Scripture Stories
Khaolo ea 16: Morena Limhi le Batho Ba Hae Ba Phonyoha


“Khaolo ea 16: Morena Limhi le Batho Ba Hae Ba Phonyoha,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 45–46

“Khaolo ea 16,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 45–46

Khaolo ea 16

Morena Limhi le Batho Ba Hae Ba Phonyoha

Setśoantśo
Ba-Lamane ba sheba batho ba har´a tśimo

Ba-Lamane ba ile ba tśoara Ba-Nefi ba bangata ba neng ba sa baleha le Morena Noah. Ba-Lamane ba ile ba tsamaea le bona ´me ba ba fa lefatśe empa ba ba lefisa lekhetho le boima.

Setśoantśo
Morena Limhi

Ba-Nefi ba ile ba etsa Limhi morena oa bona e mocha. Limhi e ne e le mora oa Morena Noah, empa o ne a se khopo joalo ka ntata´e. E ne e le monna ea lokileng.

Setśoantśo
Ba -Lamane ba otla Ba-Nefi

Morena Limhi o ile a leka ho etsa khotso le Ba-Lamane, empa ba ile ba tsoelapele ho lebela Ba-Nefi ´me ba le khopo ho bona.

Setśoantśo
Ba-Nefi e ba batśoaruoa

Ka letsatsi le leng Morena Limhi o ile a bona baeti ka ntle ho motse. O ile a ba hlahlela chankaneng. Baeti bana e ne e le Ba-Nefi ba tsoang Zarahemla.

Setśoantśo
Ammone o bua le Limhi

Moetapele oa bona o ne a bitsoa Ammone. Morena Limhi o ne a thabetse ho ´mona. O ne a tseba hore Ammone a ka thusa batho ba hae ho baleha ho Ba-Lamane.

Setśoantśo
Morena Limhi o bua le batho

Morena Limhi o ile a bitsa Batho ba hae ´moho. O ile a ba hopotsa hore libe tsa bona ke tsona lebaka la hore ebe ba tśoeroe ke Ba-Lamane.

Setśoantśo
Limhi oa bua

O ile a bolella batho ba hae ho baka, ba tśepe Molimo, ´me ba mamele melao. ´Me Molimo o tla ba thusa ho baleha.

Setśoantśo
Ba – Lamane ba a bua

Ba-Nefi ba ile ba ithuta hore Ba-Lamane ba neng ba lebela motse ba ne ba atisa ho taoa bosiu.

Setśoantśo
Ba- Nefi ba isetsa balebeli veine

Bosiung boo Morena Limhi a romela veine e ngatanyana ho balebeli e le mpho.

Setśoantśo
Limhi le batho ba hae ba phonyoha

Morena Limhi le batho ba hae ba ile ba khona ho feta feela balebeling ba neng ba tahiloe ´me ba phonyoha.

Setśoantśo
Batho ba amoheloa Zarahemla

Ammone o ile a etella pele Morena Limhi le batho ba hae lefelleng ho ea Zarahemla, moo ba fihlileng ba amoheloa.

Hatisa