako ea lilemo tse 1,000. Nako ena ea lilemo tse 1,000 e tla tsejoa e le Lilemo tse Sekete.*

Ha Jesu a ne a phela lefats’eng, ke batho ba fokolang haholo ba ileng ba tseba hore Eena, Mopholosi oa lefats’e o tlile. Ha Jesu a tla hape, bohle ba tla tsebe hore ke Jesu Kreste, Mora oa Molimo, Mopholosi oa lefats’e.

Puisano

  • Ho tseba mats’oao a Ho Tla La Bobeli ha Jesu ho ka re thusa joang?

  • Ho tla etsahala eng ka batho ba lokileng lefats’eng ha Jesu a khutla?

  • Ho tla etsahala eng ka batho ba khopo ba tla be ba phela lefats’eng?

Hatisa