Lipale tsa Mangolo a Halalelang
Khaolo ea 44: Jesu Kreste o Hlohonolofatsa Bana


“Khaolo ea 44: Jesu Kreste o Hlohonolofatsa Bana,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 124–25

“Khaolo ea 44,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 124–25

Khaolo ea 44

Jesu Kreste o Hlohonolofatsa Bana

Setśoantśo
Kreste le bana

Jesu Kreste o ile a bolella Ba-Nefi ho tlisa bana ba bona ho eena. Bana ba ile ba lula fats´e haufi le Jesu.

Setśoantśo
Jesu o rapela le bana

Jesu o ile a bolella batho hore ba khumame fats´e. Eaba oa khumama ´me o rapela ho Ntate ea Maholimong.

Setśoantśo
Batho ba bososela

Thapelo ea Mopholosi e ne e le monate hoo e sa kang ea ngoloa fats´e. E ile ea tlatsa ba-Nefi ka nyakallo.

Setśoantśo
Jesu o bua le batho

Kamora thapelo ea hae Jesu o ile a re ba-Nefi ba tla hlohonolofatsoa ka lebaka la tumelo ea bona.

Setśoantśo
Jesu

O ile a utloa lerato le nyakallo hoo a ileng a lla.

Setśoantśo
Jesu o hlohonolofatsa bana

Eaba o nka bana ka bo mong ´me a ba hlohonolofatsa. O ile a rapella ho Ntate ea Maholimong ´me a boela a lla.

Setśoantśo
Jesu le bana

Jesu o ile a re ba-Nefi ba bone bana ba bona.

Setśoantśo
Mangeloi a potapota bana

Ha batho ba shebile, mangeloi a ile a theoha maholimong ´me a potapota bana. Bana le mangeloi ba ne ba potapotiloe ke mollo.

Hatisa