Lipale tsa Mangolo a Halalelang
Khaolo ea 14: Abinadi le Morena Noah


“Khaolo ea 14: Abinadi le Morena Noah,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 38–42

“Khaolo ea14,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 38–42

Khaolo ea 14

Abinadi le Morena Noah

Setśoantśo
Zeniffe

Zeniffe e ne e le morena ea lokileng oa sehlopha sa Ba-Nefi. Ha a se a tsofetse, Mora oa hae ea eba eena morena.

Setśoantśo
Noah

Noah e ne e se morena ea lokileng joalo ka ntata´e. o ne a le khopo ´me o ne a sa mamele litaelo tsa molimo.

Setśoantśo
Batho ba nehalana ka thepa tsa bona ho Morena Noah

O ne a qobella batho ba hae ho mo fa karolo ea bona ea lijo-thollo, liphoofolo, khauta, le silevera.

Setśoantśo
Noah o lutse tafoleng ea lijo tsa mantsiboea

Morena Noah o ne a etsa sena hobane o ne a le botsoa. O ne a etsa hore Ba-Nefi ba mo fe tsohle tseo a neng a li hloka hore a phele.

Setśoantśo
Baprista ba lokileng le ba khopo

O ile a tlosa baprista ba neng ba lokile bao ntata´e a neng a ba bitsitse ´me a bitsa baprista ba khopo. Baprista bana ba khopo ba ne ba ruta batho ho etsa libe.

Setśoantśo
terone ea ntlo ea borena le balebeli

Morena Noah o ne a na le meaho e mengata e metle, e ena le ntlo ea borena e kholohali e na le terone. Meaho eo e ne e khabisitsoe ka khauta, selivera le patsi ea ho tura.

Setśoantśo
Noah

Morena Noah o ne a rata maruo ao a neng a a fumana ho tsoa ho batho ba hae. Eena le baprista ba hae ba ne ba qeta nako ea bona ba noa veine ´me ba etsa lintho tsa bokhopo.

Setśoantśo
Abinadi o ruta ka pako

Molimo O ile a romela moporofeta ea neng a bitsoa Abinadi ho batho ba Noah. Abinadi o ile a ba hlokomelisa hore ha ba sa bake, ba tla iphumana e le makhoba a Ba-Lamane.

Setśoantśo
Noah o lutse tafoleng

Ha morena Noah a utloa seo Abinadi a se buileng, o ile a halefa. O ile a romela banna ho ea tla le Abinadi ntlong ea hae ea borena hore a tle a mo bolaee.

Setśoantśo
Abinadi o bua le morena

Abinadi o ile a lebisoa ho morena. Morena Noah le baprista ba hae ba ile ba mo botsa lipotso tse ngata. Ba ne ba leka ho mo ts´oasa ka hore a tle a bue ho hong ho phoso.

Setśoantśo
Abinadi o bua le morena

Abinadi o ne a sa tśoha ho araba lipotso tsa bona. O ne a tseba hore Molimo O tla mo thusa. Baprista ba ne ba makalitsoe ke likarabo tsa Abinadi.

Setśoantśo
Morena Noah o halefile

Morena Noah o ne a halefile ´me a laela baprista ba hae ho bolaea Abinadi. Abinadi a re ha ba ka mo tśoara, Molimo o tla ba bolaea.

Setśoantśo
Moea o halalalelang o sireletsa Abinadi

Moea o Halalelang o ile a sireletsa Abinadi hore a tle a qete ho bua seo Morena a neng a batla a se bue. Sefahleho sa Abinadi se ne se khanya. Baprista ba ne ba tśaba ho mo tśoara.

Setśoantśo
Abinadi oa bua

Abinadi o ile a bua ka matla a tsoang ho Molimo, a bolella batho ka libe tsa bona. O ile a ba balla melao ea Molimo.

Setśoantśo
Maria, Josefa le lesea Jesu

O ile a ba bolella ka Jesu Kreste ea tlang ho tsoaloa lefatśeng. Jesu o tla etsa ho khonehe hore batho ba bake, ho tsoha bafung, ´me ba ilo phela le Molimo.

Setśoantśo
Jesu Kreste

Abinadi o ile a bolella batho ho baka ´me ba lumele ho Jesu Kreste kapa ha ba na ho pholosoa.

Setśoantśo
Abinadi o kengoa chankaneng

Morena Noah le bohle ntle le a le mong oa baprista ba hae ba ha ba ka ba lumela Abinadi. Noah o ile a bolella baprista ho bolaea Abinadi. Ba ile ba mo tlama ´me ba mo akhela chankaneng.

Setśoantśo
Alma o bua le Morena Noah

Moprista a le mong eo a ileng a lumela Abinadi o ne a bitsoa Alma. O ile a kopa morena Noah ho lokolla Abinadi.

Setśoantśo
Alma o ipatile

Morena o ile a halefela Alma ´me a re ba mo leleke. Eaba o romella basebeletsi ba hae ho ea mo bolaea. Alma o ile a baleha ´me a ipata, ´me basebeletsi ba se ke ba mo fumana.

Setśoantśo
Abinadi ka pela Noah

Kamora ho hlola chankaneng matsatsi a mararo, Abinadi o ile a tlisoa ka pele ho morena Noah. Morena o ile a bolella Abinadi ho hula mantsoe a hae khahlanong le eena le batho ba hae.

Setśoantśo
Morena Noah o halefile

Morena Noah a bolella Abinadi hore ha a sa latole tsohle tseo a li buileng o tla bolaoa.

Setśoantśo
Abinadi oa bua

Abinadi one a tseba hore o buile ´nete. O ne a itokiselitse ho shoa hona le hore a hule mantsoe a seo Molimo a mo rommeng ho tla se bua.

Setśoantśo
Abinadi a chesoa

Morena Noah o ile a laela baprista ba hae ho bolaea Abinadi. Ba ile ba mo tlama, ba mo khakhatha, ´me ba mo besa ka mollo ho fihlela a shoele. Pele a shoa, Abinadi o ile a re morena Noah o tlo shoa ka mollo le eena.

Setśoantśo
Ba-Lamane ba loantśa batho ba Noah

Ba bang ba Ba-Nefi ba ne ba hanyetsana le Morena Noah ´me ba leka ho mo bolaea. Lebotho la Ba-Lamane le lona la tla ho tla loantśa morena le balateli ba hae.

Setśoantśo
Morena le balateli ba hae ba baleha

Morena le balateli ba hae ba ile ba baleha Ba-Lamane, empa Ba-Lamane ba ile ba ba fumana ´me ba qalella ho ba bolaea. Morena a bolella banna ba habo ho siea malapa a bona ´me ba tsoelepele ho baleha.

Setśoantśo
Ba-Lamane ba tśoara batho

Bongata ba banna bo ne bo sa tlohe. Ba ile ba tśoaroa ke Ba-Lamane.

Setśoantśo
Banna ba halefetse Noah

Boholo ba banna ba neng ba balehile le Morena Noah ba ile ba soaba. Ba ne ba batla ho khutlela morao ´me ba lo thusa balekane ba bona le bana le batho ba habo bona.

Setśoantśo
Noah le banna ba bang

Morena Noah o ne a sa batle ha banna bao ba khutlela malapeng a bona. A ba laela ho lula le eena.

Setśoantśo
Banna ba chesa Morena Noah

Banna bao ba ile ba halefela Morena Noah. Ba ile ba mo besa ka mollo ho fihlela a shoele , joalo ka ha Abinadi a ile a senola. Eaba ba khutlela morao malapeng a bona.

Hatisa