Scripture Stories
Khaolo ea 48: Khotso Amerika


“Khaolo ea 48: Khotso Amerika” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 136–37

“Khaolo ea 48,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 136–37

Khaolo ea 48

Khotso Amerika

Setśoantśo
Thuto ea barutuoa

Kamora hore Jesu a khutlele maholimong, barutuoa ba hae ba ile ba theha Kereke ea hae lefatśeng leo ka bophara.

Setśoantśo
Monna oa kolobetsoa

Batho ba ileng ba baka libeng tsa bona ba ile ba kolobetsoa ´me ba fumana Moea o Halalelang.

Setśoantśo
Batho ba thabile

Kapele Ba-Nefi bohle le Ba-Lamane ba ile ba fetoha. Ba ne ba sa ngangisane ´me bohle ba ne ba ena le ´nete.

Setśoantśo
Batho ba lutse

Ho ne ho sena morui kapa mofutsana. Batho ba ne ba arolelana tsohle, ´me bohle ba ne ba ena le tseo ba li hlokang.

Setśoantśo
Monna oa hlohonolofatsoa

Barutuoa ba ne ba etsa mehlolo ka lebitso la Jesu Kreste. Ba ne ba folisa ba kulang ´me ba tsosa bafu ba ba tlisa bophelong.

Setśoantśo
Batho ba a aha

Batho ba ile ba aha metse e mecha moo e meng e ileng ea timetsoa.

Setśoantśo
Banna ba a bua

Ba ne ba mamela litaelo tsa Molimo. Ba ne ba ila ´me ba rapela ´me ba kopana ´moho khafetsa ho utloa lentsoe la Molimo.

Setśoantśo
Bashemane ba ea bapala

Batho ba ne ba thabile.

Setśoantśo
Banna ba ea bua

Ho ne ho sena masholu, ba leshano, babolai. Batho ba ne ba sa arohana ka Bo-Nefi kapa Bo-Lamane empa e ne e le ntho e le ngoe, bana ba Kreste.

Setśoantśo
Ntate le mora

Morena o ne a ba hlohonolofatsa ho tsohle tseo ba neng ba li etsa.

Setśoantśo
Batho ba sebetsa ts´imong

Ba ile ba phela ka khotso lilemo tse 200. Batho ba ile ba rua haholo

Hatisa