Scripture Stories
Khaolo ea 43: Jesu Kreste o hlaha ho Ba-Nefi


“Khaolo ea 43: Jesu Kreste o hlaha ho Ba-Nefi,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 120–23

“Khaolo ea 43,” Lipale tsa Buka ea Mormone 120–23

Khaolo ea 43

Jesu Kreste o hlaha ho Ba-Nefi

Setśoantśo
Kopano ea Ba-Nefi

Ba-Nefi ba bangata ba ile ba bokellana tempeleng Bountiful. Ba ne ba makaletse liphetoho tse kholo lefatśeng leo.

Setśoantśo
Batho ba bua

Batho ba ne ba bua ka Jesu Kreste le matśoao a lefu la hae.

Setśoantśo
Batho ba utloa lentsoe le khutsitseng

Ha ba ntse ba bua, ba ile ba utloa lentsoe le bonolo ho tsoa maholimong. Le ile la etsa hore lipelo tsa bona li chesehe.

Setśoantśo
Monna o tśoere mosali

Qalong ba ne ba sa utloisisi lentsoe leo, empa ha le bua lekhetlo la boraro, ba ile ba le utloisisa.

Setśoantśo
Batho ba mametse

Lentsoe leo e ne ele la Ntate ea Maholimong. Le ne le tsebisa ka Jesu Kreste ´me la bolella batho hore ba mo mamele.

Setśoantśo
Jesu ka har´a batho

Jesu Kreste o ile a theoha maholimong ´me a ema har´a batho. Ba ne ba tśaba ho bua hobane ba ne ba sa utloisisi se etsahalang. Ba ne ba nahana hore Jesu ke lengeloi.

Setśoantśo
Jesu o bua le batho

O ile a ba bolella hore ke Jesu Kreste, eo baporofeta ba ileng ba re o tla tla.

Setśoantśo
Jesu le batho

Jesu o ile a bolella batho ho tla ´me ba utloe matheba lehlakoreng la hae le matsohong le maotong, moo a neng a kokoteletsoe sefapanong.

Setśoantśo
Jesu o lutse le bana

Jesu o ne a batla batho ba tsebe hore ke Molimo oa bona ´me o shoetse libe tsa bona.

Setśoantśo
Jesu le Ba-Nefi

Batho ka bo mong ba ile ba utloa matheba lehlakoreng, matsohong, le maotong a Jesu. Batho ba ile ba tseba hore ke Molopolli.

Setśoantśo
Batho ba rorisa Jesu

Eaba batho ba rorisa Jesu ´me ba khumama maotong a hae ba mo khumamela.

Setśoantśo
Jesu o fa banna boprista

Jesu o ile a bitsa Nefi le banna ba bang ba leshome le motso o mong. O ile a ba fa matla a boprista ´me a ba ruta tsela e nepahetseng ea ho kolobetsa.

Setśoantśo
Jesu o ruta batho

O ile a bolella Ba-Nefi ho lumela ho eena, ho baka, le ho boloka melao. Ha ba sa etse joalo, ba ke ke ba kena ´musong oa hae.

Setśoantśo
Jesu o ruta batho

O ile a ruta Ba-Nefi ho rapela ho Ntate ea Maholimong. O ile a boela a ba ruta ka ho itima ´me a re ba tla tśoareloa ha ba ka tśoarelana.

Setśoantśo
Jesu o ruta batho

Kamora ho ruta batho lintho tse ngata, Jesu o ile a ba bolella hore ba ee hae ´me ba nahane le ho rapela ka tseo a li buileng.

Setśoantśo
Ba-Nefi ba lla

Ba-Nefi ba ile ba qalella ho lla. Ba ne ba sa batle ha Jesu a tsamaea nakong eo.

Setśoantśo
Jesu o ruta batho

Jesu o ne a rata Ba-Nefi. O ile a ba bolella hore ba tlise batho ba kulang le ba lemetseng ho eena hore a tlo ba folisa.

Setśoantśo
Jesu o folisa ngoana

Jesu o ile a folisa batho bao. Bohle ba ile ba inama ´me ba mo khumamela.

Hatisa