Lipale tsa Mangolo a Halalelang
Khaolo ea 21: Ba-Amliki


“Khaolo ea 21: Ba-Amliki,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 56–57

“Khaolo ea 21,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 56–57

Khaolo ea 21

Ba-Amliki.

Setśoantśo
Amliki le balateli ba hae

Amliki o ne a le masene, e le monna ea khopo ea neng a batla ho ba morena oa Ba-Nefi. O ne a na le balateli ba bangata.

Setśoantśo
Batho ba shebile Amliki

Ba-Nefi ba lokileng ba ne ba sa batle Amliki ho ba morena oa bona. Ba ne ba tseba hore o batla ho senya Kereke ea Molimo.

Setśoantśo
Ba – Nefi ba bua

Ba-Nefi ba ile ba bokelleha e le lihlopha tse fapakaneng ho etsa qeto ea hore Amliki e be morena na. Batho ba bangata ba ile ba khetha hore Amliki e se ke ea eba morena, ´me ha a ka a fetoha morena.

Setśoantśo
Amliki le balateli ba hae

Amliki le balateli ba hae ba ile ba halefa. Ba ile ba tloha ho Ba-Nefi, ba etsa Amliki morena oa bona, ´me ba ipitsa Ba-Amliki. Amliki a ba laela ho loantśa Ba-Nefi.

Setśoantśo
Ba-Nefi ba etsa litsenene

Ba-Nefi ba lokileng ba ile ba itokisetsa ho itśireletsa ka litsenene le liqha, lisabole le lihlomo tse ling.

Setśoantśo
Ba –Nefi ba hlola Ba- Amliki

Ba-Amliki ba ile ba hlasela, ´me Ba-Nefi, ba neng ba eteletsoe pele ke Alma ´me ba matlafalitsoe ke Morena, ba ile ba ba bolaea ka bongata. Ba-Amliki ba setseng ba ile ba baleha.

Setśoantśo
Lihloela tsa Alma lishebile Ba-Amliki

Alma o ile a romela lihloela ho lisa Ba-Amliki. Lihloela tseo li ile tsa ba bona ha ba kopana le lebotho la Ba-Lamane le ha ba hlasela Ba-Nefi ba neng ba phela haufi le Zarahemla.

Setśoantśo
Ba-Nefi ba ntoeng le lebotho la Ba-Lamane le Ba-Amliki

Ba-Nefi ba ile ba rapela, ´me Molimo o ile a ba thusa hape. Ba ile ba bolaea masole a mangata a lebotho la Ba-Lamane le Ba-Amliki.

Setśoantśo
Alma o bolaea Amliki

Alma le Amliki ba ile ba loantśana ka lisabole. Alma o ile a rapela hore bophelo ba hae bo bolokoe, ´me Molimo o ile a mo fa matla a ho bolaea Amliki.

Setśoantśo
ntoa

Ba-Nefi ba ile ba lelekisetsa Ba-Lamane le Ba-Amliki lefelleng. Boholo ba bao ba neng ba lemetse ba ile ba shoela moo ´me ba ile ba jeoa ke liphoofolo tse hlaha.

Setśoantśo
Ba – Amliki ba tśoaea liphatleng

Joalo ka Ba-Lamane, ba-Amliki ba ile ba itśoaea ka bofubelu, e leng se neng se phethahatsa boporofeta. Ba-Amliki ba ne ba ikarohantse le mahlohonolo a evangeli.

Hatisa