Scripture Stories
Khaolo ea 10: Jakobo le Shereme


“Khaolo ea 10: Jakobo and Shereme,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 27–29

“Khaolo ea 10,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 27–29

Khaolo ea 10

Jakobo le Shereme

Setśoantśo
Nefi o fana ka matlapa ho Jakobo

Pele Nefi a shoa o ile a fa moena oa hae Jakobo matlapa ao a neng a ngotse ho oona. Jakobo o ne a lokile.

Setśoantśo
Jakobo o ngola matlapeng

Nefi o ile a bolella Jakobo ho ngola lintho tse tla thusa batho ho lumela ho Jesu Kreste.

Setśoantśo
Nefi o hlohonolofatsa Jakobo

Nefi o ile a fa Jakobo matla a hoba moprista ka hare ho Kereke le ho ruta Ba-Nefi lentsoe la Molimo.

Setśoantśo
Jakobo a ruta batho

Kamorao ho hore Nefi a shoe ba bangata ba Ba-Nefi ba ile ba fetoha ho ba khopo. Jakobo o ile a ruta batho ´me a ba bolella hore ba bakele lintho tse mpe tseo ba neng ba li etsa.

Setśoantśo
Thuto ea Shereme

Monna ea khopo ea neng a bitsoa Shereme o ile a tsamaea har´a Ba-Nefi, a ba ruta ho se lumele ho Jesu Kreste.

Setśoantśo
Shereme

Shereme o ne a bolella batho hore ha hona ho ba le Kreste. Batho ba bangata ba ile ba lumela Shereme.

Setśoantśo
Shereme o ngangisana le Jakobo

Jakobo o ne a ruta batho ho lumela ho Kreste. Shereme o ne a batla ho ngangisana le Jakobo ´me a mo kholise hore ha hona ho ba le Kreste.

Setśoantśo
Jakobo le Shereme

Tumelo ea Jakobo ho Jesu Kreste e ne e ke ke ea tsitsingoa. O ne a bone mangeloi ´me a utloile lentsoe la Morena. O ne a tseba hore Jesu o tla tla.

Setśoantśo
Jakobo o fana ka bopaki ho Shereme

Moea o Halalelang o ne o e na le Jakobo ha a ne a fana ka bopaki ba hae ka Jesu Kreste ho Shereme.

Setśoantśo
Shereme o batla letśoao

Shereme o ile a kopa ho bona letśoao. O ne a batla hore Jakobo a netefatse hore Molimo o teng. O ne a batla ho bona mohlolo.

Setśoantśo
Jakobo

Jakobo o ne a ke ke a kopa Molimo letśoao. O ile a re Shereme o se a ntse a tseba hore seo eena Jakobo a se rutileng ke ´nete.

Setśoantśo
Jakobo le Shereme

Jakobo a re ha Molimo a otla Shereme, seo e tla be e le letśoao la matla a Molimo.

Setśoantśo
Shereme o oela fatśe

Hang hang Shereme a oela fatśe. O ile a sitoa ho tsoha nako ea matsatsi a mangata.

Setśoantśo
Shereme

Shereme o ile a fokola ´me o ne a tseba hore o tlo shoa. O ile a bokella batho ´moho.

Setśoantśo
Shereme o bua le batho

O ile a ba bollella hore o buile leshano. O ile a re ba lumele ho Jesu Kreste.

Setśoantśo
Shereme

Kamorao hore Shereme a qete ho bua le batho, o ile a shoa. Batho ba ile ba utloa matla a Molimo, ´me ba oela fatśe.

Setśoantśo
Jakobo le ba bang

Batho ba ile ba qalella ho baka ´me ba bala mangolo a halalelang. Ba ile ba phela ka khotso le lerato. Jakobo o ile a thaba ´me a tseba hore Molimo o arabile lithapelo tsa hae.

Hatisa