Scripture Stories
Khaolo ea 15: Alma o oa Ruta o oa Kolobetsa


“Khaolo ea 15: Alma o oa Ruta o oa Kolobetsa,” Lipale tsa Buka ea Mormone, (1997), 43–44

“Khaolo ea 15,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 43–44

Khaolo ea 15

Alma o oa Ruta hape o oa Kolobetsa

Setśoantśo
Alma o oa ngola

Alma o ile a baleha basebeletsi ba Morena Noah ´me a ipata ka matsatsi a mangata. Ha a ntse a ipatile joalo, o ile a ngola seo moporofeta Abinadi a neng a se rutile.

Setśoantśo
Alma o ruta ba bang

Alma o ile a bakela libe tsa hae ´me a ea ho Ba-Nefi ka lekunutu, ho ea ba ruta molaetsa oa Abinadi. Alma o ile a bolella batho ho ba le tumelo ho Jesu Kreste ´me ba bake.

Setśoantśo
Alma

Motśeare Alma o ne a ipata sehlotśoaneng sa lifate pela letamo le neng le bitsoa Metsi a Mormone.

Setśoantśo
Alma o kolobetsa ba bang

Ba neng ba lumela lithuto tsa Alma ba ne ba ea Metsing a Mormone ´me ba ne ba kolobetsoa. Alma o ile a kolobetsa batho ba 204 ho kena Kerekeng ea Kreste.

Setśoantśo
Alma o beha baprista matsoho

Alma o ile a beha babang matsoho ho ba fa boprista hore ba rute batho. O ile a bolella baprista ho ruta pako le tumelo ho Jesu Kreste. A boela a re ba se etse likhang empa e be ntho e le ngoe.

Setśoantśo
Batho ba ea arolelana

Batho ba Alma ba ne ba ratana ´me ba sebeletsana. Ba ne ba arolelana tsohle tseo ba neng ba na le tsona ´me ba ne ba lebohela ho ithuta ka Jesu Kreste, Molopolli oa bona.

Setśoantśo
Basebeletsi ba Noah ba hloelisa Alma

Basebeletsi ba Morena Noah ba ile ba bona Alma a ntse a ruta batho. Morena o ile a re Alma o etsa hore Ba-Nefi ba mo fetohele,´me o ile a romela lebotho la masole ho ea ba bolaea.

Setśoantśo
Alma le ba bang ba baleha

Molimo o ile a hlokomelisa Alma hore lebotho la Morena Noah le ntse le tla. Batho ba ile ba bokella malapa a bona, liphoofolo, le lithepa tse ling tsa bona ´me ba balehela lefelleng.

Setśoantśo
Lesole la Morena Noah

Molimo o ile a matlafatsa batho ba Alma hore ba tsebe ho baleha lebotho la Morena Noah. Lebotho la masole le ile la ba batla empa la se ke la ba fumana.

Setśoantśo
Batho ba ea lema

Kamora ho tsamaea lefelleng matsatsi a robeli, batho ba Alma ba ile ba fihla sebakeng se setle se neng se na le metsi a hloekileng a phallang moo. Mona ba ile ba lema lijalo ´me ba aha meaho.

Setśoantśo
Alma o buisana le ba bang

Batho ba ne ba batla hore Alma e be morena oa bona, empa Alma a re Molimo o ne a sa batle ha ba ba le morena. Molimo o ne a rata ha ba lokolohile.

Hatisa