Lipale tsa Mangolo a Halalelang
Khaolo ea 50: Ba-Jerede Ba Tloha Babele


“Khaolo ea 50:Ba-Jerede Ba Tloha Babele Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 143–44

“Khaolo ea 50,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 143–44

Khaolo ea 50

Ba-Jerede Ba Tloha Babele

Setśoantśo
Jerede le moholoane oa hae ba a bua

Jerede le Moholoane oa hae e ne e le banna ba lokileng ba neng ba phela motseng o neng o bitsoa Babele. Ba phetse makholo a lilemo pele ho Ba-Nefi.

Setśoantśo
Batho ba khopo Babel

Boholo ba batho Babele ba ne ba le khopo. Ba ile ba aha tora ho leka ho ea maholimong. Morena o ile a halefa ´me a fetola puo ea bona.

Setśoantśo
Jerede o bua le moholoane oa hae

Jerede o ile a kopa moholoane oa hae ho rapela ´me a kope hore Morena a se fetole puo ea ba lelapa le metsoalle ea bona.

Setśoantśo
Moholoane oa Jerede o oa rapela

Moholoane oa Jerede o ile a rapela, ´me Morena a araba thapelo ea hae. Jarede, moholoane oa hae, le malapa a bona le metsoalle ba ne ba ntse ba utloana.

Setśoantśo
Jerede le ba lelapa la hae ba a tloha

Morena o ile a bolella moholoane oa Jerede ho bokella lelapa labo le metsoalle ´me ba tlohe lefatśeng leo. Ba ile ba nka liphoofolo le lipeo tsa mefuta eohle.

Setśoantśo
Ba-Jerede ba kena leetong

Morena o ile a re o tla lebisa Ba-Jarede lefatśeng la pallo.

Setśoantśo
Ba-Jarede

Ba-Jerede ba ile ba tśoara linonyana le litlhapi hore ba tsamaee ka tsona.

Setśoantśo
Mahe a Linotśi

Ba ile ba nka le mahe a linotśi

Setśoantśo
Ba-Jerede ba kena leetong

Ba-Jerede ba ile ba tsamaea lefelleng. Molimo o ile a bua le bona ho tsoa lerung ´me a ba bolella hore ba tsamaee le kae.

Setśoantśo
Ba-Jarede

Morena o ile a re batho ba phelang lefatśeng la pallo ba tlameha ho sebeletsa Molimo kapa ba tla timetsoa.

Setśoantśo
Ba-Jerede ba phela lebopong la leoatle

Ha Ba-Jerede ba fihla lebopong la leoatle, ba ile ba hloma litente tsa bona. Ba ile ba phela pela leoatle lilemo tse nne.

Hatisa