Scripture Stories
Khaolo ea 33: Ba Marena Khahlanong le Ba Tokoloho


“Khaolo ea 33: Ba Marena Khahlanong le Ba Tokoloho,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 91–92

“Khaolo ea 33,” Lipale tsa Buka ea Mormone 91–92

Khaolo ea 33

Ba Marena Khahlanong le Ba Tokoloho

Setśoantśo
Pahorane o bua le ba bang

Ba bang ba Ba-Nefi ba ne ba batla hore moahloli e moholo, Pahorane, a fetole e meng ea melao.

Setśoantśo
Batho ba halefile

Ha Parohane a hana, batho ba ile ba halefa ´me ba batla ho tlosa Parohane joaloka moahloli e moholo. Ba ne ba batla ho ba le morena, e seng baahloli.

Setśoantśo
Banna ba babeli ba ea bua

Ba bitsoa ba marena, ba ne ba tśepile hore e mong oa bona e tla ba morena ´me a be le matla holima batho.

Setśoantśo
Sehlopha sa banna sea rapela

Ba-Nefi ba neng ba batla ho boloka Parohane e le moahloli e moholo ba ne ba bitsoa ba tokoloho. Ba ne ba batla bolokolohi ba ho khetha kamoo ba phelang le ho khumamela.

Setśoantśo
Banna ba kena moleng ho khetha

Batho ba ile ba khetha pakeng tsa batho ba tokoloho le batho ba marena. Boholo ba bona bo ile ba khetha batho ba tokoloho.

Setśoantśo
Lebotho la Ba-Lamane

Ka nako eona eo, Amalickia o ne a ntse a bokella lebotho le leholo la Ba-Lamane ho tla hlasela Ba-Nefi.

Setśoantśo
ba marena

Ha batho ba marena ba utloa hore Ba-Lamane ba ea tla, ba ne ba thabile ´me ba hana ho thusa ho sireletsa naha ea bona.

Setśoantśo
Moroni o shebile ba marena

Molaoli Moroni o ne a halefetse batho ba marena ha ba sa loane. O ne a sebelitse ka thata ho boloka Ba-Nefi ba lokolohile.

Setśoantśo
Moroni o buisana le ´musi

O ile a kopa ´musi matla a ho qobella ba marena ho loana kapa ba bolaoe.

Setśoantśo
´Musi o buisana le Moroni

Ha ´musi, Parohane, a fa Moroni matla, Moroni o ile a etella lebotho la hae pele khahlanong le banna ba marena.

Setśoantśo
Ba-Nefi le Ba-Lamane ba a loantśana

Banna ba bangata ba marena ba ile ba bolaoa; ba bang ba ile ba koalloa chankaneng. Ba setseng ba ile ba lumela ho thusa ho sireletsa naha ea habo bona khahlanong le Ba-Lamane.

Hatisa