Scripture Stories
Khaolo ea 8: Ho Tśela Leoatle


“Khaolo ea 8: Ho Tśela Leoatle,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 23–24

“Khaolo ea 8,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 23–24

Khaolo ea 8

Ho Tśela Leoatle

Setśoantśo
Lelapa lea paka

Morena o ile a bolella Lehi hore a kene sekepeng seo ba se ahileng le lelapa la hae. Ba ile ba kena le litholoana, nama, le mahe a linot´si le lipeo tseo ba ilo li lema lefatśeng la pallo.

Setśoantśo
Sekepe sea sesa

Meea e matla e ile ea fokela sekepe ho leba lefats´eng la pallo.

Setśoantśo
Lamane le Lamuele ba fasa Nefi

Lamane, Lemuele, le ba bang ba ile ba qala ho ba khopo. Ha Nefi a ba bolella hore ba tlohele seo, ba ile ba halefa ´me ba mo fasa ka lithapo.

Setśoantśo
Sekepe ka har´a sefefo

Ka lebaka la bokhopo ba bona, Liahona e ile ea emisa ho sebetsa. Ba ne ba sa tsebe hore ba khannele sekepe hokae. Sefefo se tśabehang se ile sa fokela sekepe morao bakeng sa matsatsi a mararo.

Setśoantśo
Lehi le Saria

Lehi o ile a bolella Lamane le Lemuele ho tlamolla Nefi, empa ba se ke ba mo mamela. Lehi le Sariah ba ile ba koata hoo ba ileng ba kula.

Setśoantśo
batho ba ea ngangisana

Mosali oa Nefi le bana ba ile ba lla. Ba kopa Lamane le Lemuele ho tlamolla Nefi, empa bao ba latola.

Setśoantśo
sekepe sea teba

Ka letsatsi la bone sefefo sa mpefala. Sekepe se ne se le makhatheng a ho teba.

Setśoantśo
Lamane le Lemuele

Lamane le Lemuele ba ile ba tseba hore Molimo o romeletse sefefo seo. Ba ne ba tśohile hore ba tla khangoa ke metsi.

Setśoantśo
Nefi le lelapa

Qetellong Lamane le Lemuele ba ile ba baka ´me ba tlamolla Nefi. Leha e le hore manonyeletso a hae a matsoho le maqaqailana a ne a ruruhile ´me a le bohloko ke ho tlangoa ka lithapo, Nefi ha a ka a belaela.

Setśoantśo
Nefii o tśoere Liahona

Nefi o ile a nka Liahona ´me e ile ea sebetsa hape. Nefi o ile a rapela ´me moea oa thola. Leoatle la kokobela.

Setśoantśo
Nefi o qhoba sekepe

Nefi o ile a qhoba sekepe, ´me sa tsamaea hape se lebile lefatśeng la pallo.

Hatisa