Scripture Stories
Khaolo ea 54: Tśepiso ea Buka ea Mormone


“Khaolo ea 54: Tśepiso ea Buka ea Mormone” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 156

“Khaolo ea54,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 156

Khaolo ea 54

Tśepiso ea Buka ea Mormone

Setśoantśo
Moroni o ngola matlapeng

Pele Moroni a tsetela matlapa lekhetlo la ho qetela, o ile a ngolla Ba-Lamane le batho bohle ba tla bala lingoliloeng tseo tśepiso.

Setśoantśo
Moshanyana o bala mangolo a halalelang

O ile a bolella batho ho bala lingoliloeng, ba nahanisise ka tsona, ´me ba botse Ntate ea Maholimong hore na ke nnete.

Setśoantśo
Moshanyana o oa Rapela

Moroni o tśepisitse hore ha batho ba botsa ka ´nete, ba na le tumelo ho Kreste, Moea o Halalelang o tla ba thusa ho tseba hore lingoliloeng tsena ke tsa ´nete.

Setśoantśo
Moroni o ngola matlapeng

Moroni o ile a ngola hore ha batho ba baka, ba latela Jesu Kreste, ´me ba rata Ntate ea Maholimong, ba ka fihlela phetheho.

Setśoantśo
Moroni o tśoere matlapa a khauta

Ha Moroni a qetile ho ngola matlapeng a khauta, o ile a a pata ka har´a lebokose la majoe thabaneng ea Kumora ´me a koahela lebokose ka lejoe le leholo. Mosebetsi oa hae oa lefatśeng o ne o felile.

Hatisa