Lipale tsa Mangolo a Halalelang
Khaolo ea 12: Morena Benjamine


“Khaolo ea 10: Morena Benjamene,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 27–29

“Khaolo ea 12,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 32–35

Khaolo ea 12

Morena Benjamine

Setśoantśo
Morena Benjamine oa ruta

Morena Benjamine e ne e le morena ea lokileng oa Ba-Nefi. Ka thuso ea banna ba bang ba lokileng, o ile a tlisa khotso naheng.

Setśoantśo
Morena Benjamine le Mosaia

Morena Benjamine o ile a tsofala ´me o ne a batla ho bua le sechaba sa hae. O ne a hloka ho ba bolella hore mora oa hae Mosaia e tla ba eena morena ea mo hlahlamang pusong.

Setśoantśo
Batho ba phuthehela tempeleng

Batho ba ile ba tla ho tsoa hohle naheng ´me ba khobokana pela tempele. Ba ile ba hloma litente tsa bona ka tsela eo menyako ea tsona e shebaneng le tempele.

Setśoantśo
Morena Benjamine oa bua

Morena Benjamine o ile a bua a eme toreng hore Ba-Nefi ba khone ho mo utloa.

Setśoantśo
Ba-Nefi

O ile a bolella batho ba hae hore o lekile ka matla ho ba sebeletsa. A re tsela ea ho sebeletsa Molimo ke ho sebeletsana.

Setśoantśo
Morena Benjamine

Morena Benjamine a bolella batho ho mamela litaelo tsa Molimo. Ba bolokang litaelo ka botśepehi ba tla thaba ´me ka letsatsi le leng ba tla phela le Molimo.

Setśoantśo
lesea Jesu le Maria

Morena Benjamine o ile a re Jesu Kreste o tla tsoaloa lefatśeng haufinyane. Lebitso la ´mae e tla ba Maria.

Setśoantśo
Jesu o etsa mehlolo

Jesu o tla etsa mehlolo. O tla folisa ba kulang ´me a tsose bafu ba phele hape. O tla etsa hore lifofu li bone le litholo li utloe.

Setśoantśo
Jesu oa rapela

Jesu o tla hlokofala ´me a shoele libe tsa batho bohle. Bao ba bakang ´me ba e ba le tumelo ho Jesu ba tla tśoareloa libe tsa bona.

Setśoantśo
Jesu oa thakhisoa

Morena Benjamine a bolella Ba-Nefi hore banna ba khopo ba tla otla Jesu. E be ba ea mo thakhisa.

Setśoantśo
Jesu o tsohile bafung

Kamora matsatsi a mararo Jesu o tla tsoha bafung.

Setśoantśo
Ba-Nefi ba ea baka

Kamora hore morena Benjamine a bue, Ba-Nefi ba ile ba oela fatśe. Ba ne ba soabetse libe tsa bona ´me ba batla ho baka.

Setśoantśo
Batho ba rapela

Batho ba ne ba na le tumelo ho Jesu Kreste, ´me ba ile ba rapella tśoarelo.

Setśoantśo
Ba-Nefi ba bososela

Moea o Halalelang o ile oa tlala lipelo tsa bona. Ba ne ba tseba hore Molimo o ba tśoaretse ´me o oa ba rata. Ba ile ba utloa khotso le nyakallo.

Setśoantśo
Morena Bejamine o bua le batho

Morena Benjamine o ile a bolella batho ba hae ho lumela ho Molimo. O ne a batla ba tsebe hore Molimo o hlotse lintho tsohle le hore o bohlale le ho tlala matla.

Setśoantśo
Lelapa lea rapela

Morena Benjamine a bolella batho hore ba be le boikokobetso ´me ba rapele letsatsi le leng le le leng. O ne a batla batho ba hae ba hopole Molimo kamehla ´me ba be le tumelo e tletseng.

Setśoantśo
Morena Benjamine oa bua

O ile a bolella batsoali ho se tlohelle bana ba bona ba loane kapa ho ngangisana.

Setśoantśo
Batsoali ba ruta bana

A ba bolella hore ba rute bana ba bona ho mamela le ho ratana le ho sebeletsana.

Setśoantśo
Ba-Nefi ba mamela Morena Benjamine

O ile a hlokomelisa batho ho ba hlokolosi ka seo ba se rutang, seo ba se buang le seo ba se etsang. Ba ne ba tśoanetse ho tśepahala ´me ba boloke litaelo bophelo bohle ba bona.

Setśoantśo
Morena Bejamine o bua le batho

Morena Benjamine a botsa batho hore na ba lumela lithutong tsa hae. Bohle ba re ba ea lumela. Moea o Halalelang o ne o ba fetotse, ´me ba ne ba se ba sa batle ho etsa libe.

Setśoantśo
Ba-Nefi ba bososela

Bohle ba ile ba etsa selekane , kapa ba tśepisa, ho boloka melao ea Molimo. Morena Benjamine o ne a thabile.

Setśoantśo
Morena Bejamine o hlohonolofatsa Mosaia

Morena Benjamine o ile a fa mora oa hae Mosaia tokelo ea ho ba morena e mocha. Lilemo tse tharo kamorao ho moo Morena Benjamine o ile shoa.

Setśoantśo
Mosaia oa sebetsa

Mosaia e ne e le morena ea lokileng. O ne a sebetsa ka thata ´me a sebeletsa batho ba hae, joalo ka ha ntata´e a ne a etsa.

Hatisa