Lipale tsa Mangolo a Halalelang
Khaolo ea 20: Alma le Nehore


“Khaolo ea 20: Alma le Nehore,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 54–55

“Khaolo ea 20,” Lipale tsa Buka ea Mormone 54–55

Khaolo ea 20

Alma le Nehore

Alma e Monyenyane le ba bang

Pele Morena Mosaia a shoa, o ile a khetha baahloli ho etella sechaba pele. Alma e Monyenyane e ile ea eba eena Moahloli oa pele e moholo. E ne e boetse e le moeta pele oa Kereke.

Nehore o ruta mashano

Monna e mong, oa senatla ea matla ea neng a bitsoa Nehore a qala ho ruta mashano. O ne a re batho bohle ba tla pholosoa hore na ba lokile kapa ba fosahetse. Batho ba bangata ba ile ba kholoa Nehore.

Gideone le Nehore

Nehore o ne a ruta khahlanong le Kereke ea Molimo, empa monna ea lokileng ea neng a bitsoa Gideone o ile a e sireletsa. Nehore o ne a ngangisana le Gideone, empa Gideone o ne a bua ka mantsoe a Molimo.

Nehore o bolaea Gideone

Nehore o ile a halefa ´me a hula sabole ea hae ´me a bolaea Gideone.

Nehore o nkuoa le ho isoa ho Alma

Nehore o ile a isoa ho Alma ho ea ahloloa. Nehore o ile a ipuella ka sebete.

Alma le Nehore

Empa Alma o ile a re Nehore o molato hobane o ne a ruta batho ho ba khopo ´me a le Gideone.

Alma

Alma a re Nehore o tlameha ho fuoa kotlo ea ho bolaea Gideone. Ho latela molao, Nehore o ne a tlameha ho bolaoa.

Nehore oa bolaoa

Nehore o ile a nkeloa leralleng le haufi ´me a bolaoa. Pele a shoa o ile a re tsohle tseo a neng a li rutile li ne li fosahetse. Empa batho ba bangata ba ne ba ntse ba khotsoe lithuto tse mpe tsa Nehore.

Batho ba songoa

Batho bana ba ne ba rata maruo ´me ba ne ba sa mamele melao ea Molimo. Ba ne ba etsa metlae ka litho tsa Kereke ´me ba ngangisana le ho ba loantśa.

Balekane ba songoa

Batho ba lokileng ba ile ba tsoelapele ho mamela melao ´me ba ne ba sa tletlebe le ha balateli ba Nehore ba ne ba ba utloisa bohloko.

banna ba arolelana

Litho tsa Kereke li ne li arolelana tsohle tseo ba nang le tsona le ba hlokang, ´me ba ne ba hlokomela ba kulang. Ba ne ba mamela melao ´me Molimo o ile a ba hlohonolofatsa.