Scripture Stories
Khaolo ea 47: Jesu Kreste o Hlohonolofatsa Barutuoa Ba Hae


“Khaolo ea 47: Jesu Kreste o Hlohonolofatsa Barutuoa Ba Hae,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 131–33

“Khaolo ea 47,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 131–33

Khaolo ea 47

Jesu Kreste o Hlohonolofatsa Barutuoa Ba Hae

Setśoantśo
Jesu le barutuoa

Ka letsatsi le leng ha barutuoa ba le ´moho ba itima le ho rapela, Jesu Kreste o ile a fihla ho bona.

Setśoantśo
Kreste o bua le barutuoa

Barutuoa ba ile ba mo botsa hore na ba rehe Kereke lebitso lefe. Jesu a re e ts´oanetse e rehelloe ka eena hobane e ne e le Kereke ea hae.

Setśoantśo
Jesu o bua le barutuoa

Jesu o ile a hlalosetsa barutuoa ba hae hore Ntate ea Maholimong o mo rometse lefats´eng ho tla fana ka bophelo ba hae ho batho bohle.

Setśoantśo
Kreste o bua le barutuoa

O ile a re e mong le e mong ea bakang, a kolobetsoa ka lebitso la hae, ´me a mamela litaelo tsa hae o tla nkoa a se molato ka pele ho Ntate ea Maholimong.

Setśoantśo
Kreste o bua le barutuoa

Mopholosi o ile a bolella barutuoa ba hae ho etsa lintho tseo ba boneng a li etsa. O ne a ba sietse mohlala.

Setśoantśo
Kreste o bua ka mangolo a halalelang

O ile a boela a ba bolella ho ngola fats´e tseo ba li boneng le ho li utloa hore ba bang ba tle ba li tsebe.

Setśoantśo
Kreste le barutuoa

Jesu o ile a botsa barutuoa ba hae seo ba ka se ratang ho tsoa ho eena. Ba robong ba ile ba batla ho ba le eena kamorao ho hore maphelo a bona a fele.

Setśoantśo
Jesu le barutuoa

Jesu o ile a ba ts´episa hore ha ba le lilemo tse 72, ba tla leba ho eena maholimong.

Setśoantśo
Jesu le barutuoa ba bararo

Ba bang ba bararo ba ba barutuoa ba ne ba ts´aba ho kopa seo ba neng ba se batla, empa Jesu o ne a tseba. Ba na ba batla ho phela lefats´eng ba ruta evangeli ho fihlela Jesu a etla hape.

Setśoantśo
Mopholosi le barutuoa

Mopholosi o ile a ba ts´episa hore ba ke ke ba utloa bohloko kapa ho hlonama ´me ha ba na ho shoa. Ba tla ruta batho evangeli ho fihlela a khutla.

Setśoantśo
Jesu a tsamaea

Jesu o ile a ts´oara morutuoa ka mong ntle le ba bararo ba neng ba tlilo sala lefats´eng. Eaba o oa tsamaea.

Setśoantśo
Barutuoa ba bararo ba nkeloa maholimong

Barutuoa ba bararo ba ile ba nkeloa maholimong, moo ba ileng ba bona le ho utloa lintho tse ngata tse khahlisang. Ba ile ba khona ho eba le kutloisiso e betere ea lintho tsa Molimo.

Setśoantśo
Barutuoa ba bararo

´Mele ea bona e ile ea fetoloa hore ba se ke ba shoa.

Setśoantśo
Barutuoa ba kolobetsa ba bang

Barutuoa ba bararo ba ile ba khutlela lefats´eng ´me ba qala ho ruta le ho kolobetsa.

Setśoantśo
Barutuoa ba bararo ba kena mokoting o tebileng

Ba-Nefi ba khopo ba ile ba ba akhela chankaneng le mekoting e tebileng, empa matla a Molimo a ile a ba thusa ho pholoha.

Setśoantśo
Barutuoa ba lahleloa ka har´a sebopi sa mollo

Ha ba ne ba sutumeletsoa ka lipobing tsa mollo le ka mameneng a liphoofolo tse hlaha, Ba ne ba sireletsoa ke matla a Molimo.

Setśoantśo
Barutuoa ba ruta batho

Barutuoa ba bararo ba ile ba tsoela pele ho ruta evangeli ea Jesu Kreste ho Ba-Nefi. Ba ntse ba ruta evangeli ea hae le ha joale.

Hatisa