Lipale tsa Mangolo a Halalelang
Khaolo ea 2: Lehi o Lemosa Batho


“Khaolo ea 2: Lehi o Lemosa Batho,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 5

“Khaolo ea 2,” Lipale tsa Buka ea Mormone 5

Khaolo ea 2

Lehi o Lemosa Batho

Setśoantśo
Moporofeta oa ruta

Boholo ba batho ba neng ba phela Jerusalema lilemong tse 600 pele ho tsoalo ea Kreste ba ne ba le khopo. Molimo o ile a romela baporofeta ho ba bolella hore ba bake, empa ba ne ba sa mamele.

Setśoantśo
Lehi le lelakabe la mollo

Lehi e ne e le Moporofeta. O ile a rapella hore batho ba bake. Ha a ntse a rapela, lelakabe la mollo la hlaha. Molimo a bolella le ho bontśa Lehi lintho tse ngata.

Setśoantśo
Lehi o ba le pono

Lehi a khutlela hae ´me a ba le pono. A bona Molimo a potapotiloe ke mangeloi. Mangeloi a ne a bina le ho rorisa Molimo.

Setśoantśo
Pono ea Lehi

Ponong ea hae Lehi o ile a fuoa buka e neng e mo bolella ka liketsahalo tsa nakong e tlang. O ile a bala hore Jerusalema e tla timetsoa hobane batho ba ne ba le kgopo.

Setśoantśo
Lehi o buisana le batho

Lehi o ile a bolella batho hore Jerusalema e tla timetsoa. A boela a bolela ka ho tla ha Jesu. Batho ba ile ba halefa ´me ba leka ho bolaea Lehi, empa Morena a mo sireletsa.

Hatisa