Lipale tsa Mangolo a Halalelang
Khaolo ea 18: Alma e Monyenyane oa Baka


“Khaolo ea 18: Alma e Monyenyane oa Baka,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 49–52

“Khaolo ea 18,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 49–52

Khaolo ea 18

Alma e Monyenyane oa Baka

Setśoantśo
Alma o bea batho ba bang matsoho

Morena Mosaia o ile a etsa Alma moetapele oa Kereke e Zarahemla. Alma o ile a khetha banna ba bang ho mo thusa ho ruta Ba-Nefi.

Setśoantśo
Balumeli ba hlorisoa

Alma le Morena Mosaia ba ne ba tśoenyehile hobane ba sa lumeleng ba ne ba sotla litho tsa kereke ka lebaka la tumelo ea bona.

Setśoantśo
Alma e Monyenyane

Alma o ne a na le mora ea neng a bitsoa Alma. Alma e Monyenyane o ne a sa lumele ho lithuto tsa ntata´e ´me a fetoha monna ea khopo.

Setśoantśo
Alma e Monyenyane le bara ba Morena Mosaia

Alma e Monyenyane le bara ba bane ba Morena Mosaia ba ne ba loana khahlonong le Kereke. Ba ile ba khothaletsa batho ba bangata ho tsoa Kereke ´me ba fetohe ho ba ba khopo.

Setśoantśo
Alma o oa rapela

Alma o ile a rapela hore mora oa hae a ke a ithute ´nete ´me a bake.

Setśoantśo
Alma e Monyenyane le bara ba Morena Mosaia

Alma e Monyenyane le bara ba Morena Mosaia ba ile ba tsoela pele ho leka ho senya kereke.

Setśoantśo
Lengeloi le itlhahisa bathong

Ka letsatsi le leng lengeloi la itlhahisa ho bona. Lengeloi le ile la bua ka lentsoe le ileng la tsitsinya lefatśe.

Setśoantśo
Bahlankana ba tśosoa ke lengeloi

Bahlankana bana ba bahlano ba ile ba tśoha hoo ba ileng ba oela fatśe. Qalong ba ne ba sa utloisisi seo lengeloi le neng le se bua.

Setśoantśo
Lengeloi le bua le Alma e Monyenyane

Lengeloi le ne le tlile e le karabo ea lithapelo tsa litho tsa Kereke. Lengeloi le ile la botsa Alma e Monyenyane hore ke hobaneng a ne a loana khahlanong le kereke.

Setśoantśo
Alma e Monyenyane

Lefatśe le ile la sisinyeha ha lengeloi le bolella Alma e Monyenyane hore a tlohele ho leka ho senya kereke.

Setśoantśo
Bashanyana ba oela fatśe

Alma e Monyenyane le bara ba Mosaia ba ile ba oela fatśe hape. Ba ne ba bone lengeloi, ´me ba ne ba tseba hore matla a Molimo ke oona a sisintseng lefatśe.

Setśoantśo
Alma e Monyenyane o fatśe

Alma e Monyenyane o ile a makala hoo a ileng a sitoa ho bua. O ile a felloa ke matla hoo a neng a sitoa le ho tsamaisa matsoho.

Setśoantśo
Alma e Monyenyane oa jaruoa

Bara ba Mosaia ba ile ba isa Alma e Monyenyane ho ntata´e ´me ba mo bolella tsohle tse ba etsahaletseng.

Setśoantśo
Alma o oa rapela

Alma o ne a thabile. O ne a tseba hore Molimo o arabile lithapelo tsa hae.

Setśoantśo
Alma e Monyenyane o malaong

Alma o ile a bitsa batho ba bangata ´moho ho tla bona seo Morena a se entseng ho mora oa hae le bara ba Mosaia.

Setśoantśo
Alma o hlohonolofatsa mora oa hae

Alma, ´moho le baetapele ba bang ba Kereke, ba ile ba itima lijo ba rapela ´me ba kopa Molimo a thuse Alma e Monyenyane ho matlafala hape.

Setśoantśo
Alma e Monyenyane o bua le ntata´e

Kamora matsatsi a mabeli le masiu, Alma e Monyenyane o ile a khona ho bua le ho sisinyeha.

Setśoantśo
Alma e Monyenyane o bua le ba bang

O ile a bolella batho hore o bakile libeng tsa hae ´me Molimo o mo tśoaretse.

Setśoantśo
Alma e Monyanyane o oa ruta

O ile a ruta hore motho e mong le e mong o tlamea ho fetoha motho ea lokileng hore a tsebe ho kena ´musong oa Molimo. O ile a boela a ba bolella ka bohlokohali boo a bo utloileng ka lebaka la libe tsa hae.

Setśoantśo
Alma e Monyenyane

Alma e Monyenyane o ne a thabile hobane o ne a bakile ´me Molimo a mo tśoaretse. O ne a tseba hore Molimo o ea mo rata.

Setśoantśo
Banna ba ea ruta

Alma e Monyenyane le bara ba Morena Mosaia ba ile ba qalella ho ruta ´nete lefatśeng leo ka bophara, ba bolella bohle ka tseo ba ileng ba li bona le ho li utloa.

Setśoantśo
Alma e Monyenyane o ruta batho

Ba ne ba leka ho etsolla bobe boo ba neng ba ile ba bo etsa. Ba ne ba hlalosa mangolo a halalelang ho batho ´me ba ba ruta ka Jesu Kreste.

Setśoantśo
Alma e Monyenyane o kolobetsa ba bang

Molimo o ile a hlohonolofatsa Alma e Monyenyane le bara ba Mosaia ha ba ntse ba ruta evangeli. Batho ba bangata ba ile ba ba mamela ´me ba lumela.

Hatisa