Lipale tsa Mangolo a Halalelang
Khaolo ea 13: Zeniffe


“Khaolo ea 13: Zeniffe,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 36–37

“Khaolo ea 13,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 36–37

Khaolo ea 13

Zeniffe

Setśoantśo
Ba-Nefi ba tsamaea

Zeniffe le sehlopha sa Ba-Nefi ba ile ba siea mahae a bona Zarahemla ´me ba tsamaea ho leba lefats´eng la Nefi, moo ba-Nefi ba bang ba kileng ba phela teng.

Setśoantśo
Ba-Nefi ba bua le Morena Lamane

Ba ile ba fumana Ba-Lamane ba phela moo. Zeniffe le banna ba habo ba bane ba ile ba kena kahare ho motse ho ea bua le morena. Ba ile ba kopa morena Lamane hore na ba ka phela naheng eo ea hae.

Setśoantśo
Morena Lamane

Morena Lamane a re ba ka nka metse e ´meli ea hae. Morena o ne a batla hore ba phele naheng ea hae hore a tle a tsebe ho ba etsa makhoba.

Setśoantśo
Ba-Nefi ba ea jala

Batho ba habo Zeniffe ba ile ba aha mahae ´me ba lokisa marako a neng a potapotile metse ea bona. Ba ile ba lema mefuta e mengata ea lijo-thollo le litholoana. Ba ne ba na le mehlape e mengata ea liphoofolo.

Setśoantśo
Ba-Lamane ba hlasela Ba-Nefi

Morena Lamane o ile a bolella batho ba hae hore Ba-Nefi ba ne ba se ba eba matla haholo. Haufinyane Ba-Lamnite ba bangata ba ile ba ea ho hlasela Ba-Nefi ´me ba utsoa liphoofolo le lijalo tsa bona.

Setśoantśo
Ba-Nefi ba ea baleha

Ba-Nefi ba ile ba balehela motseng oa Nefi. Moo teng Zeniffe o ile a hlomella batho ba habo ka metsu le liqha, li sabole, li koakoa le matjeketjane. Ba ile ba ea ho loantśa Ba-Lamane.

Setśoantśo
Ba-Nefi ba ea rapela

Pele ba loana, Ba-Nefi ba ile ba rapela, ba kopa Molimo thuso. Molimo o ile a hlohonolofatsa Ba-Nefi ka matla a eketsehileng, ´me ba ile a hlola Ba-Lamanite.

Setśoantśo
Molebeli le linku

Kamorao ho ntoa Zeniffe o ile a beha balebeli ho potoloha metse ea Ba-Nefi. O ne a batla ho sireletsa batho ba habo le liphoofolo tsa bona ho Ba-Lamane.

Setśoantśo
Basali ba loha

Ba-Nefi ba ile ba phela ka khotso ka lilemo tse ngata. Banna ba ne ba sebetsa masimong, ´me basali ba ne ba hohla khoele ´me ba etsa liphahlo.

Setśoantśo
ntoa

Morena Lamane o ile a shoa ´me mora oa hae a fetoha morena. Morena e mocha o ile a romela lebotho la hae ho ea loants´a Ba-Nefi.

Setśoantśo
Ba-Nefi ba shebile Ba-Lamane

Ba-Nefi ba ile ba fumana hape matla a tsoang ho Molimo. Ba ile ba bolaea Ba-Lamane ba bangata, ´me ba setseng ba ile ba baleha.

Hatisa