Lipale tsa Mangolo a Halalelang
Khaolo ea 39: Nefi o Fumana Matla a Maholo


“Khaolo ea 39: Nefi o Fumana Matla a Maholo,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 108–10

“Khaolo ea39,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 108–10

Khaolo ea 39

Nefi o Fumana Matla a Maholo

Setśoantśo
Nefi oa nahana

Nefi o ile a ea hae, a ntse a nahana ka tseo Morena a mo bontśitseng tsona le ka bokhopo ba Ba-Nefi. O ne a hloname ka lebaka la bokhopo ba bona.

Setśoantśo
Nefi o oa rapela

Morena o ile a bua le Nefi ´me a mo babatsa ka ho mamela le ho sebetsa ka thata ho ruta evangeli.

Setśoantśo
Nefi

Nefi o ile a fuoa matla a ho etsa ntho e ´ngoe le e ´ngoe. Morena o ne a tseba hore o tla sebelisa matla ao ka ho loka.

Setśoantśo
Nefi oa tsamaea

Morena o ile a bolella Nefi hore a hlokomelise Ba-Nefi hore ha ba sa bake, ba tla timetsoa. Hang hang Nefi o ile a lo hlokomelisa batho.

Setśoantśo
Ba-Nefi ba hlasela Nefi

Ba-Nefi ha ba ka ba kholoa Nefi. Ba ile ba leka ho mo akhela chankaneng, empa matla a Molimo a ile a mo sireletsa.

Setśoantśo
Nefi oa tsamaea

Nefi o ile a phatlalatsa lentsoe la Molimo ho Ba-Nefi bohle.

Setśoantśo
Batho ba ea loana

Empa batho ba ile ba fetoha ho ba khopo le ho feta ´me ba qalella ho loants´ana.

Setśoantśo
Nefi o oa rapela

Nefi o ile a rapella tlala, a tśepile hore ho hloka lijo ho tla tlisa boikokobetso ho Ba-Nefi ´me ho ba thuse ho baka.

Setśoantśo
Banna ba lefatśeng le omileng

Tlala e ile ea fihla. Ho ne ho se pula, joale lefatśe le ile la omella ´me lijalo li ne li sa mele. Batho ba ile ba tlohela ho loana.

Setśoantśo
Lelapa lea rapela

Ba-Nefi ba ne ba lapile, ´me ba bangata ba ile ba shoa. Ba ileng ba phela ba ile ba qalella ho hopola Morena le seo Nefi a ileng a ba ruta sona.

Setśoantśo
Batho ba bua le baahloli

Batho ba ile ba bakela libe tsa bona ´me ba kopa baahloli ba bona hore ba kope Nefi ho felisa tlala. Baahloli ba ile ba ea ho Nefi.

Setśoantśo
Nefi o oa rapela

Ha Nefi a bona hore batho ba se ba ikokobelitse ´me ba bakile, o ile a kopa Morena ho felisa tlala.

Setśoantśo
Batho puleng

Morena o ile a araba thapelo ea Nefi, ´me pula e ile ea qala ho na. Kapele lijalo li ile tsa mela hape. Batho ba ile ba rorisa Molimo ´me ba ne ba tseba hore Nefi e ne e le moporofeta oa sebele.

Setśoantśo
Ba-Nefi ba ea sebetsa

Boholo ba Ba-Nefi ba ile ba kena Kereke. Ba ile ba rua, ´me metse ea bona ea hola. Ho ne ho ena le khotso lefatśeng leo.

Setśoantśo
Ba-Lamane ba hlasela Ba-Nefi

Eaba Ba-Nefi ba ileng ba ikopanya pele le Ba-Lamane ba hlasela Ba-Nefi.

Setśoantśo
bahlabani

Ba-Nefi ba ile ba leka ho hlola lira tsa bona, tseo e neng e se e le masholu a Gadiantone, empa ba ne ba sa khone hobane le bona ba ne ba se ba le khopo hape.

Setśoantśo
Ba-Nefi ba roetse liroto

Ha Ba-Nefi ba ne ba lokile, Morena o ne a ba hlohonolofatsa. Ha ba ne ba ikhohomosa ´me ba lebala Morena, o ne a ba fa mathata hore ba tsebe ho mo hopola.

Hatisa