Lipale tsa Mangolo a Halalelang
Khaolo ea 34: Helamane le Bahlankana ba Bahlabani ba 2,000.


“Khaolo ea 34: Helamane le Bahlankana ba Bahlabani ba 2,000.,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 93–94

“Khaolo ea 34,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 93–94

Khaolo ea 34

Helamane le Bahlankana ba Bahlabani ba 2,000

Setśoantśo
balebeli holima lerako

Batho ba Ammone ba ile ba tśepisa Molimo hore ba ke ke ba hlola ba loana hape. Ba ne ba phela haufi le Ba-Nefi ´me Ba-Nefi ba ne ba ba sireletsa.

Setśoantśo
Banna ba buisana le Helamane

Ha lira tsa batho ba Ammone li hlasela Ba-Nefi, batho ba Ammone ba ne ba batla ho koenehela ts´episo ea bona ´me ba thuse Ba-Nefi ho loana.

Setśoantśo
Helamane o bua le sehlopha

Helamane le baetapele ba Ba-Nefi ba ne ba sa batle ha batho ba Ammone ba ka roba ts´episo ea bona ho Molimo.

Setśoantśo
Bara ba batho ba Ammone

Bara ba batho ba Ammone ba ne ba sa etsa tśepiso eo. Ba ne ba batla ho thusa lebotho la Ba-Nefi ho loanela tokoloho.

Setśoantśo
Bahlabani ba 2000

Likete tse peli tsa bahlankana bana li ile tsa khetha ho sireletsa naha ea bona. Ba ile ba kopa Helamane ho ba moetapele oa bona.

Setśoantśo
Bahlabani ba bararo

Bahlankana bana ba ne ba le sebete ´me ba le matla. Ba ne ba boetse ba na le ´nete ´me ba tśepahala, ´me ba ne ba boloka melao ea Molimo.

Setśoantśo
Helamane le bahlabani

Helamane o ile a etella pele bahlankana bana ba bahlabani ho ea ntoeng. O ne a ba bitsa bara ba hae, ´me ba ne ba ´mitsa ntat´a bona.

Setśoantśo
Helamane o etella pele bahlabani

Leha e le hore bara ba Helamane ba ne ba so ka ba loana, ba ne ba sa tśoha. Bo ´m´a bona ba ne ba ba rutile ho ba le tumelo ho Molimo le ho tseba hore o tla ba thusa.

Setśoantśo
Bahlabani ba ntoeng

Helamane le lebotho la hae ba ile ba loana lintoa tse ´maloa khahlanong le Ba-Lamane. Bahlankana bana ba ne ba mamela litaelo tsohle tsa Helamane.

Setśoantśo
Bahlabani kamora ntoa

Ba ile ba loana ka sebete ´me ba thusa ho leleka sera. Kamora ntoa Helamane o ile a fumana hore bara bohle ba hae ba ne lemetse empa ho ne ho sena ea bolailoeng.

Setśoantśo
Helamane le bahlabani

E ne e le mohlolo. Helamane o ne a thabile haholo. O ne a tseba hore bahlankana bana ba ne ba sirelelitsoe ka lebaka la tumelo ea bona e kholo.

Hatisa