Lipale tsa Mangolo a Halalelang
Khaolo ea 40: Samuele oa Mo-Lamane O Bolela Ka Jesu Kreste


“Khaolo ea 40: Samuele oa Mo-Lamane O Bolela Ka Jesu Kreste ,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 111–13

“Khaolo ea 40,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 111–13

Khaolo ea 40

Samuele oa Mo-Lamane o Bolela ka Jesu Kreste

Setśoantśo
Ba-Lamane ba ea tsamaea

Ba-Lamane ba ne ba mamela melao. Ba ile ba loka ho feta Ba-Nefi.

Setśoantśo
Samuele o ruta Ba-Nefi

Samuele, moporofeta oa Mo-Lamane, o ile a ea Zarahemla ho ea ruta Ba-Nefi ba khopo. O ile a ba bolella hore ba bake.

Setśoantśo
Samuele o baleha balebeli ba Ba-Nefi

Ba-Nefi ba ile ba leleka Samuele motseng, ´me o ile a qalella ho khutlela lefatśeng la habo.

Setśoantśo
Samuele oa rapela

Empa Morena o ile a bolella Samuele ho khutlela Zarahemla ´me a bolelle batho lintho tseo Morena a tlang ho li kenya pelong ea hae.

Setśoantśo
Samuele o ruta a le lerakong

Ba-Nefi ba ile ba hana ho lumella Samuele ho kena motseng, ´me o ile a hloella tlhorong ea lerako la motse ´me a ruta ho tsoa moo.

Setśoantśo
Batho ba mametse Samuele

O ile a senola hore Ba-Nefi ba tla timetsoa lilemong tse makholo a mane ntle le haeba batho ba ka baka ´me ba ba le tumelo ho Jesu Kreste.

Setśoantśo
Samuele oa bua

Samuele o ile a bolella Ba-Nefi hore Jesu Kreste o tla tsoaloa lilemong tse hlano ´me o tla lopolla bohle ba lumelang ho eena.

Setśoantśo
Naleli e ka holimo ho Bethlehema

Samuele o ile a ba bolella ka matśoao a tsoalo ea Jesu. Naleli e ncha e tla hlaha, ´me bosiu ba pele Jesu a tsoaloa ha bo na ho ba lefifi.

Setśoantśo
Banna ba lutse lefifing

Eaba Samuele o ba bolella ka matśoao a lefu la hae. Ho tla ba le matsatsi a mararo a lefifihali; letsatsi, khoeli, le linaleli ha li na ho khanya.

Setśoantśo
Lehalima le otla meaho

Ho tla boela ho be le letolo le lehalima le ho sisinyeha ha lefatśe. Lithaba li tla pshatleha, ´me metse e mengata e tla timetsoa.

Setśoantśo
Ba-Nefi ba bua le Nefi

Ba-Nefi ba bang ba ile ba lumela Samuele ´me ba bakela libe tsa bona. Ba ile ba batla Nefi, Mo-Nefi ea lokileng ea ka ba kolobetsang.

Setśoantśo
Batho ba thunya Samuele ka litsenene

Ba bang ba Ba-Nefi ha ba ka ba kholoa Samuele. Ba ile ba mo betsa ka majoe le ho mo betsa ka metsu. Empa Morena o ile a mo sireletsa, ´me ha ho majoe kapa litsenene tse ileng tsa mo otla.

Setśoantśo
Ba-Nefi ba thunya litsenene

Ha batho ba bona hore ba ke se mo otle, ba bangata ba ile ba mo kholoa ´me ba ea ho Nefi ho ea kolobetsoa.

Setśoantśo
Nefi o kolobetsa monna

Nefi o ile a boela a ruta batho ka Jesu. O ne a batla hore ba lumele ho Jesu, ba bake, ´me ba kolobetsoe.

Setśoantśo
Banna ba palama li leri

Boholo ba Ba-Nefi, le ha hole joalo, ba ne ba sa kholoe Samuele. Ba ile ba leka ho mo tśoara.

Setśoantśo
Samuele o tlola lebota

Samuele o ile a qhoma lerakong ´me a balehela naheng ea habo.

Setśoantśo
Samuele o ruta Ba-Lamane

Samuele o ile a qala ho ruta Ba-Lamane. Ha a ka a hlotse a utloahala har´a Ba-Nefi.

Hatisa