Scripture Stories
Khaolo ea 45: Jesu Kreste o Ruta ka Selallo le Thapelo


“Khaolo ea 45: Jesu Kreste o Ruta ka Selallo le Thapelo,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 126–27

“Khaolo ea 45,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 126–27

Khaolo ea 45

Jesu Kreste o Ruta ka Selallo le Thapelo

Setśoantśo
Sehlopha sa banna se tsamaeang

Jesu Kreste o ile a romela barutuoa ba hae ho ea batla bohobe le veine. O ile a bolella ba-Nefi ho lula fatśe.

Setśoantśo
Jesu o fetisa bohobe

Ha barutuoa ba se ba khutlile, Mopholosi o ile a khabela bohobe likotoana ´me a bo hlohonolofatsa. O ile a fa barutuoa ba hae bo bong ´me a re ba fe batho bo bong.

Setśoantśo
Jesu oa bua

Jesu o ile a re batho ba jang selallo ba tśepisa ho mo hopola ka mehla le sehlabelo sa hae. ´Me ba amohela Moea oa hae.

Setśoantśo
Batho ba fitisa veine

Jesu Kreste o ile a hlohonolofatsa veine ´me a fa balateli ba hae e ´ngoe. Barutuoa ba ile ba fa batho veine.

Setśoantśo
Jesu o oa ruta

Jesu o ile a re bao ba jang selallo ba tśepisa ho boloka litaelo tsa hae.

Setśoantśo
Jesu o bua le barutuoa

Jesu o ile a boela a bolella barutuoa ba hae hore bohle ba jang selallo ´me ba mo hopola ka mehla batla ba le Moea oa hae.

Setśoantśo
Jesu o bua le batho

O ile a bolella barutuoa ba hae hore ba tla hlohonolofatsoa ha ba boloka litaelo tsa hae.

Setśoantśo
Jesu o bua le barutuoa

O ile a ba bolella hore ba rapele ka mehla ´me ba rapele ka tsela eo ba mo boneng a rapela ka eona.

Setśoantśo
Mopholosi o bua le bohle

Mopholosi o ile a bolella ba-Nefi bohle ho rapela ho Ntate ea Maholimong ka lebitso la hae. O ile a boela a ba laela ho rapela le malapa a bona.

Setśoantśo
Batho ba mamela Kreste

O ile a re batho ba kopane ´moho khafetsa. Ba amohele ba bang likopanong tsa bona, ba ba rapelle, ´me e be mehlala e metle ho bona.

Setśoantśo
Jesu a nyolohela leholimong

Mopholosi o ile a fa barutuoa ba hae matla a ho fana ka Moea o Halalelang. Eaba leru le aparela batho hore barutuoa e be bona feela ba bonang Jesu Kreste ha a nyolohela maholimong.

Hatisa