Lipale tsa Mangolo a Halalelang
Khaolo ea 22: Leeto la thomo ea Alma Ammoniha


“Khaolo ea 22 : Leeto la thomo ea Alma Ammoniha,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 58–63

“Khaolo ea ,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 58–63

Khaolo ea 22

Leeto la thomo ea Alma Ammoniha

Setśoantśo
Alma le Nefiha

Alma o ne a tśoenyehile ke bokhopo ba Ba-Nefi, ´me o ile a etsa qeto ea ho sebelisa nako eohle ea hae a ruta evengeli. O ile a khetha Nefiha ho nka sebaka sa hae e le moahloli e moholo.

Setśoantśo
Alma o lutse fatśe

Alma o ile a ruta evangeli naha ka bophara. Ha a leka ho ruta Ammoniha, batho ba ne ba sa mo mamele. Ba ile ba mo leleka motseng.

Setśoantśo
Alma

Alma o ne hloname hore batho ba Ammoniha ba ne ba le khopo hakaalo. O ile a tsamaea ho leba motseng o mong.

Setśoantśo
Lengeloi le bua le Alma

Lengeloi le ile la itlhahisa ho Alma ´me la mo khothatsa. Lengeloi le ile la re ho eena a khutlele Ammoniha ´me a rute hape. Alma o ile a potlakela morao.

Setśoantśo
Alma o kopa monna lijo

Alma o ne a lapile. Ha a kena motseng, o ile a kopa monna e mong lijo. Lengeloi le ne le ile la bolella monna eo hore Alma o tla fihla ´me ke moporofeta oa Molimo.

Setśoantśo
Amuleke o fepa Alma

Monna enoa, Amuleke, o ile a lebisa Alma lehaeng la hae ´me a mo fepa. Alma o lutse le Amuleke le lelapa la hae matsatsi a mangata. O ile a leboha Molimo ka lelapa la Amuleke ´me a ba hlohonolofatsa.

Setśoantśo
Alma le Amuleke ba a buisana

Alma o ile a bolella Amuleke ka pitso ea hae ea ho ruta batho ba Ammoniha. Amuleke o ile a tsamaea le Alma ho ea ruta batho. Moea o Halalelang o ile oa ba thusa.

Setśoantśo
Alma o a ruta

Alma o ile a bolella batho hore ba bake kapa Molimo o tla ba timetsa. A re Jesu Kreste o tla tla ´me o tlo lopolla bao ba nang le tumelo ho eena ´me ba bakile.

Setśoantśo
Batho ba halefetse Alma

Batho ba Ammoniha ba ile ba halefa. Ba ile ba leka ho hlahlela Alma chankaneng, empa Morena o ile a mo sireletsa.

Setśoantśo
Amuleke le Alma ba a ruta

Eaba Amuleke o qala ho ruta. Batho ba bangata ba ne ba tseba Amuleke; e ne e se molichaba joalo ka Alma. O ile a ba bolella ka lengeloi leo a ileng a le bona.

Setśoantśo
Amuleke le Alma

Amuleke o ile a re Alma ke moporofeta oa Molimo ´me o ne a bua ´nete. Batho ba ne ba maketse ho utloa bopaki ba Amuleke.

Setśoantśo
Zeezrome le Amuleke le Alma

Batho ba bang ba ile ba halefa, haholo monna a le mong ea neng a le khopo ea neng a bitsoa Zeezrome. Ba ile ba leka ho qhekanyetsa Amuleke ka lipotso, empa o ile a ba bolella hore o tseba morero oa bona.

Setśoantśo
Zeezrome o bua le Alma

Zeezrome o ne a batla ho timetsa tsohle tse neng li lokile. O ne a baka mathata, ´me e be batho ba tla mo lefa chelete ho lokisa mathata ao a neng a a bakile.

Setśoantśo
Zeezrome le Amuleke le Alma

Zeezrome o ile a hloleha ho qhekanyetsa Amuleke, ´me o ile a mo tśepisa chelete hore a re ha hona Molimo. Amuleke o ne a tseba hore Molimo o oa phela ´me a re Zeezrome oa tseba empa o rata chelete ho feta Molimo.

Setśoantśo
Zeezrome le ba bang

Eaba Amuleke o ruta Zeezrome ka Jesu le Tsoho ea Bafu le Bophelo ba bosafeleng. Batho ba ile ba Makala. Zeezrome o ile a qalella ho thothomela ke letsoalo.

Setśoantśo
Alma o ruta Zeezrome

Zeezrome o ne a tseba hore Alma le Amuleke ba ne ba na le matla a Molimo hobane ba ne ba tseba mehopolo ea hae. Zeezrome o ile a botsa lipotso ´me a mamela ha Alma a mo ruta evangeli.

Setśoantśo
Lelapa le bala mangolo a halalelang

Batho ba bang ba ile ba lumela Alma le Amuleke ´me ba qala ho baka le ho ithuta mangolo a halalelang.

Setśoantśo
Alma le Amuleke ba tlangoa

Empa boholo ba batho ba ne ba batla ho bolaea Alma le Amuleke. Ba ile ba tlama banna bao ba babeli ´me ba ba isa ho moahloli e moholo.

Setśoantśo
Zeezrome o sireletsa Alma ´moho le Amuleke

Zeezrome o ne a soabile hore o kile a ba khopo ´me a ruta batho mashano. O ile a kopa batho hore ba lokolle Alma le Amuleke.

Setśoantśo
Balumeli ba lahleloa kantle

Zeezrome le banna ba bang ba neng ba lumela lithuto tsa Alma le Amuleke ba ile ba lelekoa motseng. Batho ba khopo ba ile ba ba betsa ka majoe.

Setśoantśo
Banna ba chesa basali le mangolo a halalelang

Eaba batho bana ba khopo ba bokella basali le bana ba neng ba lumela ´me ba ba lahlela ka mollong le mangolo a bona a halalelang.

Setśoantśo
Alma le Amuleke ba shebile mollo

Alma le Amuleke ba ile ba qobelloa ho shebella basali le bana ha ba shoa ka mollong. Amuleke o ne a batla ho sebelisa matla a Molimo ho ba pholosa.

Setśoantśo
Alma o bua le Amuleke

Empa Alma a bolella Amuleke hore a se ke a emisa polao ea batho bao hobane ba tla be ba e na le Molimo ka sebakanyana ´me batho ba khopo ba tla fuoa kotlo.

Setśoantśo
Alma oa otloa

Moahloli e moholo o ile a otla Alma le Amuleke makhetlo a ´maloa ´me a ba nyefola hobane ba ne ba sa pholose basali le bana ba neng ba tuka. Eaba o ba hlahlela chankaneng.

Setśoantśo
Alma le Amuleke ka chankaneng

Banna ba bang ba khopo ba ile ba leba chankaneng ´me ba hlokofatsa Alma le Amuleke ka mekhoa e mengata, ba kenyelelitse ho ba tima lijo le ho ba tśoela.

Setśoantśo
Moahloli e moholo le Alma le Amuleke

Moahloli e moholo o ile a re ha Alma le Amuleke ba ka sebelisa matla a Molimo ho itokolla, o tla lumela. O ile a ba otla hape.

Setśoantśo
Alma le Amuleke ba a rapela

Alma le Amuleke ba ile ba phahama. Alma o ile a rapela ´me a kopa Molimo ho ba matlafatsa ka lebaka la tumelo e bona e matla ho Kreste.

Setśoantśo
Alma le Amuleke ba khaola lithapo

Matla a Molimo a ile a tlala Alma le Amuleke, ´me ba ile ba khaola lithapo tseo ba neng ba tlangoe ka tsona. Banna ba khopo ba ne ba tśohile ´me ba leka ho baleha empa ba oela fatśe.

Setśoantśo
Mabota a chankana a heleha

Lefatśe le ile la thothomela, ´me marako a chankana a oela holima banna ba khopo. Morena o ile a sireletsa Alma le Amuleke, ´me ha ba ka ba lemala.

Setśoantśo
Alma le Amuleke ba tsamaea le ho tsoa chankaneng e helehileng

Batho ba Ammoniha ba ile ba tla ho tla bona hore ho etsahalang. Ha ba bona Alma le Amuleke ba tsoa ka hare ho chankana e oeleng, ba ile ba tśoha ´me ba baleha

Setśoantśo
Alma le Amuleke

Morena o ile a bolella Alma le Amuleke hore ba lebe Sidome. Moo ba ile ba fumana batho ba lokileng. Zeezrome o ne a le hona teng ´me o ne a kula haholo.

Setśoantśo
Alma o hlohonolofatsa Zeezrome

Zeezrome o ile a thabela ho bona Alma le Amuleke. O ne a tśoenyehile hore ba bolauoe ka lebaka la tseo a neng a li entse. O ile a kopa hore ba mo folise.

Setśoantśo
Zeezrome

Zeezrome o ne a lumela ho Jesu Kreste ´me a bakile libeng tsa hae. Ha Alma a mo rapella, Zeezrom o ile a fola hang hang.

Setśoantśo
Zeezrome o a kolobetsoa

Zeezrome o ile a kolobetsoa ´me a qalella ho ruta evangeli. Ba bang ba bangata le bona ba ile ba kolobetsoa.

Setśoantśo
batho ba shoeleng seterateng

Batho ba khopo ba Ammoniha ba ile ba bolaoa ke lebotho la Ba-Lamane, joalo ka ha Alma a ile a porofeta.

Hatisa