Scripture Stories
Khaolo ea 37: Nefi le Lehi Chankaneng


“Khaolo ea 37: Nefi le Lehi Chankaneng,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 99–102

“Khaolo ea 37,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 99–102

Khaolo ea 37

Nefi le Lehi Chankaneng

Setśoantśo
Helamane le bara

Nefi le Lehi e ne e le bara ba Helamane. Helamane o ne a batla ba loke joalo ka Lehi le Nefi ba ileng ba tloha Jerusalema.

Setśoantśo
Helamane o ruta bara

Helamane o ile a ruta bara ba hae ho lumela ho Jesu Kreste. Ba ile ba ithuta hore tśoarelo e tla ka tumelo le pako.

Setśoantśo
batho ba kolobetsoa

Nefi le Lehi ba ile ba ea ruta lentsoe la Molimo ho Ba-Nefi le Ba-Lamane. likete tsa batho li ile tsa kolobetsoa.

Setśoantśo
Nefi le Lehi ba tlangoa

Ha Nefi le Lehi ba ea naheng ea Nefi, lebotho la Ba-Lamane le ile la ba akhela chankaneng ´me ba se ke ba ba fa lijo matsatsi a mangata.

Setśoantśo
Nefi le Lehi Chankaneng

Ba-Lamane ba ile ba ea chankaneng ho ea bolaea Nefi le lehi empa ba ile ba sitoa hobane ba ne ba sirelelitsoe ke khare ea mollo e neng e ka chesa mang kapa mang ea neng a leka ho ba tśoara.

Setśoantśo
Nefi le Lehi Chankaneng

Nefi le Lehi ba ne ba sa tuke ke mollo. Ba ile ba bolella Ba-Lamane hore matla a Molimo a ne a ba sirelelitse.

Setśoantśo
mabota a chankana a thothomela

Lefatśe le marako a teronko a ile a qala ho sisinyeha. Leru le letśo le ile la aparela batho ba neng ba le ka teronkong, ´me ba ne ba tśohile.

Setśoantśo
Masole a har´a lefifi

Lentsoe le neng le hlaha ka holima lefifi le ile la bua. Le ne le khutsitse joalo ka lentsoe le bonolo, empa bohle ba sa le utoe.

Setśoantśo
Batho ba lefifing

Lentsoe le ile la bolella batho hore ba bake ´me ba tlohele ho leka ho bolaea Nefi le Lehi.

Setśoantśo
masole a fatśe

Lentsoe le ile la bua makhetlo a mararo, ´me lefatśe le ile la tsoelapele ho sisinyeha. Ba-Lamane ba ne ba sa khone ho baleha hobane ho ne ho le lefifi haholo ´me ba ne ba tśohile.

Setśoantśo
Lifahleho tsa Nefi le Lehi lia benya

Mo-Nefi eo e kileng ea eba setho sa kereke o ile a bona lifahleho tsa Nefi le Lehi li khanya ka hare ho lefifi.

Setśoantśo
Nefi le Lehi ba benya

Nefi le Lehi ba ne ba lelaletse leholimong ´me ba ntse ba bua. Monna eo o ile a bolella Ba-Lamane hore ba bone. Ba ne ba ipotsa hore na Nefi le Lehi ba ntse ba bua le mang.

Setśoantśo
Aminadabe o bua le banna

Monna eo, ea neng a bitsoa Aminadabe, o ile a bolella Ba-Lamane hore Nefi le Lehi ba ntse ba bua le mangeloi.

Setśoantśo
Aminadabe oa bua

Ba-Lamane ba ile ba botsa Aminadabe hore na ba ka leleka leru le letśo leo joang. O ile a ba bolella hore ba bake ´me ba rapele ho fihlela ba na le tumelo ho Jesu Kreste.

Setśoantśo
Ba-Lamane ba rapela

Ba-Lamane ba ile ba rapela ho fihlela leru leo le tlohile.

Setśoantśo
Mollo o potapotile banna

Ha leru leo le tlohile, batho ba ile ba bona sebopi sa mollo se ba potapotile. Mollo o ne o sa ba chese le marako a teronko.

Setśoantśo
Ba-Lamane

Ba-Lamane ba ile ba utloa thabo e kholo, ´me Moea oa Molimo o ile oa tlala lipelo tsa bona.

Setśoantśo
Ba-Lamane ba bararo

Lentsoe le ile la bua ka bonolo, la re ba tla khothatsoa ka lebaka la tumelo ea bona ho Jesu Kreste.

Setśoantśo
mangeloi

Ba-Lamane ba ile ba sheba holimo ho bona hore lentsoe leo le tsoa kae. Ba ile ba bona mangeloi a tla ho tsoa leholimong.

Setśoantśo
Ba – Lamane ba ea bua

Batho ba ka bang 300 ba ile ba bona le ho utloa se neng se etsahala chankaneng. Ba ile ba lo bolella ba bang.

Setśoantśo
Ba-Lamane ba beha libetsa

Boholo ba Ba-Lamane bo ile ba lumela ´me ba beha libetsa tsa bona.

Setśoantśo
Ba-Lamane le Ba-Nefi ba bua

Ba-Lamane ba ile ba tlohela ho hloea Ba-Nefi ´me ba khutlisa naha ea bona eo ba neng ba e hapile. Ba-Lamane ba ile ba loka ho feta Ba-Nefi.

Setśoantśo
Ba-Lamane le Ba-Nefi ba tsamaea

Ba-Lamane ba bangata ba ile ba tsamaea le Nefi le Lehi ´me ba ruta Ba-Nefi le Ba-Lamane.

Hatisa