Scripture Stories
Khaolo ea 51: Ba-Jerede Ba Tsamaea ho ea Lefatśeng La Pallo


“Khaolo ea 51: Polao ea Moahloli e Moholo,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 51

“Khaolo ea 51,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 51

Khaolo ea 51

Ba-Jarede Ba Tsamaea Ho ea Lefatśeng La Pallo

Setśoantśo
Moholoane oa Jerede le leru

Ha Ba-Jerede ba ntse ba phela lebopong la leoatle, moholoane oa Jerede o ile a lebala ho rapela. Morena o ile a tla ka har´a leru ho tla ´molella hore a bake.

Setśoantśo
Moholoane oa Jerede o oa rapela

Moholoane oa Jerede o ile a baka `me a rapela. Morena o ile a tśoarela moholoane oa Jarede empa a re a se hlole a etsa sebe seo hape.

Setśoantśo
Moholoane oa Jerede o a rapela

Morena o ile a bolella moholoane oa Jerede hore a ahe likepe tsa likotlolo tse tlang ho thota batho ba habo ho ea lefatśeng la pallo.

Setśoantśo
Moholoane oa Jerede o bua le Molimo

Morena o ile a bolella moholoane oa Jerede hore a ahe likepe tsa likotlolo joang.

Setśoantśo
Ba-Jerede ba aha liketsoana

Likepe tsa ikotlolo li ne li ahiloe ka mokhoaa oo li neng li sa kene mooa hore metsi a se ke a kena.

Setśoantśo
Moholoane oa Jerede o bua le Molimo

Moholoane oa Jerede o ile a ipotsa hore na batho batla fumana moea oa ho phefumoloha joang ka likepeng tsa likotlolo. O ile a botsa Morena hore a etse joang.

Setśoantśo
Moholoane oa Jerede o koala lesoba

Morena o ile a `molella hore a etse masoba ka holimo le ka tlase ho sekepe sa sekotlolo ka seng. Masoba ao a ne a ka buloa hore mooa o kene ´me e be ba ea koala ho thibela metsi a se ke a kena.

Setśoantśo
Moholoane oa Jerede o bua le Molimo

Moholoane oa Jerede o ile a bolella Morena hore likepe li lefifi ka hare. Morena o ile a kopa hore a inahanele tsela eo a ka khantśang ka har´a likepe.

Setśoantśo
Moholoane oa Jerede o mamela Molimo

Khanya ea ka har´a likepe e ne e ke ke ea tsoa mollong kapa ho tsoa lifesetereng hobane li ne li tla choatleha.

Setśoantśo
Moholoane oa Jerede o etsa majoe a khalase

Moholoane oa Jerede o ile a leba thabeng ´me a etsa majoe a manyenyane a 16 ho tsoa lefikeng. Majoe ao a ne a shebahala joalo ka khalase e hloekileng. O ile a etsa majoe a mabeli sekepe ka seng.

Setśoantśo
Moholoane oa Jerede o hloa thaba

Moholoane oa Jerede o ile a nka majoe ao ho ea ka holima thaba. Moo o ile a rapela ho Morena.

Setśoantśo
Moholoane oa Jerede o oa rapela

Moholoane oa Jerede o ile a kopa Morena ho thetsa majoe ao a tle a fane ka khanya ka har´a likepe.

Setśoantśo
Kreste o tśoara lejoe ka leng

Morena o ile a ts´oara majoe ka monoana oa hae.

Setśoantśo
Moholoane oa Jerede

Hobane moholoane oa Jerede o ne a ena le tumelo e matla, o ile a bona monoana oa Morena. O ne o ts´oana le monoana oa motho.

Setśoantśo
Kreste le moholoane oa Jerede

Eaba Morena o itlhahisa ho moholoane oa Jerede.

Setśoantśo
Jesu Kreste

Jesu o ile a re batho ba lumelang ho eena ba tla fumana bophelo ba bosafeleng.

Setśoantśo
Jesu o ruta moholoane oa Jerede

Jesu o ile a ruta le ho bontśa moholoane oa Jerede lintho tse ngata. Jesu o ile a mo bolella hore a ngole tseo a i boneng le ho li utloa.

Setśoantśo
Moholoane oa Jerede o theoha thaba

Moholoane oa Jerede o ile a nka majoe a theoha thabeng. O ile a beha lejoe qetellong e ngoe le e ngoe ea sekepe. A ile a etsa khanya ka har´a likepe.

Setśoantśo
Likepe ka metsing

Ba-Jerede ba ile ba kena ka likepeng le liphoofolo le lijo. Morena o ile a etsa moea o matla ho fokela likepe lefatśeng la pallo.

Setśoantśo
Moholoane oa Jerede

Morena o ile a ba sireletsa lifefong tsa leoatle. Baile ba leboha Morena ´me ba mo binela lithoriso.

Setśoantśo
likepe li fihla lefatśeng la pallo

Kamora matsatsi a 344 ba le metsing, likepe li ile tsa fihla lebopong la lefatśe la pallo.

Setśoantśo
Ba-Jerede ba a rapela

Ha Ba-Jerede ba etsoa ka har´a likepe, ba ile ba khumama `me ba lla likhapha tsa nyakallo.

Setśoantśo
Mosali o roetse koro

Ba-Jerede ba ile ba aha mahae ´me ba lema lijalo lefatśeng la pallo. Ba ile ba ruta bana ba bona ho mamela Morena ´me ba mamele mantsoe a hae.

Hatisa