Scripture Stories
Batho bao u ka ba Tsebang


“Batho bao u ka ba Tsebang,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 163–64

“Batho ba ho Tsejoa” Lipale tsa Buka ea Mormone, 163–64

Batho bao u ka ba Tsebang

Aarone

mora oa Morena Mosaia ´me e le moruti ho Ba-Lamane

Abinadi

moporofeta ea neng a rometsoe ho ea ruta Morena Noah, ea ileng a etsa hore Abinadi a chesetoe lefu

Adama

motho oa pele lefatśeng

Alma

moprista oa Morena Noah ea ileng a lumela lithuto tsa Abinadi ´me hamorao a fetoha moetapele oa Kereke

Alma e Monyenyane

mora oa Alma ea ileng a fetoha ´me a leka ho timetsa Kereke empa a fetoha pelo ´me a qala ho ruta evangeli. O ile a fetoha moetapele oa Kereke le hoba moahloli oa pele e moholo.

Amalickiah

monna ea khopo ea neng a batla hoba morena oa Ba-Nefi empa o ne a tlilo felisa bolokolohi ba batho. Ha e sa fetohe morena, a tsamaea ho ea kopana le Ba-Lamane.

Amliki

monna ea khopo ea neng a batla ho ba morena oa Ba-Nefi. Ha e sa fetohe morena, eena le balateli ba hae ba ile ba tsamaea, ba hlasela Ba-Nefi, ´me ba kopana le Ba-Lamane.

Ammarone

monna ea lokileng ea ileng a fa Mormone lingoliloeng hore li tle li bolokehe

Ammone, batho ba

Ba-Lamane ba ileng ba sokolloa ke bara ba Mosaia. Batho bao ba ile ba tsetela lihlomo tsa bona ´me ba tśepisa ho se hlole ba loana hape.

Ammone1

moetapele oa sehlopha sa Ba-Nefi ba neng ba tsoa Zarahemla ho ea naheng ea Nefi ´me ba thusa Ba-Nefi ho baleha

Ammone2

E mong oa bara ba Mosaia ea ileng a sireletsa mohlape oa Morena Lamoni masholung. O ile a ruta le ho fetola Ba-Lamane ba bangata.

Amuleke

molekane oa boruti ho Alma e Monyenyane Ba ile ba koalloa chankaneng empa ba sebelisa matla a Molimo ho liela marako a chankana.

Amulone

moprista ea khopo oa Morena Noah ea ileng a etsoa ´musi holima batho ba Alma. O ne a ba sebelisa ka thata ´me a ba tśosa ka ho bolaea mang kapa mang ea tla fumanoa a rapela.

Ba-Amliki

balateli ba Amliki. Ba ile ba ipeha letśoao le lefubelu liphatleng ´me ba kopana le Ba-Lamane

Ba-Anti-Nefi-Lehi

(bona Ammone, batho ba)

bahlankana ba bahlabani ba likete li peli

lebotho la bahlankana ba Ba-Ammone ba neng ba eteletsoe pele ke Helamane. Ba ile ba loana hore batsoali ba bona, ba neng entse kano ea ho se loane, ba se ke ba tlameha ho loana.

Ba-Jaredite

Balateli ba Jerede le moena oa hae ba ileng ba siea Babele ´me ba tsamaea ho ea lefatśeng la pallo.

Ba-Lamane

leloko kapa balateli ba Lamane le Lemuele kapa batho ba ileng ba hana evangeli

Ba-Nefi

balateli ba Nefi kapa batho ba ileng ba amohela evangeli

bara ba Mosaia

Bara ba morena Mosaia Aarone, Ammone,2 Himni, le Homnere ene e le barumuoa ba boruti lihabeng ba khethehileng ho Ba-Lamane

batho ba marena

Ba-Nefi ba neng ba batla ho busoa ke morena, e seng baahloli. Ha ba sitoa ho ba le morena , ba ile ba kopana le Ba-Lamane ´me ba hlasela Ba-Nefi.

Batho ba tokoloho

Ba-Nefi ba neng ba batla ho phela ka bolokolohi le ho khumamela kamoo ba khethang ka teng. Ba ne ba busoa ke baahloli, eseng morena.

Ba-Zorame

Batho ba khopo bao e kileng ea eba litho tsa kereke ea Molimo. Ba ne ba rapella ka har´a masinakhokhe sethaleng se neng se bitsoa Rameamptome.

Benjamine, Morena

morena ea lokileng ea ileng a ema holima tora ho ruta batho ba hae ka Jesu Kreste

Enose

mora oa Jakobo ea ileng a rapela letsatsi lohle le bosiu ba teng. O ne a rapella Ba-Nefi le Ba-Lamane.

Ethere

moporofeta ea ileng a hlokomelisa Ba-Jerede hore ba bake ´me a ngola ka timelo ea bona

Eva

mosali oa pele lefatśeng

Gideone

monna ea lokileng oa Mo-Nefi a neng a sireletsa Kereke ha Nehore a qala ho ruta batho mashano. Nehore o ile a ´molaea.

Hagothe

Mo-Nefi oa seahi sa likepe ea ileng a lebisa Ba-Nefi ba bangata lefatśeng la leboea

Helamane

mora e moholo oa Alma e Monyenyane. O ile a fuoa matlapa ´me a bolelloa hore a ngole ka nalane ea batho ba habo. O ne a boetse e le moetapele oa bahlankana ba bahlabani ba 2,000.

Himni

mora oa Morena Mosaia ´me e le moruti ho Ba-Lamane

Ishmaele

monna oa Jerusalema ea ileng a tsamaea le lelapa la Lehi ho ea lefatśeng la pallo. Barali ba hae ba ile ba nyaloa ke bara ba Lehi.

Jakobo

mora oa Lehi le Saria. O ile a toba Shereme, ea neng a re Jesu ha a teng.

Josefa

mora oa Lehi le Saria ea neng a lokile ea ileng a tsoalloa lefelleng

Joseph Smith Jr.

Moporofeta oa mehla ea kajeno ea ileng a fetolela Buka ea Mormone ho tsoa matlapeng a khauta

Koriantume

morena ea khopo eo e ileng ea eba Mo-Jerede oa ho qetela ea phetseng.

Koriho

Monna ea khopo ea neng a batla ho bona letśoao ho paka hore Molimo o teng. Molimo o ile a fa Koriho letśoao ka ho nka lentsoe la hae.

Korintone

mora oa Alma e Monyenyane eo e neng e se moruti ea tśepahalang ´me a sa loka

Labane

monna ea khopo Jerusalema ea ileng a hana ho fa bara ba Lehi matlapa a tśepe e khubelu

Lamane

mora e moholo oa Lehi le Saria. O ne a le khopo ´me o ile a hlanohela Molimo.

Lamane, Morena

morena ea khopo oa Ba-Lamane ea ileng a fa Zeniffe le balateli ba hae metse e ´meli empa eaba o oa ba hlasela.

Lamoni, Morena

Morena oa Ba-Lamane a ileng a rutoa evangeli ´me a lumela. Ammone2 o sirelelitse mehlape ea morena ho masholu

Lamoni, ntate oa Morena

Morena oa Ba-Lamane a ileng a rutoa evangeli ´me a lumela. O ile a re o tla lahla libe tsohle tsa hae ho tseba Molimo.

Lehi1

moporofeta ea ileng a hlokomelisa hore Jerusalema e tla timetsoa. O ile a mamela ha Molimo a ´molella hore a nke lelapa la hae a ee lefelleng.

Lehi2

Mora oa Helamane. Eena le moena oa hae, Nefi, ba ile ba koalloa chankaneng ´me ba potapotoa ke mollo.

Lemuel

mora ea khopo oa Lehi le Saria

Limhi, Morena

mora ea lokileng oa Morena Noah. Eena le batho ba hae e ne e le makhoba a Ba-Lamane empa ba baleha.

Maria

´me oa Jesu

Moholoane oa Jerede

moporofeta ea kileng a kopa Jesu ho thetsa majoe a 16 hore a tle a khantśe ka likepeng tseo Ba-Jerede ba neng ba li sebelisa ho leba lefatśeng la pallo

Mormone

moetapele oa mabotho a Ba-Nefi ´me e le e mong oa baporofeta ba ho qetela ba Ba-Nefi. O ile a kopanya Buka ea Mormone.

Moroni

mora oa Mormone ´me e le Moporofeta oa ho qetela oa Ba-Nefi. O ile a tsetela matlapa a khauta ´me hamorao a itlhahisa ho Joseph Smith e se e le lengeloi.

Moroni, Molaoli

moetapele ea lokileng oa lebotho la Ba-Nefi. O ile a etsa sehlooho sa tokoloho ´me a bolella lebotho la hae ho loanela bolokolohi.

Mosaia, Morena

morena oa ho qetela oa Ba-Nefi. O ne a ena le bara ba bane.

Nefi1

mora ea lokileng oa Lehi le Saria. O ile a fumana matlapa a tśepe e khubelu ho Labane ´me a aha sekepe se ileng sa nka lelapa la habo lefatśeng la pallo.

Nefi2

Mora oa Helamane. Eena le moholoane oa hae, Lehi, ba ile ba koalloa chankaneng ´me ba potapotiloe ke mollo. Nefii o ile a etsa hore tlala e be teng ho ruta batho ho baka.

Nefi3

monna ea lokileng ea ileng a khethoa ke Jesu Kreste ho ba morutuoa le ho ba moetapele oa Kereke ea hae.

Nehor

monna ea khopo ea ileng bua ka sebete khahlanong le Kereke. O ile a bolaea Gideone ´me o ile a bolaoa.

Noah, Morena

morena ea khopo ea neng a rata maruo ´me a ruta batho ba hae ho ba khopo. Batho ba hae ba ile ba mo chesa ka mollo ho fihlela a shoa.

Omnere

mora oa Morena Mosaia ´me e le moruti ho Ba-Lamane

Pahorane

moahloli e moholo oa Ba-Nefi ea ileng a thusa Molaoli Moroni ho hlola Ba-Nefi ba khopo

Samuele oa Mo-Lamane

moporofeta ea ileng a senolela Ba-Nefi ka matśoao a tsoalo le lefu la Jesu Kreste.

Saria

Mosali oa1 Lehi

Seamtume

ngoana bo Seezorame e bile e le ´molai oa hae

Seezorame

moahloli e moholo ea ileng a bolaoa ke ngoana oa bo

Seme

mora ea lokileng oa Lehi le Saria

Shereme

Mo-Nefi ea khopo ea neng a batla letśoao pele a ka lumela ho Jesu Kreste

Shitse

Mo-Jerede ea khopo ea neng a eteletse lebotho pele khahlanong le Koriantumere ´me e ne e le e mong oa Ba-Jerede oa ho qetela ea neng a phela

Zeezrome

monna oa ´muelli ea ileng a tśepisa Amuleke chelete hore a re Molimo ha a teng. Alma e Monyenyane o ile a mo ruta evangeli, ´me a baka.

Zeniffe

moetapele ea lokileng ea ileng a tsamaea le sehlopha sa Ba-Nefi ho tloha Zarahemla ho ea lefatśeng la Nefi, moo ba ileng ba eba makhoba a Morena Lamane ea khopo

Zerahemnah

moetapele ea khopo oa Mo-Lamane ea ileng a loantśa Ba-Nefi ´me a batla ho ba etsa makhoba. O ile a sehoa letlalo la hlooho ntoeng khahlanong le lebotho la Molaoli Moroni.

Zorame

mosebeletsi oa Labane a ileng a tsamaea le lelapa la Lehi ho ea lefatśeng la pallo

Hatisa