Lipale tsa Mangolo a Halalelang
Khaolo ea 46: Jesu Kreste o Ruta le Ho Rapela le Ba-Nefi


“Khaolo ea 46: Jesu Kreste o Ruta le Ho Rapela le Ba-Nefi,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 128–30

“Khaolo ea 46,” Lipale tsa Buka ea Mormone 128–30

Khaolo ea 46

Jesu Kreste o Ruta le Ho Rapela le Ba-Nefi.

Setśoantśo
Batho ba tsamaea bosiu

Ba-Nefi ba ileng ba bona Jesu Kreste ba ile ba bolella metsoalle ea bona hore o tla khutla letsatsi le hlahlamang. Batho ba bangata ba ile ba sebetsa ka thata ho ea fihla moo Jesu a tla ba hona teng.

Setśoantśo
Batho ba rapela

Letsatsi le hlahlamang Nefi le barutuoa ba bang ba ile ba ruta sehlopha se neng se bokane. Barutuoa ba ile ba rapela hore ba fumane Moea o Halalelang.

Setśoantśo
Barutuoa ba ea kolobetsoa

Nefi o ile a kena ka metsing ´me a kolobetsoa. Eaba o kolobetsa barutuoa ba bang.

Setśoantśo
Mangeloi a tsoang maholimong

Kamorao ho hore ba kolobetsoe, ba ile ba fumana Moea o Halalelang. Mollo o ile oa bonahala o ba potapotile, ´me mangeloi a ile a theoha maholimong ´me a ba sebeletsa.

Setśoantśo
Jesu le mangeloi

Ha mangeloi a ntse a ena le barutuoa, Jesu o ile a fihla a ema har´a bona.

Setśoantśo
Ba-Nefi ba a rapela

Kreste o ile a bolella Ba-Nefi ho khumama fatśe. O ile a bolella barutuoa ba hae hore ba rapele.

Setśoantśo
Jesu o oa rapela

Ha ba ntse ba rapela, Jesu o ile a leba sebakana ho batho ´me a khumama ´me a rapela ho Ntate a Maholimong.

Setśoantśo
Jesu o oa rapele

Jesu o ile a leboha Ntate ea Maholimong ka ho fa barutuoa ba hae Moea o Halalelang. Eaba o kopa hore Moea o Halalelang o fuoe bohle ba lumelang mantsoe a barutuoa ba hae.

Setśoantśo
Jesu o hlohonolofatsa barutuoa

Jesu o ile a hlohonolofatsa barutuoa ba hae ha ba ntse ba rapela. O ile a bososela le bona ´me ba ile ba eba basoeu joaloka sefahleho le liaparo tsa hae.

Setśoantśo
Jesu o rapela le barutuoa

Jesu o ile a boela a rapella barutuoa ba hae. O ne a thabile ke tumelo ea bona e matla.

Setśoantśo
Jesu o bua le batho

Kreste o ile a bolella batho hore ba emise ho rapela empa ba tsoele pele ho rapella ka lipelong tsa bona. Eaba o ba fa selallo.

Setśoantśo
Jesu o hlohonolofatsa bohobe

Ho ne ho sena motho ea tlileng le bohobe kapa veine, empa Mopholosi o ile a fana ka tsona ka tsela ea mohlolo.

Setśoantśo
Joseph Smith o tśoere mangolo a halalelang

Jesu Kreste o ile a bolella Ba-Nefi hore evangeli ea hae e tla khutlela lefatśeng matsatsing a ho qetela.

Setśoantśo
Kreste o bua le Nefi

O ile a ba bolella hore ba ithute mangolo a halalelang, ´me o ile a etsa hore Nefi a ngole ka har´a lingoliloeng phethahatso ea litśenolo tsa Samuele oa Mo-Lamane.

Setśoantśo
Jesu o ruta hotsoa mangolong a halalelang

Eaba Jesu o ruta batho ho tsoa ka mangolong a halalelang. O ile a ba bolella hore ba rutane lintho tseo a ba rutileng tsona.

Setśoantśo
Nefi o oa kolobetsa

Jesu o ile a khutlela maholimong, ´me barutuoa ba hae ba ile ba ruta batho. Bao ba neng ba lumela ba ile ba kolobetsoa ´me ba fumana Moea o Halalelang.

Setśoantśo
Ba-Nefi ba roetse mekopu

Ba-Nefi ba ile ba qalella ho mamela litaelo tsohle.

Hatisa