Scripture Stories
Khaolo ea 19: Bara ba Mosaia ba Fetoha Barumuoa ba boruti lichabeng.


“Khaolo ea 19: Bara ba Mosaia ba Fetoha Barumuoa ba boruti lichabeng,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 53

“Khaolo ea19,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 53

Khaolo ea 19

Bara ba Mosaia ba Fetoha Barumuoa ba boruti lichabeng

Setśoantśo
Bara ba Mosaia ba bane

Mosaia o ne a na le bara ba bararo: Ammone, Aarone, Homnere, le Himni. Ba ne ba na le Alma e Monyenyane ha lengeloi le itlhahisa ho eena.

Setśoantśo
bara ba Mosaia

Bara ba Mosaia ba ne ba bakile libeng tsa bona ´me ba soabetse likhathatso tseo ba neng ba li entse. Ba ne ba tseba hore evangeli e ne e le ´nete, ´me ba ne ba batla ho e ruta ba bang.

Setśoantśo
Bara ba Mosaia ba bua

Bara bohle ba Mosaia ba ile ba hana ho ba marena. Ho feta moo, ba ne ba batla ho ba barumuoa ba boruti lichabeng ho Ba-Lamane ´me ba arolelane lihlohonolofatso tsa evangeli le bona.

Setśoantśo
Morena Mosaia oa rapela

Morena Mosaia o ile a rapella ho tseba hore a tlohelle bara ba hae ba tsamaee na. Molimo o ile a mo bolella hore a ba lumelle ba tsamaee, le hore ba tla sireletseha. Ba-Lamane ba bangata ba tla lumela molaetsa oa bona.

Setśoantśo
Bara ba bane ba a rapela

Bara ba Mosaia ba ile ba tsamaea ho ea ruta Ba-Lamane. Ba ile ba itima ´me ba rapela hore e be barumuoa ba boruti lichabeng ba lokileng.

Hatisa