Lipale tsa Mangolo a Halalelang
Khaolo ea 53: Moroni le Lithuto Tsa Hae


“Khaolo ea 53: Moroni le Lithuto tsa Hae,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 53

“Khaolo ea 51,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 51

Khaolo ea 53

Moroni le Lithuto Tsa Hae

Setśoantśo
Moroni o ngola matlapeng

Kamora hore Mormone a shoe, Moroni o ne a setse a le mong. O ile a qetela lingoliloeng tseo ntata´e a neng a mo file tsona.

Setśoantśo
Moroni o bona Joseph Smith

Moroni o ne a tseba hore ka letsatsi le leng matlapa ao a khauta a tla fumanoa ka tlasa mobu.

Setśoantśo
Balekane le Buka ea Mormone

Mantsoe a matlapeng a khauta a bolela ka Jesu Kreste. A pakahatsa le ho ruta batho hore ba phele ka bohloeki.

Setśoantśo
Ba-Lamane ba ts´oara Ba-Nefi

Ba-Lamane ba khopo ba ile ba bolaea Mo-Nefi e mong le e mong ea neng a sa latole Jesu Kreste.

Setśoantśo
Moroni o ipatela Ba-Lamane

Moroni o ne a ke ke a latola Jesu kreste. O ne a tsamaea hohle,ho ipatela Ba-Lamane.

Setśoantśo
Moroni o ngola matlapeng a khauta

Moroni o ile a ngola haholo matlapeng a khauta, haholo-holo ho Ba-Lamane ba matsatsi a ho qetela.

Setśoantśo
Bahlankana ba hlohonolofatsa selallo

O ile a ngola lintho tse ngata, ho kenyeletsa mantsoe a lithapelo tsa Selallo.

Setśoantśo
Monna o a kolobetsoa

Moroni o ile a ngola hore batho ba ka kolobetsoang ke bao ba ikemiselitseng ho bakela libe tsa bona ´me ba sebeletse Jesu Kreste.

Setśoantśo
Jesu Kreste

Moroni o ne a batla bohle ba lumele ho Jesu kreste ´me ba tle ho eena. O ile a re tsohle tse molemo li tsoa ho Jesu Kreste.

Setśoantśo
Moroni o ngola matlapeng

Moroni o ile a ngola hore ha batho ba rata Molimo ´me ba mo latela, ba ka fihlela ho phethehala.

Setśoantśo
Moroni

Moroni o ne a tseba hore kamora lefu la hae o tla tsoha bafung ´me o tla phela le Ntate ea Maholimong le Jesu Kreste.

Hatisa