Scripture Stories
Khaolo ea 35: Molaoli Moroni le Pahorane


“Khaolo ea 35: Molaoli Moroni le Pahorane,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 95–97

“Khaolo ea 35,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 95–97

Khaolo ea 35

Molaoli Moroni le Pahorane

Setśoantśo
Moroni o bala pampiri

Molaoli Moroni o ne a thabile ha a utloa hore Helamane le lebotho la hae ba ne ba hapile boholo ba naha ea Ba-Nefi ho Ba-Lamane.

Setśoantśo
bahlabani ba eme holima lerako

Empa Helamane le lebotho la hae ba ne ba hloka thuso. Ba ne ba sena masole a lekaneng ho sireletsa metse e mengata.

Setśoantśo
Molaoli Moroni o oa ngola

Molaoli Moroni o ile a ngola lengolo le eang ho Pahorane, eo e leng moahloli e moholo le ´musi. O ile a kopa Pahoraneho romela masole ho ea thusa lebotho la Helamane.

Setśoantśo
Ba-Lamane ba hlasela motse

Ba-Lamane ba ile ba hlasela motse oa Ba-Nefi oo Helamane a neng a o hapile. ba ile ba bolaea Ba-Nefi ba bangata ´me ba ba lelekisa ho tsoa motseng.

Setśoantśo
Moroni o oa ngola

Ke khalefo ho ´muso ka lebaka la hore ba ne ba sa romela thuso, Moroni o ile a ngolla Pahorane lengolo le leng.

Setśoantśo
masole

Molaoli Moroni o ile a ngola hore batho ba bangata ba ne ba bolailoe hobane Pahorane a ne a sa romella masole a mang.

Setśoantśo
Moroni oa ngola

Ha Pahorane a ke ke a potlaka ho romela banna le lijo, Moroni o tla nka lebotho la hae ho tla Zarahemla ´me a nke seo lebotho la hae le se hlokang.

Setśoantśo
Moroni o amohela lengolo

Hang feela Moroni o ile a fumana lengolo le tsoang ho Parohane. O ne a sa thaba ke hore Moroni le lebotho le hae ba ne ba sotleha.

Setśoantśo
Pahorane o ngola lengolo

Pahorane o ile a bolella Moroni hore sehlopha sa Ba-Nefi ba khopo se neng se bitsoa ba marena se ne se sa batle hore e be moahloli e moholo. Ba ne ba mo lelekile le balateli ba hae Zarahemla.

Setśoantśo
Lebotho le bokana kantle ho motse

Pahorane o ile a eketsa ka hore o ntse a bokella lebotho ho leka ho hapa Zarahemla.

Setśoantśo
morena le banna ba hae

Ba marena ba ne ba khethile morena ho ba moetapele oa bona ´me ba ne ba ikopantse le Ba-Lamane.

Setśoantśo
Pahorane o ngola lengolo

Pahorane o ne a sa koatela seo Moroni a neng a se ngotse. O ne a batla ha Ba-Nefi ba lokolohile le eena.

Setśoantśo
Moroni o bala lengolo

O ile a kopa Moroni ho tla le banna ba ´maloa ho tla mo thusa ´me a re ha Moroni a ka bokella banna ba bang tseleng, lebotho leo le kopaneng le tla hapa Zarahemla.

Setśoantśo
Moroni o tśoere lengolo

Molaoli Moroni o ile a thabela ho utloa hore Pahorane o ntse a ts´epahala ´me o ntse a batla tokoloho ea batho ba habo.

Setśoantśo
Moroni le masole

Ka banna ba habo ba ´maloa, Moroni o ile a lo kopana le Pahorane. O ile a nka sehlooho sa tokoloho, ´me likete tsa banna li ile tsa kopana le bona tseleng.

Setśoantśo
Ntoa lerakong la motse

Mabotho a kopaneng a Moroni le Pahorane a ile a hoanta khahlanong le Zarahemla. Ba ile ba bolaea morena oa Ba-Nefi ba khopo ´me ba tśoara banna ba habo.

Setśoantśo
Moroni le masole

Eaba Moroni o romela lijo le masole a 12,000 ho ea thusa mabotho a Ba-Nefi. Mabotho ana a ile a leleka Ba-Lamane, ´me ho ile ha ba le khotso hape lefatśeng leo.

Hatisa