Scripture Stories
Khaolo ea 7: Ho Aha Sekepe


“Khaolo ea 7: Ho Aha Sekepe,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 21–22

“Khaolo ea7,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 21–22

Khaolo ea 7

Ho Aha Sekepe

Setśoantśo
Nefi

Kamora hore lelapa la Lehi le lule lebopong la leoatle matsatsi a mangata, Morena o ile a bua le Nefi. A mo bolella hore a ahe sekepe ho jara lelapa la habo ho ea lefatśeng la pallo.

Setśoantśo
Nefi o etsa lisebelisoa

Nefi o ne a sa tsebe ho etsa sekepe, empa Morena a re o tla mo bonts´a. A bolella Nefi moo a ka fumanang ts´epe ho etsa liselelisoa tseo a tlang ho li hloka.

Setśoantśo
Lamane le Lemuele le Nefi

Lamane le Lemuele ba ile ba tśeha ka Nefi ha a batla ho aha sekepe. Ba ne ba sa lumele hore Morena o bontśitse Nefi hore na sekepe se ahoa joang. Ba ile ba hana ho thusa.

Setśoantśo
Nefi o bua le Lamane le Lamuele

Nefi o ile a bolella Lamane la Lemuele ho baka ´me ba se ke ba ba manganga. A ba hopotsa hore ba ile ba bona lengeloi. A boela a ba bolella hore Molimo o na le matla a ho etsa lintho tsohle.

Setśoantśo
Lamane le Lemuele ba batla ho akhela Nefi leoatleng

Lamane le Lemuele ba ile ba halefela Nefi ´me ba ile ba batla ho mo akhela ka leoatleng.

Setśoantśo
Nefi le Lamane le Lamuele

Ha ba tla ho Nefi, o ile a ba bolella hore ba se mo tśoare hobane o tletse ka matla a Molimo. Lamane le Lemuele ba ile ba tśoha matsatsi a mangata.

Setśoantśo
Lamane le Lemuele ba khutlela morao

Eaba Morena O bolella Nefi ho tśoara Lamane le Lemuele. Ha Nefi a etsa joalo, Morena O ile a ba tsitsipanya. Lamane le Lemuel ba ile ba tseba hore matla a Molimo a na le Nefi.

Setśoantśo
Nefi

Nefi o ile a bolella Lamane le Lemuele ho mamela batsoali ba bona le ho mamela Molimo. Nefii a re ha ba ka etsa seo, ba tla hlohonolofatsoa.

Setśoantśo
Lamane le Lemuele ba aha sekepe

Lamane le Lemuele ba ile ba baka ´me ba thusa Nefi ho aha sekepe.

Setśoantśo
Nefi o oa rapela

Nefi o ile a leba thabeng makhetlo a mangata ho ea rapella thuso. Morena o ile a mo ruta hore na sekepe se ahoa joang.

Setśoantśo
sekepe se felileng

Ha Nefi le baholoane ba hae ba se ba qetile ho aha sekepe, ba ile ba tseba hore e ne e le sekepe se nepahetseng. Ba ile ba leboha Molimo ka ho ba thusa.

Hatisa