Lipale tsa Mangolo a Halalelang
Khaolo ea 25: Aarone O Ruta Ntate oa Morena Lamoni


“Khaolo ea 25: Aarone Kopana le Ntate oa Morena Lamoni,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 71–72

“Khaolo ea 25,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 71–72

Khaolo ea 25

Aarone O Ruta Ntate oa Morena Lamoni

Setśoantśo
Aarone le balekane ba hae ba kena leetong

Moea o ile oa tataisa Aarone le balekane ba hae ho ea lefatśeng la Nefi ho ea ruta ntate oa Lamoni, morena oa Ba-Lamane bohle.

Setśoantśo
Aarone o bua le morena

Aarone o ile a bollela morena hore ke moena oa Ammone. Morena o ne a ntse a nahana ka mosa oa Ammone le ka tseo Ammone a neng a buile ka tsona.

Setśoantśo
Aarone o bua le morena

Aarone o ile a botsa morena hore na o lumela ho Molimo. Morena o ile a re ha a tsebe hantle empa o tla lumela ha Aarone a ka re Molimo o teng. Aarone o ile a bolella morena hore Molimo o oa phela.

Setśoantśo
Aarone o balla morena mangolo a halalelang

Aarone o ile a balla morena mangolo a halalelang. O ile a mo ruta ka popo ea lefatśe,Ho oa ha Adama, le ka mosebetsi oa evangeli oa Jesu Kreste.

Setśoantśo
Morena o bua le Aarone

Morena o ile a botsa hore na o tśoanetse ho etsa eng ho fumana Moea o Halalelang ´me a itokisetse ho ea phela le Molimo. Morena o ne a ikemiselitse ho etsa tsohle, le ha e le ho nehelana ka ´muso oa hae.

Setśoantśo
Aarone o bua le morena

Aarone o ile a bolella morena hore o hloka ho bakela libe tsa hae kaofela. O ne a hloka ho rapela ´me a be le tumelo ho Molimo.

Setśoantśo
Morena oa rapela

Morena o ile a rapella ho tseba hore na e fela Molimo a le teng na. O ile a re o tla bakela libe tsohle tsa hae.

Setśoantśo
Morena o fatśe

Morena o ile a oela fatśe ´me a shebahala e ka o shoele. Ha mofumahali a ´mona, o ile a nahana hore Aarone le metsoalle ea hae e mo bolaile.

Setśoantśo
mofumahali o laela basebeletsi

Mofumahali o ile a laela basebeletsi ba hae ho bolaea Aarone le balekane ba hae, empa basebeletsi ba ne ba tśaba ho etsa joalo. O ile a ba romela ho ea batla batho ba tla etsa joalo.

Setśoantśo
Aarone o laela morena ho phahama

Pele sehlopha se seholo sa batho se ka bokana ´me sa qala khathatso, Aarone o ile a tśoara letsoho la morena ´me a mo bolella hore a phahame. Morena o ile a phahama.

Setśoantśo
Morena o khothatsa mosali

Morena o ile a kokobetsa matsoalo a mosali oa hae le basebeletsi ´me a ba ruta evangeli. Bohle ba ile ba lumela ho Jesu Kreste.

Hatisa