Scripture Stories
Selelekela


“Selelekela,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 1

“Selelekela,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 1

Selelekela

Ho `Mali

Lipale tsa Buka ea Mormone li ngotsoe ka ho khetheha bakeng sa hao. Lipale tsena li nkuoe bukeng e halalelang hobane li tsoa ho Ntate ea Maholimong. Ha o bala lipale tsena, hopola hore ke tsa ´nete tsa batho ba phetseng Amerika nakong e fetileng.

Kamora hore o bale lipale tse ka bukeng ena, o tla batla ho li bala hape ho tsoa ka ho Buka ea Mormone. Tlasa setśoantśo ka seng o tla bona moo o ka fumanang pale eo ka ho Buka ea Mormone. Kopa ntate, ´m´e, mosuoe, kapa motsoalle ho o thusa.

Ha o sa tsebe tlhaloso ea lentsoe e shebe le ho batlisisa ka eona ho “Mantsoe ao u ka a Tsebang ” karolong e ka morao bukeng ena. Thlahiso leseling ka batho le libaka tse boletsoeng ka ho Buka ea Mormone li boetse li kenyelelitsoe ka morao ho buka ena.

Ho Batsoali le Mesuoe

Buka ena e tla o thusa ho ruta mangolo a halalelang. Arolelana bopaki ba hao ka Buka ea Mormone, ´me o khothaletse bao o ba rutang ho batlana le bopaki ba bona. Kutloisiso ea bona e tla hola ha o ba balla pale e feletseng eo e leng thatohatsi ea bona ho tsoa ka ho Buka ea Mormone ka kotloloho.

Hatisa