Lipale tsa Mangolo a Halalelang
Khaolo ea 41: Matśoao a Tsoalo ea Kreste


“Khaolo ea 41: Matśoao a Tsoalo ea Kreste,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 114–16

“Khaolo ea 41,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 114–16

Khaolo ea 41

Matśoao a Tsoalo ea Kreste

Setśoantśo
Nefi o fa mora oa hae lingoliloeng

Nefi, mora oa Helamane, o ile a fa lingoliloeng tse halalelang le mangolo a halalelang ho mora oa hae e moholo, Nefi.

Setśoantśo
Batho ba bua

Ba-Nefi ba ile ba bona matśoao a maholo le mehlolo eo baporofeta ba neng ba ile ba re e tla etsahala pele ho tsoalo ea Jesu Kreste.

Setśoantśo
Banna ba a bososela

Empa Ba-Nefi ba bang ba ne ba re nako ea tsoalo ea Jesu e fetile. Ba ne ba tśeha ka bao ba neng ba ntse ba lumela tśenolo tsa Samuele oa Mo-Lamane.

Setśoantśo
Banna ba mamela monna-moholo

Batho ba neng ba lumela ho Jesu Kreste le ho baporofeta ba ne ba hloname ha ba nahana hore ho ka ba le ho hong ho ka sitisang litśenolo ho phethahatsoa.

Setśoantśo
Lelapa le sheba holimo

Batho ba ile ba lebella ka tśepo ka bosiu bo se nang ho ba lefifi, e leng letśoao la hore Jesu Kreste o tla tsoaloa.

Setśoantśo
Banna ba ea rera

Ba neng ba sa lumele ho Jesu Kreste ba ile ba khetha letsatsi leo ba tlang ho bolaea balumeli haeba letśoao leo le so etsahale.

Setśoantśo
Nefi

Nefi o ne a hloname ka lebaka la bokhopo ba bao ba neng ba sa lumele ho Mopholosi.

Setśoantśo
Nefi oa rapela

Nefi o ile a rapela letsatsi lohle bakeng sa batho ba neng ba tla bolaoa.

Setśoantśo
Nefi

Morena o ile a tśelisa Nefi ´me a mo bolella hore ha hona ho ba lefifi bosiung boo. Jesu o tla tsoaloa letsatsing le hlahlamang Bethelehema.

Setśoantśo
Lelapa le shebile letsatsi ha le likela

Bosiung boo letsatsi le ile la likela, empa ha ho ka ha ba lefifi. Letśoao la tsoalo ea Jesu le ile la fihla. Batho ba ne ba maketse.

Setśoantśo
Banna ba khopo ba fatśe

Bao ba neng ba rerile ho bolaea balumeli ba ile ba oela fatśe ´me ba shebahala e ka ba shoele.

Setśoantśo
Banna ba babeli

Ba ne ba ts´ohile hobane ba ne ba bile khopo. Joale ba ne ba tseba hore Molopolli o tla tsoaloa ´me baporofeta ba ne ba nepile.

Setśoantśo
Bahlabani ba naheng

Ho ile ha khanya bosiu bohle. Ha letsatsi le chaba hoseng ho hlahlamang, batho ba ne ba tseba hore Jesu Kreste o tla tsoaloa tsatsing leo. Boporofeta bo ne bo phethahalitsoe.

Setśoantśo
Banna ba bona naleli e ncha

Naleli e ncha e ile ea hlaha leholimong, joalo ka ha baporofeta ba ne ba boletse hore ho tla etsahala.

Setśoantśo
Mosali le monna ba sheba holimo

Satane o ile a nna a leka ho etsa hore batho ba se lumele matśoao ao ba a boneng, empa boholo bo ile ba lumela.

Setśoantśo
Nefi o kolobetsa monna

Nefi le baetapele ba bang ba Kereke ba ile ba kolobetsa bohle ba neng ba lumela ´me ba bakile.

Setśoantśo
Batho teropong

Ho ne ho na le litaba tse monate lefatśeng leo hobane mantsoe a baporofeta a ne a phethahalitsoe. Jesu Kreste o ne a tsoetsoe.

Hatisa