Lits´ebeletso le Liphatlalatso
Mantsoe ao u ka a Tsebang


Mantsoe ao u ka a Tsebang

’Muso oa Selestiale:’Muso oo ho oona batho ba phelang ka ho loka ba phelang ponts’eng ea Molimo ’me ba rua tsohle tseo a nang le tsona.

’Muso oa Telestiale:Le ka tlaase ho mebuso e meraro ea khanya eo batho ba tla e khetheloa kamor’a tsoho ea bafu. ’Muso ona o behetsoe ba leshano, ba bolai, ba utsoang, le batho ba bang ba khopo.

’Muso oa Therestiale:’Muso oa khanya oo boemo ba ona bo leng ka tlaase ho ba ’Muso oa selestiale empa o le ka holimo ho ’muso oa telestiale. O behetsoe batho ba lokileng ba lefats’e ba sa etsang tsohle tseo Ntat’a rona ea Maholimong a neng a se batla ho bona.

Basebeletsi ba batona:Banna ba nehoang pitso ea ho hloela litlhoko tsa nama le tsa moea tsa litho tsa makala a bona. Pitso ena e nehoa banna bohle ba Kereke. Ke balekane ba abeloang ho sebeletsa batho ka bomong le malapa.

Basebeletsi ba bats’ehali:Basali ba nehoa pitso ho hloela litlhoko tsa nama le tsa moea tsa litho tsa makala a bona. Pitso ena e nehoa basali bohle ba Kereke. Ke balekane ba abeloang ho sebeletsa basali ba itseng.

Bon’gosa ba kereke:(1) Sebaka se lefats’eng moo Kereke e etsang mosebetsi oa boruti har’a lichaba kapa e batlang ho o etsa. Ka tloaelo se aroloa ka makala a bitsoang litereke. (2) Pitso ea moetapele oa Kereke ho ruta evangeli kapa ho fana ka ts’ebeletso nako e itseng.

Bophelo bo safeleng:Sena se bolela ho phela ka ho sa feleng empa hape ke ho phela bophelo boo Ntat’a rona ea Maholimong a bo phelang le ho ba joaloka eena. Ho boleloa ho ts’oanang le phahamiso.

Boporista:Tokelo eo Ntat’a rona ea Maholimong a e nehang banna ho etsa mesebetsi ea hae le ho bua bakeng sa hae. Ho na le mefuta e ’meli ea boporista: Boporista bo boholo kapa Boporista ba Melkisedeke le bo bonyenyane kapa Boporista ba Aarone.

Boporista ba Aarone:Ke tokelo ea boporista bo bo nyenyane eo Ntat’a rona ea Maholimong a e nehileng banna lefats’eng ho nka khato ka lebitso la hae bakeng sa pholoso ea bana ba hae. Boporista bo bonyenyane bo fumane lebitso ho tsoa ho Aarone, moholoane oa Moshe, ’me bo fapane le bo boholo kapa Boporista ba Melkisedeke. Mosebetsi oa Boporista ba Aarone ke moteakone, moruti, moporista, le mobishopo.

Boporista ba Melkisedeke:Boporista bo boholo ho a mabeli, bo nang le mesebetsi e meholo, moporista e moholo, mopatriareka, Mashome a Supileng, le Moapostola.

Boporofeta:Mantsoe a susumelitsoeng ke moea, a moporofeta, ha ngata ka liketsahalo tsa nako e tlang.

Boshome:Karolo ea leshome ea seo re se fumanang se fanoang ho Kereke.

Buka ea Mormone:Buka ea mangolo a halalelang e nang le lithuto tsa Ntat’a rona ea Maholimong ho batho ba neng ba phela tikolohong ea Amerika.

Evangeli:Lithuto tsa Jesu Kreste, tseo ha li lateloa, li tla lumella motho ho khutla a ilo phela ponts’eng ea Ntat’a rona ea Maholimong.

Hlohonolofatso ea Tempele:Litlhohonolofatso tse fanoang ke Ntat’a rona ea Maholimong tempeleng ’me li hlokeha ho fumana phahamiso.

Ho bea motho boruti ka peo ea matsoho:Ho neha monna ea lokeloang mosebetsi kahar’a boporista ka peho ea matsoho.

Ho Kolobetsa:Ho liketsa motho kahar’a metsi le ho mo nts’a ka metsing ho phela bophelo bo bocha. Sheba Kolobetso.

Ho oa ha Adama:Liphetoho tse bileng teng ho Adama le Eva hobane ba jele tholoana e thibetsoeng. Ntat’a rona ea Maholimong o ile a ba tlosa ponts’eng ea hae ’me e ile ea ba ’mele e shoang. Sena se entse hore batho bohle ba tsebe ho hlaha le ho shoa.

Ho shoa ha moea:Boemo ba ho arohana le Ntat’a rona ea Maholimong.

Ho shoa ha nama:Lefu le re le etsahallang ha ’mele ea rona e arohana le moea oa rona.

Ho tla La Bobeli:Ho khutla ha Mopholosi oa rona Jesu Kreste, ho tla qala Lilemo tse sekete, kapa nako ea lilemo tse Sekete ea khotso.

Jerusalema e Ncha:Motse o tla ahoa naheng ea Missouri, United States, pelenyana feela ho qalo ea Lilemo tse Sekete. Jesu o tla laola ’muso oa hae, ’muso oa Ntat’a rona ea Maholimong lefats’eng, a le sebakeng sena ka nako ea Lilemo tse Sekete.

Jesu Kreste:Mora oa letsibolo oa bana ba moea ba Ntat’a rona ea Maholimong, ’Mopi oa lefats’e, le Mopholosi le Molopolli oa rona. O tlile lefats’eng ho patalla libe tsa rona bohle. (Sheba haholo-holo likhaolo 3, 11, le 12.)

Kabelo ea ho itima:Monehelo oa chelete e bolokoang ka ho itima lijo tse peli. E neheloa Kereke ho thusa batho ba mafutsana.

Kereke:Sheba Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno.

Kerere ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno:Lebitso la molao la Kereke ea Jesu Kreste, eo a e tsosololitseng ka Moporofeta Joseph Smith nakong ea rona. Kereke ena ka nako e ’ngoe e bitsoa ka lebitso la bosoasoi la Kereke ea Mormone.

Koeneho:(1) Boemo ba ho tloha ha moea ho Ntat’a rona ea Maholimong. (2) Nako eo ka eona lithuto tsa Ntat’a rona ea Maholimong le boporista ba hae li neng li le sieo lefats’eng.

Kolobetso:Ts’ebeletso e hlokahalang ea evangeli eo motho a etsang selekane le Ntat’a rona ea Maholimong ho mo mamela ’me Ntat’a rona ea Maholimong o ts’episa ho ts’oarela le ho hloekisa motho sebe le ho mo lumella ho ba setho sa Kereke. Ts’ebeletso e ts’oants’isa ho hlaha ka ho liketsoa ka har’a metsi le ho nts’etsoa bophelong bo bocha. Ts’ebeletso e na e etsoa ke ba nang le tumello ea ho ba le boporista hore ba etse khato bakeng sa Ntat’a rona ea Maholimong.

Kolobetso bakeng sa bafu:Kolobetso tempeleng ea Ntat’a rona ea Maholimong ea motho a phelang ea nkang khato bakeng sa motho ea shoeleng.

Lefats’e la moea:Karolo ea lefats’e la moea moo moea oa batho ba mekhahlelo e meraro ba tla ea kamor’a lefu: ba bileng khopo bophelong bona, ba phetseng bophelo bo lokileng empa ba sa amohela evangeli kapa ba phela evangeli, le ba sa kang ba ba le monyetla oa ho utloa evangeli. Qetellong, batho bao bohle ba tla tsoha bafung.

Lefats’eng la moea:Sebaka seo moea oa batho bohle o tla ea kamor’a lefu ho fihlela tsoho ea bafu.

Lefifing le Kantle:Sebaka seo Satane le ba khethileng ho mo latela ba tlang ho phela. Ba phelang moo ba ke ke ba natefeloa ke ts’usumetso ea Moea o Halalelang ’me ba tla lula ntle le khanya le ’nete.

Lehakoe La Theko E Kholo:Buka ea lengolo le halalelang e nang le lingoliloeng tsa Moshe, Abrahama, le Joseph Smith. Lebitso hantle le bolela lehakoe la bohlokoa haholo, e leng tsela eo litho tsa Kereke li le shebang ka teng.

Lekala:Sehlopha sa litho tsa Kereke se hlophisitseong kahar’a setereke se ikemetseng, se busoang ke mobishopo le baeletsi ba hae ba babeli.

Lekalana:Ts’ebeliso e ts’oants’isang kutu ea sefate ho emela karohano e nyenyane kapa lekala le hlophisitsoeng la lelapa le leholo la Kereke. Karohano e ipapisa le meeli ea libaka tseo litho li phelang le ho kopana ’moho tlasa ’muso oa basebetsi ba lumelletsoeng ea Ntat’a rona ea Maholimong.

Lelapa hae mantsiboea:Kopano ea lelapa, ka tloaelo, mantsiboea a ’Mantaha o mong le o mong, moo teng ba binang, ba ithuta evangeli, ba buisana ka mathata ao e ka bang ba na le oona, ba bapala, le ho etsa lintho tse ling e le lelapa.

Lengolo le pakang tumello ea ho kena tempeleng:Pampiri e tekennoeng ho amohela motho tempeleng efe kapa efe ea Kereke. Ho fumana pampiri, motho o tlameha ho ba setho sa kereke se lokeloang. Khothaletso e tekenoa ke baetapele ba boporista, ba pakang ka ho lokeloa ha motho.

Lentsoe la Bohlale:Taelo e hlahang ho Ntat’a rona ea Maholimong e re bolellang ka seo re lokelang kapa re sa lokeng ho se ja kapa ho se noa. Ka ho khetholoha e re bolella ho se sebelise joala, koae, tee, le kofi. (Sheba khaolo ea 27.)

Lenyalo le safeleng:Lenyalo le tiisitsoeng tempeleng ’me le tsoela pele ka ho sa feleng kamor’a ho shoa ha re lokeloa ke ho phela le Ntat’a rona ea Maholimong.

Letsatsi la Sabatha:Letsatsi la phomolo le khethiloeng ke Jesu e le letsatsi ka ho khumamela Ntat’a rona ea Maholimong le ho sebeletsa ba bang. Le ba ka Sontaha libakeng tse ngata lefats’eng.

Lilekane:Lits’episo tse halalelang tse etsoang pakeng tsa Ntat’a rona ea Maholimong le motho.

Lilemo tse Sekete:Lilemo tse Sekete tsa khotso tse tla qala ha Jesu a tla lefats’eng hape, ho se bitsoang Ho Tla La Bobeli.

Linotlolo tsa Boporista:Tokelo ea ho nehelana ka tumello ho etsa lits’ebeletso tsa boporista.

Lithuto tsa Tumelo le Lilekane:Buka ea lengolo le halalelang le nang le mantsoe a Ntat’a rona ea Maholimong ho batho ba mehla ena.

Maholimo:Sebaka seo Ntat’a rona ea Maholimong a phelang ho sona. Ka nako e ’ngoe se bitsoa sebaka seo moea ea rona e neng e phela pele e tla lefats’eng, le moo e tlang ho ea kamor’a ho shoa (lefats’eng la moea). Hape ke sebaka seo ba lokileng ba tla phela ka ho sa feleng kamor’a tsoho ea bafu (’muso oa selestiale).

Mashome a Supileng:Mosebetsi kahar’a Boporista ba Melkisedeke. Monna ea ts’oereng mosebetsi ona ke paki e ikhethang ea Jesu Kreste ’me o thusa Ba -Apostola ho busa Kereke.

Meloko e leshome:Litloholo tsa leshome tsa tse leshome le metso e ’meli tsa bara ba Iseraele (Jakobo) ba ileng ba ba litlamong ’me bao sebaka sa bona esale se lahleha leseling la batho.

Moapostola:Mosebetsi kahar’a Boporista ba Melkisedeke. Ba-Apostola ke lipaki tse ikhethileng tsa Jesu Kreste lefats’eng lohle.

Mobishopo:Mosebetsi oa Boporista ba Aarone o nehang motho tokelo ea thuso ea nama le ea moea ea sehlopha sa litho tsa Kereke.

Moea:Ho bolela ho ts’oana le motho (’mele le moea ’moho). Le ha hole joalo, ka nako tse ling, lentsoe lena le sebelisoa ho bolela moea oa motho.

Moea:Se nehang ’mele bophelo. Ke karolo ea ’mele e bileng teng pele ho bophelo bona ’me e tsoelapele ho ba teng le kamor’a hore re shoe. Moea le ’mele li tla kopana hape ka tsoho ea bafu, ’me li ke ke tsa arohana hape.

Moea o Halalelang:Motho oa moea ea senang ’mele oa nama le masapo eo sepheeo sa hae e leng ho paka ka seo Ntat’a rona ea Maholimong le Jesu base buang le ho se etsa. Ha re re Moea oa Ntat’a rona ea Maholimong o na le rona, re bolela Moea o Halalelang.

Mohalaleli:Polelo e sebelisoang ho hloaea setho sa Kereke ea ’nete.

Moholo:Mosebetsi oa pele kahar’a Boporista ba Melkisedeke o neoang banna ba lokeloang ba lilemo li 18 ho ea holimo. E ba neha tokelo ea ho etsa mesebetsi e meng, eo e leng litlhohonolofatso maphelong a batho ba bang.

Mokhatlo:Sehlopha sa banna kapa bahlankana se hlophisitsoeng se nang le mosebetsi kahar’a boporista. Mokhatlo o mong le o mong o busoa ke moetapele le baeletsi ba babeli.

Molao oa Bohloeki:Taelo ea Ntat’a rona ea Maholimong ea hore motho a be le likamano tsa thobalano le molekane oa hae feela.

Molimo:Ea phahameng ka ho fetisisa ’me a busa ka hohle. Lebitso Molimo Hangata le bolela Ntat’a rona ea Maholimong, empa ka nako tse ling mangolong a halalelang le bolela Jesu.

Mopatriareka:Mosebetsi ka har’a Boporista ba Melkisedeke o neoang eo e leng moporista e moholo, eo kamor’a ho beoa mosebetsing oa mopatriareka a nehelanang ka litlhohonolofatso tse ikhethang tse bitsoang hlohonolofatso ea bopatriareka, ho litho tse lokeloang tsa Kereke.

Mopholosi:Ea pholosang e mong ho ho hong ho kotsi. Jesu ke Mopholosi oa rona hobane o re pholositse ho lefu la nama le lefu la moea.

Moporista:Mosebetsi ka har’a Boporista ba Aarone, oo ka neoang litho tsa Kereke tsa ba batona ba lokeloang qalong ea Pherekhong ea selemo seo ba bang lilemo tse 16. Mosebetsi ona o neha tokelo ea ho etsa likolobetso le lits’ebeletso tsa Boporista ba Aarone, ho hlohonolofatsa selallo, le ho etsa mesebetsi e meng.

Moporista e moholo:Mosebetsi oa Boporista ba Melkisedeke o ikarabellang ho tsamaiso ea lintho tsa moea.

Moporofeta:Monna ea bitsoang ke Ntat’a rona ea Maholimong ea buisanang le eena ’me a bua bakeng sa hae.

Morena:Lebitso la Molimo. Ka nako tse ling le bolela Ntat’a rona ea Maholimong ha ka nako tse ling le bolela Jesu Kreste.

Moruti:Mosebetsi ka har’a Boporista ba Aarone, o ka neoang litho tsa Kereke tsa ba batona ba lokeloang qalong ea Pherekhong ea selemo seo ba bang lilemo tse 14. Lebitso le hlaha ho boikarabelo ba mosebetsi, e leng ho ruta litho tsa Kereke.

Mosebetsi:Boemo ba tokelo kahar’a boporista. (Sheba Moteakone, Moruti, Moporista, joalo-joalo.)

Moteakone:Mosebetsi kahar’a Boporista ba Aarone, o ka neoang litho tsa Kereke tsa ba batona ba lokeloang qalong ea Pherekhong ea selemo seo ba bang lilemo tse 12. E ba neha tokelo ea ho etsa mesebetsi e meng ea nama.

Mpho ea Moea o Halalelang:Tokelo ea ho ba le ts’usumetso ea Moea o Halalelang kamehla. Mpho ena e nehelanoa kamor’a kolobetso.

Ntate oa Bosafeleng:Lebitso le leng leo re le nehang Ntat’a rona ea Maholimong.

Ntat’a rona ea Maholimong:Botho bo phethahetseng bo shebahalang joaloka ’mele o shoang empa e le ’mele oa nama le masapo. Ke Ntate oa moea ea rona eo re mo rapelang. O na le matla ’me O phela ka ho sa feleng. O oa re rata hobane re bana ba Hae. Hape re mo bitsa Ntat’a rona ea Maholimong.

Ntlo ea Iseraele:E mong le e mong oa tlhaho kapa litloholo tsa kamohelo tsa bara ba leshome le metso e ’meli ba Jakobo, eo lebitso la hae le fetohileng ho ba Iseraele (sheba Genese 32:28).

Pako:Ts’ebetso eo motho ea entseng libe a e etsang e le ho ts’oareloa. (Sheba khaolo ea 14.)

Paradeisi:Karolo ea lefats’e la moea moo moea e lokileng e phelang.

Phahamiso:Bophelo boemong bo ka holimo ba ’muso oa selestiale. Ba amohelang phahamiso ba tla ba joaloka Ntat’a rona ea Maholimong.

Ralipono:Ea ka bonelang pele nako e tlang hobane e senotsoe ho eena ke Ntat’a rona ea Maholimong. Ralipono o ts’oana le moporofeta.

Sehlabelo:(1) Khale-khale, ho bolaea liphoofolo ho mamela molao oa Ntat’a rona ea Maholimong. (2) Kajeno, ho tela se seng se nang le boleng ho rona, joaloka nako le lisebelisoa, ho thusa ba bang.

Selallo:Ts’ebeletso eo litho tsa Kereke li jang bohobe le metsi tse emelang ’mele le mali a Jesu e le ho re hopotsa Topollo ea hae bakeng sa libe.

Setereke:Sebaka kapa karohano e aroloang hape ka likarohano tsa makala tlasa bongosa ba Kereke. Se busoa ke mookameli le baeletsi ba hae ba babeli.

Setereke se ikemetseng:Mokhatlo oa litho kahar’a tikoloho ea sebaka moo Kereke e hlophisitsoeng ka botlalo ’me e busoa ke baetapele ba boporista ba khethiloeng. Se aroloa ka mabatoa a manyenyane a bitsoang makala.

Sione:Lebitso le leng la Jerusalema e Mocha, motse oo Jesu a tla busa lefats’e nakong ea Lilemo tse Sekete.

Tempele:Moaho o halalelang, o tsejoang ka hore ke ntlo ea Morena, moo teng lits’ebeletso tse halalelang li etsoang, tse kenyeletsang ts’ebeletso ea lenyalo la bosafeleng.

Tiiso ea bosafeleng:Ts’ebeletso e etsoang tempeleng e kopanyang monna le mosali ka ho sa feleng kapa bana ho batsoali ba bona.

Topollo:Ho patala ha Jesu, ka ts’otleho le lefu, ka lebaka la libe tsa batho tse ba lumellang ho lokolloa ho litlamorao tsa lefu la ’mele le la moea.

Tsoho ea bafu:Kopano ea ’mele le moea, kamor’a lefu, ho etsa ’mele o phelang ka ho sa feleng.

Ts’ebeletso:Tsamaiso ea mokete o etsoang ka tokelo ea boporista.

Ts’enolo:Leseli le fanoang ke Ntat’a rona ea Maholimong ho monna, hangata ka ts’usumetso ea moea o Halalelang, e ka ba lintho tsa khale, tsa kajeno, le tsa nako e tlang.

Hatisa