Scripture Stories
Khaolo ea 38: Polao ea Moahloli e Moholo


“Khaolo ea 38: Polao ea Moahloli e Moholo,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 103–7

“Khaolo ea 38,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 103–7

Khaolo ea 38

Polao ea Moahloli e Moholo

Setśoantśo
Ba-Nefi ba khopo ba ea bua

Banna ba khopo e ile ba fetoha baahloli ba Ba-Nefi. Ba ne ba fa batho ba lokileng likotlo empa e seng batho ba khopo.

Setśoantśo
Nefi

Nefi o ne a sa thabela ho bona bokhopo bo bokaalo har´a batho.

Setśoantśo
Tsela e kenang Zarahemla

Ka letsatsi le leng o ne a ntse a rapela toreng serapeng sa hae. serapa sa hae se ne se le pela tsela e kholo e lebang ´marakeng Zarahemla.

Setśoantśo
Nefi ha a ntse a rapela

Batho ba neng ba feta ka tsela ba ile ba utloa Nefi a ntse a rapela. Sehlopha se seholo sa batho se ile sa bokana, ba ipotsa hore ke hobaneng a sa thaba.

Setśoantśo
Nefi o bua le batho

Ha Nefi a bona batho, o ile a ba bolella hore ha a thaba ka lebaka la bokhopo ba bona. O ile a ba bolella hore ba bake.

Setśoantśo
Ba-Nefi ba mametse Nefi

O ile a ba hlokomelisa hore ha ba sa bake, lira tsa bona li tla nka mahae a bona le metse ´me Morena ha na ho ba thusa ho loantśa lira tsa bona.

Setśoantśo
Nefi oa bua

Nefi o ile a re Ba-Nefi ba ne ba le khopo ho feta Ba-Lamane hobane Ba-Nefi ba ne ba rutiloe melao empa ba ne ba sa e mamele.

Setśoantśo
Nefi o oa bua

O ile a re haeba Ba-Nefi ba sa bake, ba tla timetsoa.

Setśoantśo
Batho ba halefile

Ba bang ba baahloli ba khopo ba ne ba le teng moo. Ba ne ba batla hore batho ba otle Nefi ka ho bua khahlanong le bona le molao oa bona.

Setśoantśo
Banna ba ngangisana

Batho ba bang ba ne ba lumellana le baahloli bao ba khopo. Ba bang ba ne ba lumela Nefi; ba ne ba tseba hore ke moporofeta ´me o ne a bua ´nete.

Setśoantśo
Nefi o oa bua

Nefi o ile a bolella batho hore ba fetohile khahlanong le Molimo ´me haufinyane ba tla otloa haeba ba sa bake.

Setśoantśo
Nefi o supile

Nefi o ile a bolella batho ho ea batla moahloli oa bona e moholo. Ba tla mo fumana a rapaletse ka har´a mali a hae, a bolailoe ke ngoanabo ea batlang boemo ba hae.

Setśoantśo
Banna ba matha

Banna ba bahlano ho tsoa letśoeleng ba ile ba matha ho ea bona moahloli e moholo. Ba ne ba sa lumele hore Nefi ke moporofeta oa Molimo.

Setśoantśo
Moahloli e moholo o timetse

Ha ba fumana Seezorame, moahloli e moholo, a rapaletse ka har´a mali a hae, ba ile ba oela fatśe ke letsoalo. Joale ba ile ba tseba hore Nefi ke moporofeta.

Setśoantśo
Banna ba ea supa

Basebeletsi ba Seezorame ba ne ba se ba ile ba fumana moahloli e moholo ´me ba mathile ho ea bolella batho. Ba ile ba khutla ´me ba fumana banna ba bahlano ba rapaletse moo.

Setśoantśo
Banna ba halefile

Batho ba ne ba nahana hore banna bao ba bahlano ba bolaile Seezorame.

Setśoantśo
Banna ba ea bua

Ba ile ba lahlela banna bao ba bahlano chankaneng ´me ba romela lentsoe motseng ka bophara hore moahloli e moholo o bolailoe ´me babolai ba chankaneng.

Setśoantśo
Banna ba ea bua

Letsatsi le hlahlamang batho ba ile ba leba moo moahloli e moholo a tlang ho patoa. Baahloli ba neng ba le teng serapeng sa Nefi ba ile ba botsa hore na banna ba bahlano bao ba kae.

Setśoantśo
Baahloli ba ea bua

Baahloli ba ile ba kopa ho bona baqosuoa ba babolai.

Setśoantśo
Banna ba ka pela baahloli

Baqosuoa ba babolai e ne e le banna ba bahlano ba ileng ba matha ho tloha serapeng sa Nefi ho leba ho moahloli e moholo.

Setśoantśo
Banna ba ka pela baahloli

Banna bao ba bahlano ba ile ba re ba fumane moahloli e moholo a rapaletse ka har´a mali, joaloka ha Nefi a ile a bolela. Eaba baahloli ba qosa Nefi ka ho romela motho ho ea bolaea Seezoram.

Setśoantśo
Banna ba ba hlano ba tlangoa

Ka ho tseba hore Nefi ke moporofeta, banna bao ba bahlano ba ile ba ngangisana le baahloli, empa bao ba se ke ba mamela. Ba ile ba tlama Nefi.

Setśoantśo
Moahloli o bua le Nefi

Baahloli ba ile ba tśepisa Nefi chelete le bophelo ba hae ha a ka a re o ile a rera ho bolaea moahloli e moholo.

Setśoantśo
Nefi o a tlangoa

Nefi o ile a bolella baahloli hore ba bakele bokhopo ba bona. Eaba o ba bolella hore ba lebe ho Seantume, ngoanabo Zeezorame.

Setśoantśo
Moahloli o bua le Seantume

Nefi o ile a ba bolella hore ba botse Seantume haeba eena le Nefi ba ne ba rerile ho balaea Seezorame. Nefi o ile a re Seantume o tla re “che.”

Setśoantśo
Banna ba phamola kobo ea Seantume

´Me baahloli ba tle ba botse Seantume hore o bolaile ngoanabo na. Seantume o tla a boela a re “che,”empa baahloli ba tla fumana mali liaparong tsa Seamtume.

Setśoantśo
Seantume

Nefi a re Seantume o tla thothomela le ho pulufala ´me o tla qetella a ipoletse hore o bolaile ngoanabo.

Setśoantśo
Seantume o a nkuoa

Baahloli ba ile ba leba ntlong ea Seantume, ´me tsohle li ile tsa etsahala joalo ka ha Nefi a ne a boletse hore li tla etsahala ka teng. Nefi le banna ba bahlano ba ile ba lokolloa.

Setśoantśo
Nefi

Ha batho ba tloha ho Nefi, ba bang ba ne ba re ke moporofeta; ha ba bang ba ne ba re ke molimo. Nefi o ile a leba hae, a ntse a sa thaba ke bokhopo ba bona.

Hatisa