Scripture Stories
Khaolo ea 27: Koriho


“Khaolo ea 27: Koriho,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 75–77

“Khaolo ea 27,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 75–77

Khaolo ea 27

Koriho

Setśoantśo
Koriho o oa tsamaea

Monna ea bitsoang Koriho o ile a fihla Zarahemla. O ne a sa lumele ho Jesu Kreste ´me a ruta hore seo baporofeta ba se buileng ka Mopholosi e ne e se ´nete.

Setśoantśo
Koriho o ruta batho

Koriho o ile a bolella batho hore e ne e le liphoqo ka ho lumela hore Jesu o tla tla lefatśeng ´me a utloisoe bohloko bakeng sa libe tsa bona.

Setśoantśo
bashanyana ba etsa libe

O ile a re batho ba ke ke ba ahloleloa libe tsa bona hobane ho ne ho sena bophelo kamorao ho lefu. Batho ba bangata ba ile ba kholoa Koriho. Ba ile ba fetoha ho ba khopo.

Setśoantśo
Koriho

Koriho o ile a leka ho ruta batho ba Ammone, empa ba ka ba ba mo mamela. Ba ile ba mo tlama ´me ba mo lebisa ho Ammone, eo a ileng a mo leleka motseng.

Setśoantśo
Koriho o a lelekoa

Koriho o ile a ea naheng ea Gideone, empa batho moo ha ba ka ba mo mamela le bona. Moahloli e moholo o ile a mo romela ho Alma.

Setśoantśo
Alma le Koriho

Alma o ile a botsa Koriho hore na o lumela ho Molimo. Koriho o ile a re ha a lumele. Alma o ile a paka hore Molimo o teng le hore Jesu o tla tla.

Setśoantśo
Koriho le Ammone

Koriho o ne a batla Alma a etse mohlolo ho bontśa hore Molimo o teng. Koriho o ile a re o tla lumela ho Molimo ha a ka bona letśoao la matla a Molimo.

Setśoantśo
Alma o tśoere mangolo a halalelang

Alma o ile a bolella Koriho hore o se a ile a bona mats´oao a mangata a matla a Molimo ka mangolong a halalelang le mapaki a baporofeta bohle.

Setśoantśo
Alma o bua le Koriho

Alma o ile a re lefatśe le tsohle tse ho lona le ho tsamaea ha linaleli leholimomg li boetse ke matśoao a hore Molimo o teng.

Setśoantśo
Koriho le Alma

Koriho o ile a nna a hana ho lumela. Alma o ne a hloname ka lebaka la bokhopo ba Koriho ´me a mo hlokomelisa hore moea oa hae o ka nna oa timela.

Setśoantśo
Alma o tśoere mangolo a halalelang

Koriho o ne a ntse a batla letśoao le pakang hore Molimo o teng. Alma o ile a re letśoao ho tsoa ho Molimo e tla ba hore Koriho ha na khona ho bua.

Setśoantśo
Koriho

Kamora hore Alma a bue seo, Koriho o ne a se a sa tsebe ho bua.

Setśoantśo
Koriho o ngola mobung

Koriho o ile a ngola hore o oa tseba hore letśoao leo le ne le tsoa ho Molimo ´me o ne a ntse a tseba hore Molimo o teng. O ile a kopa Alma ho rapela ´me a tlose kotlo eo.

Setśoantśo
Alma oa bua

Alma o ne a tseba hore ha Koriho a ka tseba ho bua hape o tla bua leshano hape bathong. Alma o ile a re Morena o tla etsa qeto ea hore Koriho a tle a tsebe ho bua hape na.

Setśoantśo
Koriho o kopa lijo

Morena ha ka a fa Koriho ho tseba ho bua hape. Koriho o ne a ea ntlo le ntlo, a kopa lijo.

Setśoantśo
moahloli e moholo o ngola lengolo

Moahloli e moholo o ile a romela lengolo lefatśeng leo ka bophara a bolela ka se etsahaletseng ho Koriho. O ile a bolella bao ba neng ba lumetse Koriho hore ba bake. Batho ba ile ba baka.

Setśoantśo
Korioho o shoeletse fatśe

Koriho o ile a ilo phela le Ba-Zorame. Ka letsatsi le leng ha a ntse a kopa, o ile a hatikeloa a ba a shoa.

Hatisa