Lipale tsa Mangolo a Halalelang
Khaolo ea 52: Timelo ea Ba-Jerede


“Khaolo ea 52: Matśoao a ho Thakhisoa ha Kreste,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 52

“Khaolo ea 51,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 51

Khaolo ea 52

Timelo ea Ba-Jerede

Setśoantśo
Morena oa Ba-Jerede

Ba-Jerede ba ile ba eketseha ka palo ´me ea eba barui. Ba ile ba khetha morena ho ba moeta pele oa bona.

Setśoantśo
Ba-Jerede ba khopo

Lilemo tse ngata li ile tsa feta, ´me Ba-Jerede ba eba khopo. Morena o ile a romela baporofeta ho ba bolella hore ba bake kapa ba tla timetsoa.

Setśoantśo
Ba-Jerede ba ea matha

Batho ha ba eaka ba mamela baporofeta. Ba ile ba leka ho ba bolaea.

Setśoantśo
ntoa

Ho ile ha ba le lintoa le tlala naheng. Ba-Jaredite ba bangata ba ile ba shoa.

Setśoantśo
Ether o oa rera

Morena o ile a romela moporofeta e mong ea neng a bitsoa Ethere. O ne a ruta ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboea, a bolella Ba-Jaredite ho lumela ho Molimo ´me ba bake.

Setśoantśo
Ethere o ruta batho

Ethere o ile a bolella Ba-Jerede hore ha ba ka lumela ho Molimo, ka letsatsi le leng ba tla phela le Ntate ea Maholimong lefatśeng le molemo.

Setśoantśo
Ba-Jerede ba qobella Ethere ho tsamaea

Ethere o ile a bolella Ba-Jerede lintho tse ngata tsa bohlokoa, empa ba se ke ba mo kholoa. Ba ile ba mo leleka motseng.

Setśoantśo
Ethere o ipatile ka lehaheng

Ethere o ne a ipata lehaheng nakong ea mots´eare hore ba se ke ba ´molaea. Bosiu o ne a tsoa ho ea bona hore na ho ntse ho etsahala eng ka Ba-Jarede.

Setśoantśo
Ethere o ngola matlapeng

O ile a qeta ho ngola nalane ea Ba-Jerede ha a ntse a ipatile.

Setśoantśo
Ethere o buisana le Koriantumere

Morena o ile a romela Ethere ho Koriantumere, eo e neng e le morena ea khopo oa Ba-Jerede. Ethere o ile a ´molella hore a bake kapa o tla phelela feela ho bona batho ba hae ba bolauoe kaofela.

Setśoantśo
Balebeli ba mathisa Ethere

Koriantumere le batho ba hae ha ba ka ba baka. O ile a leka hore Ethere a bolaoe, empa Ethere a baleha ´me a ipata lehaheng.

Setśoantśo
Monna o robetse ka sabole

Batho ba ne ba le khopo hoo Morena a ileng a otla lefatśe. Ba ne ba sa behe lisebelisoa tsa bona kapa lisabole fatśe hobane letsatsing le hlahlamang li tla be li nyametse.

Setśoantśo
ntoa

Ba-Jerede bohle ba ne ba loana lintoeng, hammoho le basali le bana. Koriantumere o ne a eteletse pele lebotho le leng ´me monna ea neng a bitsoa Shize o ne a eteletse pele le leng.

Setśoantśo
Koriantumere le Shize ba a loantśana

Koriantumere le Shize e ne e le banna ba khopo. Moea o Halalelang o ne o tlohetse Ba-Jerede ka labaka la bokhopo ba bona. Satane o ne a na le matla a feletseng holima bona.

Setśoantśo
Koriantumere

Ba-Jerede ba ile ba loana ho fihlela ho setse feela Koriantumere le Shize. Ha Shize a akheha ke ho lahleheloa ke mali a mangata, Koriantumere o ile a khaola hlooho ea hae.

Setśoantśo
Koriantumere le batho ba Zarahemla

Tśenolo ea Ethere e ile ea phethahala: Koriantumere e ne e le Mo-Jerede oa ho qetela ea setseng a phela. O ile a fumanoa ke batho ba Zarahemla.

Setśoantśo
Ethere o ngola matlapeng

Ethere o ile a qeta ho ngola nalane ea Ba-Jerede. Ba ne ba timelitsoe ka lebaka la bokhopo ba bona. Lingoliloeng tsa Ba-Jarede li ile tsa fumanoa ke Ba-Nefi.

Hatisa