“Khaolo ea 32: Molaoli Moroni le Sehlooho Sa Tokoloho,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 89–90
“Khaolo ea 32,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 89–90
Khaolo ea 32
Molaoli Moroni le Sehlooho Sa Tokoloho
Ha Amalickia a ne a ka fetoha morena, o ne a tla leka ho timetsa Kereke ea Molimo ´me a nke bolokolohi ba batho.
Ha Molaoli Moroni, moetapele oa mabotho a Ba-Nefi, a utloa morero oa Amalickia oa ho ba morena, o ile a halefa.
O ile a tabola baki ea hae ho etsa folakha. Ho eona o ile a ngola molaetsa ho hopotsa batho ho sireletsa bolumeli, bolokolohi le khotso tsa bona.
Moroni o ile a tlama folakha eo palong ´me a e bitsa sehlooho sa tokoloho. Ha a se a apere lihlomo tsa hae, o ile a khumama ´me a rapela.
O ile a kopa Molimo ho sireletsa bao ba neng ba lumela ho Jesu Kreste ´me a rapella tokoloho lefats´eng leo, a le bitsa lefats´e la tokoloho.
Moroni o ile a tsamaea har´a batho. Ha a ntse a foka sehlooho sa tokoloho, o ile a ba hoeletsa hore ba tle ba tlo sireletsa tokoloho ea bona.
Batho ba ile ba tla ho tsoa hohle lefats´eng leo. Ba ile ba ts´episa ho mamela melao ea Molimo ´me ba be ba loanele tokoloho.
Ha Amalickia a bona hore ke Ba-Nefi ba bakae ba ikopantseng le Moroni, o ile a tśoha. Eena le balateli ba hae ba ile ba ea kopana le Ba-Lamane.
Moroni le lebotho la hae ba ile ba leka ho ba thiba, empa Amalickia le ba bang ba banna ba habo ba ile ba baleha.
Moroni o ile a beha sehlooho sa tokoloho toreng e ngoe le e ngoe lefats´eng la Ba-Nefi. Ba-Nefi ba ile ba boloka bolokolohi ba bona ´me ba eba le khotso hape.