Lipale tsa Mangolo a Halalelang
Khaolo ea 29: Alma O Ruta ka Tumelo le Lentsoe la Molimo


“Khaolo ea 29: Alma O Ruta ka Tumelo le Lentsoe la Molimo,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 81

“Khaolo ea 29,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 81

Khaolo ea 29

Alma O Ruta ka Tumelo le Lentsoe la Molimo

Setśoantśo
Alma o ruta Ba-Zorame

Alma o ile a ruta Ba-Zorame ka tumelo. O ile a re batho ba batlang letśoao pele ba ka lumela ha ba na tumelo.

Setśoantśo
Alma oa ruta

Alma o ile a re tumelo ke ho lumela hore ntho e itseng ke ´nete ntle le ho e bona ka sebele.

Setśoantśo
letsoho le jala peo

O ile a hlalosa hore tumelo e hola ha motho a batla ho lumela ´me a mamela lentsoe la Molimo. Lentsoe joale le jaloa pelong ea motho, ´me joalo ka peo le qala ho hola.

Setśoantśo
balekane ba shebile sefate

Ha motho a ithuta haholo ka evangeli, peo e ea mela ´me e tsoela pele ho hola. Motho a oa tseba hore peo e nepahetse, ´me tumelo ea hae e eba matla.

Setśoantśo
Monna le mosali ba khola litholoana

Alma o ile a re joalo ka ha peo e ntle e tlisa litholoana tse monate , lentsoe la Molimo le tlisa lihlohonolofatso ho batho ba nang le tumelo.

Hatisa