Lipale tsa Mangolo a Halalelang
Khaolo ea 49: Mormone le Lithuto tsa Hae


“Khaolo ea 49: Mormone le Lithuto tsa Hae,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 138–42

“Khaolo ea 49,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 138–42

Khaolo ea 49

Mormone le Lithuto tsa Hae

Setśoantśo
Lihlopha tse peli tsa banna

Lilemo tse ngata kamora hore Jesu Kreste a etele Ba-Nefi, sehlopha se senyenyane se ile sa tsoa Kereke ´me sa ipitsa Ba-Lamane.

Setśoantśo
Sehlopha sea bua

Qetellong ha batla batho bohle ba ba khopo, Ba-Nefi le Ba-Lamane.

Setśoantśo
Ammarone o pata lingoliloeng

Monna ea neng a lokile, Ammarone, o ne a ena le lingoliloeng tse halalelang. Moea o Halalelang o ile oa mo bolella hore a li pate hore li tle li bolokehe.

Setśoantśo
Ammarone o bua le Mormone ea Monyane

Ammarone o ile a bolella Mormone, moshanyana ea lilemo li 10, moo a patileng lingoliloeng tseo. Ammarone o ne a tseba hore a ka tśepa Mormone.

Setśoantśo
Ammarone le Mormone

Ha a le lilemo li 24, Mormone o ne a tlameha ho ea lata matlapa a Nefi ´me a ngole ho oona ka batho ba habo.

Setśoantśo
Ba-Nefi le Ba-Lamane ba ea loantśana

Ha Mormone a le lilemo li 11, ntoa e ile ea qaleha pakeng tsa Ba-Nefi le Ba-Lamane. Ba-Nefi ba ile ba hlola, ´me ha ba le khotso hape.

Setśoantśo
Batho ba noa

Empa Ba-Nefi ba ile ba eba khopo hoo Morena a ileng a nka barutuoa ba bararo, ho ileng ha felisa mehlolo le lipholiso. Moea o Halalelang o ne o se o sa tataise batho.

Setśoantśo
Mormone

Ha Mormone a le lilemo li 15, Jesu Kreste o ile a mo etela. Mormone o ile a ithuta haholo ka Molopolli le ho loka ha hae.

Setśoantśo
Mormone o shebile banna ba babeli

Mormone o ne a batla ho ruta batho, empa Jesu a mo bolella hore a se ke a etsa joalo hobane batho ba ne ba le khopo haholo. Lipelo tsa bona li ne li fetohetse khahlanong le Molimo.

Setśoantśo
Mormone e le moetapele oa sesole

Kapele ntoa e ngoe ea qala. Mormone o ne a shahlile a le matla, ´me Ba-Nefi ba mo khetha bo ba etella pele lebotho la bona.

Setśoantśo
Mormone o bua le lebotho

Ba-Nefi ba ile ba loantśa Ba-Lamane lilemo tse ngata. Mormone o ne a khothaletsa batho ba habo ho loanela malapa le mahae a bona.

Setśoantśo
ntoa

Ba-Nefi ba ne ba se ba le khopo,hoo, Morena a neng a se a sa ba thuse.

Setśoantśo
Mormone o bua le banna

Mormone o ile a bolella Ba-Nefi hore ba tla bolokeha ha feela ba ka baka ´me ba kolobetsoa. Batho ba ile ba hana.

Setśoantśo
Mormone o shebile lebotho

Ba ne ba ipolelisa ka matla a bona, ba re ba tla bolaea Ba-Lamane bohle. Ka lebaka la bokhopo ba Ba-Nefi,Mormone o ile a hana ho ba etella pele.

Setśoantśo
Mormone o eme le lebotho

Ba-Lamane ba ile ba qala ho hlola Ba-Nepfi ntoeng tsohle. Mormone o ile a etsa qeto ea ho etella Ba-Nefi pele hape.

Setśoantśo
Mormone o lutse

O ne a tseba hore ba-Nefi ba khopo ba ke ke ba hlola ntoeng. Ba ne ba sa bake kapa ho rapella thuso eo ba neng ba e hloka.

Setśoantśo
Mormone o koaholla lingoliloeng

Mormone o ile a nka lingoliloeng tsohle leralleng leo Ammarone a neng a li patile teng ´me a ngolla batho bao ka letsatsi le leng ba tlang ho bala lingoliloeng tseo.

Setśoantśo
Mormone le lingoliloemg tse halalelang

O ne a batla bohle, ho kenyelelitsoe le Ba-Juda, ho tseba ka Jesu Kreste, ho baka le ho kolobetsoa, le ho phela evangeli ´me ba hlohonolofale.

Setśoantśo
Mormone o ngola matlapeng a halalelang

Moea o Halalelang o ile oa nyenyeletsa Mormone ho beha matlapa a manyenyane a Nefi, a neng a ena le litśenolo tsa ho tla ha Kreste, le matlapa a Mormone.

Setśoantśo
Lebotho la Mormone

Mormone o ile a etella pele Ba-Nefi ho leba lefatśeng la Kumora, moo ba ileng ba itokisetsa ho loana le Ba-Lamane hape.

Setśoantśo
Mormone o tśoere matlapa

Mormone o ne a se a tsofala. O ne a tseba hore ena e tlo ba ntoa ea hae ea ho qetela. O ne a sa batle hore Ba-Lamane ba fumane lingoliloeng tse halalelang ´me ba li senye.

Setśoantśo
Mormone o fa Moroni matlapa

´Me o ile a fa mora oa hae, Moroni, matlapa a Mormone ´me a tsetela a mang ohle leralleng la Kumora.

Setśoantśo
Ba-Nefi ba shoa

Ba-Lamane ba ile ba bolaea bohle ntle le Ba-Nefi ba 24. Mormone o ne a lemetse.

Setśoantśo
Mormone a lemetseng

Mormone o ne a hloname hore Ba-Nefi ba bangata ba ne ba shoele, empa o ne a tseba hore ke hobane ba ne ba fetohetse Jesu.

Setśoantśo
Jesu Kreste

Mormone o ne a lekile ho ruta Ba-Nefi ´nete. O ne a ba boleletse hore na ho bohlokoa ha kakang ho ba le tumelo ho Jesu Kreste.

Setśoantśo
Mormone oa ruta

O ne a lekile ho ba ruta ho ba le tśepo ka Sehlabelo sa Jesu Kreste le ho ba le lerato, e leng lerato le hloekileng la Jesu Kreste.

Setśoantśo
Mormone o ngola mangolo

´Me Mormone o ne a ngoletse mora oa hae mangolo, Moroni, eo le eena a ileng a ruta Ba-Nefi evangedi.

Setśoantśo
Moroni o bala lengolo

Mormone o ile a ngola ka bokhopo bo tśabehang ba Ba-Nefi. O ile a bolella Moroni ho lula a ts´epahetse ho Jesu Kreste.

Setśoantśo
Mormone o a bolaoa

Ba-Lamane ba ile ba bolaea Mormone le Ba-Nefi bohle ntle le Moroni, ea ileng a qetela ho ngola lingoliloeng.

Hatisa