Lipale tsa Mangolo a Halalelang
Khaolo ea 24: Ammone o Kopana le Ntate oa Morena Lamoni


“Khaolo ea 24: Ammone o Kopana le Ntate oa Morena Lamoni,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 69–70

“Khaolo ea 24,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 69–70

Khaolo ea 24

Ammone o Kopana le Ntate oa Morena Lamoni

Setśoantśo
Lamoni o buisana le Ammone

Morena Lamoni o ne a batla Ammone a kopane le ntata´e. Molimo o ile a hlokomelisa Ammone hore a se ke a ea hobane ntat´a Lamoni o tlilo leka ho mo bolaea.

Setśoantśo
Ammone le Lamoni

Morena O ile a bolella Ammone hore a mpe a lebe naheng ea Middoni, moo moena oa hae Aarone a neng a le chankaneng. Morena Lamoni o ile a tsamaea le Ammone.

Setśoantśo
Ammone le Lamoni le ntat´a Lamoni

Ha ba ntse ba tsamaea ba ile ba kopana le Ntate oa Morena Lamoni, eo e neng e le morena e moholo oa lefatśe leo lohle. O ile a botsa Lamoni hore na o ea kae le Mo-Nefi ea Leshano.

Setśoantśo
Lamoni, Ammone, le ntata´ Lamoni

Morena Lamoni o ile a bolella ntata´e ka Ammone le ka moena oa hae ea neng a le chankaneng. Ka khalefo, ntate oa Lamoni o ile a mo laela ho bolaea Ammone le hore a se ke a ea Middoni.

Setśoantśo
Ntate oa Lamoni o leka ho bolaea Lamoni

Lamoni o ile a hana ho bolaea Ammone ´me a re eena le Ammone ba ilo lokolla Aarone. Ntate oa Lamoni o ile a halefa ho feta ´me a hula sabole ea hae ho bolaea Lamoni.

Setśoantśo
Ammone o lematsa ntat´a Lamoni

Ammone o ile a fetela ka pele ho Lamoni ho mo sireletsa. Ntate oa Lamoni o ile a leka ho bolaea Ammone, empa o ile a itoanela ´me a lematsa sephaka sa ntate oa Lamoni.

Setśoantśo
Ammone le ntata´ Lamoni

Ha ntate oa Lamoni a bona hore Ammone o tla mo bolaea, o ile a ts´episa Ammone karolo ea halofo ea ´muso oa hae ha a ke ke a ´molaea.

Setśoantśo
Ammone o bua le ntate oa Lamoni

Ammone o ile a re o batla Aarone le metsoalle ea hae ba lokolloe chankaneng ´me o batla hore Lamoni a khone ho boloka ´muso oa hae.

Setśoantśo
Ammone o folisa leqeba la morena

Ntate oa Lamoni o ile a elelloa hore Ammone ha a batle ho mo lematsa. O ne a maketse kamoo Ammone a ratang mora oa hae ka teng. O ile a mema Ammone hore a mo rute evangeli.

Setśoantśo
Morena Lamoni o buisana le morena oa Middoni

Ammone le Lamoni ba ile ba ea Middoni. Lamoni o ile a bua le morena oa moo, ´me Aarone le metsoalle ea hae ba ile ba lokolloa chankaneng.

Setśoantśo
Aarone le balekane ba hae ba lokolloa

Ammone o ne a hloname ho bona kamoo ba neng ba sotlehile ka teng. Ba ile ba sotleha haholo empa ba ile ba eba le mamello.

Hatisa