Scripture Stories
Khaolo ea 30: Alma O Laea Bara Ba Hae


“Khaolo ea 30: Alma O Laea Bara Ba Hae,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 82–84

“Khaolo ea 30,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 82–84

Khaolo ea 30

Alma O Laea Bara Ba Hae

Setśoantśo
Alma o bua le bara

Alma o ne a sa thaba ka lebaka la kamoo Ba-Nefi ba neng ba se ba le khopo ka teng. O ile a bua le bara ba hae ka bo mong ka ho phela ka ho loka.

Setśoantśo
lengeloi le Alma le bara ba Mosaia

Alma o ile a bolella Helamane, mora oa hae e moholo, ho tśepa Molimo. O ile a mo bolella ka lengeloi leo Molimo a neng a le romelle ho thiba Alma ho senya Kereke.

Setśoantśo
Alma a sotleha a le malaong

Alma o ile a hlokofala ka lebaka la melato ea hae. Eaba o hopola lithuto tsa ntata´e ka Jesu, ´me o ile a tseba hore a ka ts´oareloa libe tsa hae.

Setśoantśo
Alma

Alma o ile a rapella tśoarelo, ´me thabo e ile ea tlosa bohloko moeeng oa hae. O ile a tśoareloa hobane o ne a na le tumelo ho Jesu Kreste ´me o ne a bakile.

Setśoantśo
Alma oa ruta

Ho tloha ka nako eo Alma o ne a ruta ba bang evangeli hore le bona ba tle ba utloe thabo e ts´oanang le eo a ileng a e utloa. Molimo o ne a hlohonolofalitse Alma ka lebaka la ts´epo ea hae ho Molimo.

Setśoantśo
Alma o fa Helamane lingoliloeng

Alma o ile a fa Helamane lingoliloeng tse halalelang ´me a mo bolella hore a tsoele pele ho ngola nalane ea batho ba habo.

Setśoantśo
Alma o bua le Helamane

Alma o ile a ´molella hore ha a ka boloka litaelo, Molimo o tla mo hlohonolofatsa ´me a mo thuse ho sireletsa lingoliloeng tseo.

Setśoantśo
Alma le Helamane

Alma o ile a boela a bolella Helamane ho rapela hoseng ho hong le ho hong le bosiu ´me a bue le Molimo ka tsohle tseo a li etsang hore Molimo a tle a tsebe ho mo tataisa.

Setśoantśo
Shiblone

Alma o ne a thabile ka mora oa hae Shiblone, eo e neng e le moruti ea sebete ho Ba-Zorame. Shiblone o ne a ile a ts´epahala le ha ba ile ba mo otla ka majoe.

Setśoantśo
Alma le Shiblone

Alma o ile a hopotsa Shiblone hore tsela e ngoe feela ea ho bolokeha ke Jesu Kreste. Alma o ile a khothaletsa mora oa hae ho tsoela pele ho ruta evangeli.

Setśoantśo
Koriantone

Mora oa Alma Korintone o ne a sa ka a boloka litaelo. Ha a ka ba morumuoa oa boruti lichabeng ea ts´epahalang ha a ntse a ruta Ba-Zorame

Setśoantśo
Alma

Ka lebaka la seo Korintone a neng a se entse, Ba-Zorame ba ne ba sa lumele lithuto tsa Alma.

Setśoantśo
Alma le Korintone

Alma o ile a bolella Korintone hore batho ba ke ke ba pata libe tsa bona ho Molimo ´me Korintone o ne a hloka ho baka.

Setśoantśo
Alma

Alma o ile a ruta mora oa hae hore bohle ba tla tsoha bafung empa ba lokileng ke bona feela ba tlang ho phela le Molimo.

Setśoantśo
Alma le Korintone

Bophelong bona ke eona nako ea batho ea ho baka le ho sebeletsa Molimo, Alma a rialo.

Setśoantśo
Alma o fa Korintone mangolo a halalelang

Ha a hopotsa Korintone hore o bitsitsoe e le morumuoa oa boruti lichabeng, Alma o ile a mo bolella hore a khutlele ho Ba-Zorame ´me a ba rute ho baka.

Setśoantśo
Alma le bara ba hae ba a ruta

Alma le bara ba hae ba ile ba tsoela pele ho ruta evangeli. Ba ne ba ruta ka matla a boprista.

Hatisa