Scripture Stories
Khaolo ea 28: Ba-Zorame le Ba-Rameamptome


“Khaolo ea 28: Ba-Zorame le Ba-Rameamptome,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 78–80

“Khaolo ea 28,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 78–80

Khaolo ea 28

Ba-Zorame le Ba-Rameamptome

Setśoantśo
Ba Zorame ba rapela litśoantśo

Ba-Zorame ba ne ba kile ba eba litho tsa Kereke ea Molimo empa ba ile ba fetoha ho ba khopo ´me ba rapela melimo ea litśoantśo.

Setśoantśo
Alma le barumuoa ba baruti lichabeng

Ba-Nefi ba ne ba batla hore Ba-Zorame ba se kopane le Ba-Lamane, ´me Alma le barumuoa ba boruti lichabeng ba bang ba ile ba ea ho ruta Ba-Zorame lentsoe la Molimo.

Setśoantśo
Barumuoa ba boruti lichabeng le Ba-Zorame

Baruti bana ba ne ba maketse ´me ba hloname ke kamoo Ba-Zorame ba neng ba khumamela ka likerekeng tsa bona, tseo ba neng ba li bitsa lisinagoge.

Setśoantśo
Monna o eme sethaleng

Bohareng ba kereke, Ba-Zorame ba ne ba ahile sethala se selelele se bitsoang Rameamptome. Ho ne ho na le sebaka sa hore ho eme motho a le mong tlhorong ea sona.

Setśoantśo
Monna o phahamiselitse matsoho moeeng

Ba-Zorame ba ne ba fapanyetsana ho ema moo, ba phahamisetsa matsoho holimo ´me kaofela ba hoeeletsa thapelo e tśoanang.

Setśoantśo
Monna o phahamiselitse matsoho moeeng

Thapelong ena, Ba-Zorame ba ne ba re Molimo ha a na ´mele; ke moea feela. Ba ne ba boetse ba re ha hona ho ba le Kreste.

Setśoantśo
Monna o rapela a le sethaleng

Ba-Zorame ba ne ba nahana hore Molimo o khethile bona feela ho pholosoa ´musong oa maholimo. Ba ne ba leboha ha e ne e le bona lithatohatsi tsa hae.

Setśoantśo
Ba-Zorame ba tsamaea

Kamora hore e mong le e mong oa Ba-Zorame a se a rapetse, ba ne ba sa rapele kapa ho bua ka Molimo hape beke kaofela.

Setśoantśo
Ba – Zorame ka lithoto tsa bona

Barui ba Ba-Zorame ba ne ba rata khauta le silivera, ´me ba ne ba bolelisa ka maruo a bona a lefatśe. Alma o ne a sa thaba ke ho bona hore na ba ne ba le khopo ha kakang.

Setśoantśo
Alma oa rapela

Alma o ile a rapella hore eena le barumuoa ba boruti lichabeng ba habo ba fumane matla, mats´eliso, le katleho mosebetsing oa bona.

Setśoantśo
barumuoa ba boruti lichabeng ba rapela

Kamora ho kopa thuso ea ho khutlisetsa Ba-Zorame ´neteng, Alma le barumuoa ba boruti lichabeng ba bang ba ile ba tlala ka Moea o Halalelang.

Setśoantśo
barumuoa ba boruti lichabeng ba fumana lijo

Barumuoa ba baruti lichabeng ba ile ba leba ka litsela tse fapakaneng ho ea ruta. Molimo o ile a ba hlohonolofatsa ka lijo le liaparo ´me a ba matlafatsa mosebetsing oa bona.

Setśoantśo
barumuoa ba boruti lichabeng ba ruta batho ba futsanehileng

Ba-Zorame bao e neng e le mafutsana ba ne ba sa lumelloa ka hare ho likereke. Batho bana ba ile ba qalella ho mamela barumuoa ba boruti lichabeng.

Setśoantśo
Alma oa ruta

Ba bangata ba ile ba botsa Alma hore na ba etse eng. Alma o ile a ba bolella hore ba ne ba sa hloke ho ba ka hare ho kereke ho rapela kapa ho rorisa Molimo.

Setśoantśo
Amuleke o ruta batho

O ile a ba bolella hore ba be le tumelo ho Molimo. Eaba Amuleke o ba ruta ka Jesu Kreste le ka morero oa Molimo bakeng sa bana ba hae.

Setśoantśo
Balumeli ba tloha motseng

Barumuoa ba boruti lichabeng ba ile ba tsamaea, ´me Ba-Zorame ba ileng ba ba lumela ba ile ba lelekoa motseng. Balumeli ba ile ba ea phela lefatśeng la Jershone le batho ba Ammone.

Setśoantśo
batho ba shebile ba bang ha ba tsamaea

Le ha e le hore Ba-Zorame ba khopo ba ne ba tśosa batho ba Ammone, batho ba Ammone ba ile ba thusa Ba-Zorame ba lokileng ´me ba ba fa lijo, liaparo, le lefatśe.

Hatisa