Scripture Stories
Khaolo ea 36: Hagothe


“Khaolo ea 36: Hagoth,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 98

“Khaolo ea 36,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 98

Khaolo ea 36

Hagothe

Setśoantśo
Ba-Nefi ba leetong

Ka lilemo tse ka bang 55 pele ho tsoalo ea Jesu Kreste, likete tsa Ba-Nefi tsa banna, basali, le bana li ile tsa tloha Zarahemla ´me tsa tsamaela leboea.

Setśoantśo
Hagothe o aha sekepe se seholo

E mong oa bona, ea neng a bitsoa Hagothe, o ile a aha sekepe ´me a se qhobela ka leoatleng la bophirima.

Setśoantśo
Ba-Nefi ba kenya lintho sekepeng se seholo

Ba-Nefi ba bangata ba ile ba nka lijo le litlhoko ´me ba ea leboea ka sekepe sa hae.

Setśoantśo
Sekepe ka metsing

Eaba Hagothe o aha likepe tse ling tse ileng tsa isa batho lefatśeng le leboea. Sekepe sa pele se ile sa khutla ´me sa thotha batho ba bang.

Setśoantśo
likepe tse peli metsing

Sekepe se seng se ile sa tsamaea. Ha ho sekepe se ileng sa khutla, ´me Ba-Nefi ha ba ka ba hlola ba tseba se ileng sa etsahala ka batho bao.

Hatisa